2017
Matla a Boprista atlang ka ho Boloka Dilekane
Phuptjane 2017


Molaetsa wa Thuto ya Ketelo, Phupjane 2017

Matla a boporista a tlang ka ho Boloka Dilekane

Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ho utlwisisa morero wa Mokgatlo wa Thekolohelo ho ka thusa boitokisetso ba baradi ba Modimo bakeng la ditlhohonolofatso tsa bophelo ba bosafeleng jwang?

Setśoantśo
Relief Society seal

Tumelo Lelapa Thekolohelo

“Molaetsa wa ka ho … bohle ke hore re ka phela hora e nngwe le e nngwe ‘re hlohonolofaditswe ke matla a boporista,’ ho sa tsotellehe maemo a rona,” ho bolela Moholo Neil L. Anderson wa Kopano ya Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi.

“… Ha o ntse o nka karolo o hlwekile mesebetsing ya evangedi ya boporista, Morena o tla o nea matla a maholo, kgotso le ponelo-pele ya bosafeleng. Ho sa tsotellehe hore maemo a hao ke afe, lelapa la hao le tla hlohonolofatswa ka matla a boporista bo matla.”1

Re ka memela jwang matla a boporista maphelong a rona? Moholo M. Russell Ballard wa Kopano ya Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi o re hopotsa hore “bao ba keneng metsing a kolobetso mme ka baka leo hamorao ba amohela mpho tsa bona ntlong ya Morena ba lokelwa ke dithlohonolofatso tse ruileng le tse ntle. Mpho ka ho otloloha ke mpho ya matla … [mme] Ntate wa rona ya Mahodimong o fana ka tsela e bulehileng ka matla a Hae.” O re hopotsa hore banna le basadi “ka bobedi ba fuwe matla a tshwanang” tempeleng, “ao a hlaloswang e le matla a boporista”2

Linda K. Burton, Moetapele wa Kakaretso Mokgahlong wa Thekolohelo, o boletse sena: “Jwale ka ha bohle re labalabela ho fumana matla a boporista malapeng le mahaeng a rona, ke eng seo re hlokang ho se etsa ho memela matla ao maphelong a rona? Ho ba le ho loka bothong ke se bohlokwa ho fumaneng matla a boporista.”3

“Ha re ithlahisa ka boikokobetso pela Morena mme re mo kopa ho re ruta, O tla re bontsha hore re ka eketsa jwang phihlello ya rona matleng a Hae,” ho boletse Moetapele Russell M. Nelson, Moetapele wa Kopano ya Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi.4

Mangolo a Halalelang a Tlatsetso le Thlahiso leseding

1 Nephi 14:14; Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 121:36; 132:20; reliefsociety.lds.org

Dingolwa

  1. Neil L. Andersen, “Power in the Priesthood,” Liahona, Pudungwana 2013, 92, 95.

  2. M. Russell Ballard, “Men and Women and Prieshood Power,” Liahona, Lwetse 2014, 36.

  3. Linda K. Burton, “Priesthood Power – Available to All,” Ensign, Phuptjane 2014, 39–40.

  4. Russell M. Nelson, “The Price of Priesthood Power,” Liahona, Motsheanong 2016, 69.

Hatisa