2017
Ho hopola Morena Letsatsi Le Leng le Le Leng
Mphalane 2017


Batjha

Ho hopola Morena Letsatsi Le Leng le Le Leng

Metswalle, mesebetsi ea lapeng, mosebetsi wa sekolo o phethwang hae, seya-le moya-pono—tsena ke tse ding tsa dintho tse hapang maikutlo a rona. Empa beke e nngwe le e nngwe, re tshepisa Ntate ya Mahodimong “hore [re] hopola kamehla [Mora wa Hae, Jesu Kreste]” (DT&D 20:79).

Moetapele Eyring o re re ka “etsa dikgetho letsatsi le leng le le leng” tse re thusang ho hopola Mopholosi. Nahana ka ho etsa qeto kgweding ena ho hopola Mopholosi haholo letsatsi le letsatsi. O ka etsa matsatsi mme oa itlama ka ntho e le nngwe ka letsatsi ho aha kamano ya hao le Eena. Moetapele Eyring o o entse lenaneo la …” dintho tse kang ho bala mangolo a halalelang, ho rapela ka tumelo, le ho sebeletsa Mopholosi le ba bang. Ho boetse ho na le ho ngola ka hare ho dibuka tsa dipale le nalane ea rona, ho ya kopanong tsa kereke, ho mamela kopanong e akaretsang, ho ya tempeleng, ho bina difela—lenaneo le tswela pele! Ha re hopola Mopholosi kamehla, Moetapele Eyring o tshepisa hore “mahlohonolo … a tla tla butle-butle le ka botsitso … [mme] a tla re bopa ho eba barutuwa ba nnete ba Morena Jesu Kreste.”

Hatisa