2017
Ho biletswa Mosebetsing
Phuptjane 2017


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Phupjane 2017

Ho biletswa Mosebetsing

Setśoantśo
Moetapele Thomas S. Monson

Ha Moporofeta Joseph Smith a biletsa Moholo Heber C. Kimball (1801–68) ho “bula lemati la pholoso” jwalo ka morumuwa Engelane, Moholo Kimball o ile a aparelwa ke maikutlo a ho haellwa.

“Oho Morena,” o ngotse, “Ke monna ya lehweleya, mme ka hohle-hohle ke mofokodi mosebetsing o tje ka ona.”

Moholo Kimball o ile a amohela pitso ena ho sa natsehe, a eketsa: “Mehopolo ena ha e ya ka ya nkgelosa tseleng ya tshebetso; motsotsong oo ke ileng ka utlwisisa thato ya Ntate waka ya Mahodimong, ke ile ka utlwa boikemisetso ba ho ya tobana le dikotsi tsohle, ke ena le tumelo e reng O tla ntshehetsa ka matla a Hae ohle, le ho nthlohonolofatsa ka tokelo/botshwanedi bohle boo ke bo hlokang.”1

Baena and dikgaitsedi tsa ka, lona ba bileditsweng ka botlalo mosebetsing wa borumuwa, le bileditswe tshebetsong hobane lona, jwalo ka Moholo Kimball, “le ena le tabatabelo ya ho ka sebeletsa Modimo” (DT&D 4:3) le hobane le itokisitse mme le kgethehile.

Lona balekane ba seng ba hotse, le bileditswe tshebetsong ka baka le tshwanang. Empa lona ha le tlisi feela tabatabelo ya ho sebeletsa empa le tlisa bohlale boo le bo unneng dinakong tsa boinehelo, lerato le boiphihlelo, tseo Ntata lona ya Mahodimong a ka di sebedisang ho ama dipelo tsa bara le baradi ba Hae ba batlanang le nnete. Ha kena pelaelo, le ithutile hore ha ho ka moo re ka ratang Morena ka nnete, ho fihlela re Mo sebeletsa ka ho sebeletsa ba bang.

Ditabatabelong tsa lona ho sebetsa jwalo ka barumuwa, le tla atisa tumelo le matla, sebete le boitshepo, ho tsitlallela le ho se sisinyehe, boikemisetso le boinehelo. Barumuwa ba inehetseng ba ka tlisa mehlolo tshimong ya tshebetso ya borumuwa.

Moetapele John Taylor (1808–87) o kgutsufaditse boleng bo bohlokwa boo barumuwa ba lokelang ho eba le bona ka tsela ena: “Mofuta wa banna[le basadi mmoho le ba balekane bao re ba hlokang ho eba batsamaisi ba molaetsa wa evangedi ke banna bao ba enang le tumelo ho Modimo, banna ba enang le tumelo bodumeding ba bona, banna ba hlomphang boporista ba bona; banna bao ho bona … Modimo a enang le tshepo. … Re hloka banna ba tletseng Moya o Halalelang mmoho le matla a Modimo[,] … banna ba hlompho, bonnete, ba enang le boleng le bohlweki.”2

Morena o phatlaladitse:

“Bona tshimo e tshweu mme e loketse ho ka kotulwa; mme he, ya helang ka sekele ya hae ka matla, ke eo ya jwalo ka ya behang polokelong hore a seke a timela, empa o tlisa pholoso moyeng wa hae;

“mme tumelo, tshepo, thekolohelo mmoho le lerato, le ka tjhebo e sa tloheng kgalalelong ya Modimo, o tshwaneleha ke tshebetso” (DT&D 4:4–5).

Pitso ya hao e tlile ka tshusumetso. Ke beha bopaki hore motho eo Modimo a mo fang pitso, Modimo o mo etsa a tshwanelehe. O tla fumantshwa thuso ya lehodimo ha o ntse o sebetsa tshimong ya Morena ka thapelo.

Tshepiso e ntle eo Morena a ileng a e neha barumuwa ba mehleng ya pele, jwalo ka ha e ngotswe ka hara Dithuto tsa Tumelo le Dilekane, e tlaba ya hao: “Ke tla etella pele sefahleho sa hao. Ke tla ba ka letsohong la hao le letona le le letshehadi, mme Moya wa ka o tla ba dipelong tsa lona, mme mangeloi aka a tla le potapota, a le sikare” (DT&D 84:88).

Ha o ntse o le tshebetsong, o tla aha mehopolo le botswalle bo ruileng ka hosafeleng. Ha ho tshimo eo ke e tsebang eo e hlahisang kotulo e nala ya thabo ho feta tshimo ya borumuwa.

Jwale, lentswe bakeng sa baholo, dikgaitsedi, mmoho le balekane, bao ka baka lefe kapa lefe ba kekeng ba phomella ho qetella tshebetso ya bona tshimong ya borumuwa: Morena O a le rata. O ananela sehlabelo sa lona. O elellwa tshulafallo ya lona. Tsebang hore O ntse a ena le mosebetsi oo le lokelang ho o phetha. Seka dumellang Satane ho le bolella ho hong ho fapaneng. Se ka bang fatshe, se ka nyahamang, se ka inehelang.

Jwalo ka ha ke boletse kopanong ya kakaretso hang hoba ke biletswe ho etella pele Kereke: “Se tshoheng. Nyakallang. Bokamoso bo kganya jwalo ka tshepo ya lona”3 Tshepiso eo e ntse e le nnete le ho lona. Ka hoo se lahleng tshepo, hobane Morena ha a so lahle tshepo hodima lona. Bolokang dilekane mme le tswele pele.

Lefatshe le hloka evangedi ya Jesu Kreste. Eka Morena a ka hlohonolofatsa Balatedi ba Hae bohle – ho sa kgathalatsehe hore re sebetsa bakeng sefeng – ka pelo ya borumuwa.

Mengolo

  1. Heber C. Kimball, ka hara Orson F. Whitney, Life of Heber C. Kimball, 3rd ed. (1967), 104

  2. Teaching of Presidents of the Church: John Taylor (2001), 73.

  3. Thomas S. Monson, Be of Good Cheer,” Liahona, Mmesa 2009, 92.

Hatisa