2017
Ho Aparela ka Lerato Bao Ba Kgelohang
Mphalane 2017


Molaetsa wa Thuto ya Ketelo, Mphalane 2017

Ho Aparela ka Lerato Bao Ba kgelohang

Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ho utlwisisa morero wa Mokgatlo wa Thekolohelo ho ka thusa boitokisetso ba baradi ba Modimo bakeng la ditlhohonolofatso tsa bophelo ba bosafeleng jwang?

Setśoantśo
Relief Society seal

Tumelo, Lelapa, Thekolohelo

“Seo e leng nnete ke hore ha hona malapa a phethahetseng … ,” ho rialo Moetapele Dieter F. Urchdorf, Moeletsi wa Bobedi Boetapeleng ba Pele. “Mathateng afe kapa afe ao lelapa la hao le tobaneng le oona, eng kapa eng eo o lokelang ho e etsa ho a rarolla, qalo le qetelo ya tharollo eo ke lerato, lerato le hlwekileng la Jesu Kreste.”1

Ho bao ba sa nkeng karolo ka botlalo evangeding, Linda K. Burton, Moetapele ya Akaretsang wa mehleng wa Mokgatlo wa Thekolohelo, o itse: “Ntate ya Mahodimong o rata bana ba Hae bohle. … Ho sa tsotellehe hore ba hokae—ka tseleng kapa ka thoko ho tsela—O ba batla ba kgutletse hae.”2

“Le ha ho le jwalo ho fosahala ha [bana ba hao] ho ka bang ka teng, … ha o bua kapa o buisana le bona, se etse jwalo ka kgalefo, se etse jwalo ka ho kgaruma, ka moya wa thohako,” ho rutile Moetapele Joseph F. Smith (1838–1918). “Bua ho bona ka mosa.”3

Moholo Brent H. Nielson wa ba Mashome a Supileng o boletse hape taelo ya Mopholosi ho bao ba nang le selifera tse 10 mme ba lahlehelwa ke e le nngwe: “Batlang ho fihela le e fumana. Ha ya lahlehileng e le mora wa hao kapa moradi wa hao, moholwane/moena wa hao kapa kgaitsedi ya hao, … kamora tsohle tseo re ka di etsang, re rata motho eo ka dipelo tsa rona tsohle. …

“E ke wena le nna re ka…. fumanang…. tshenolo ya ho tseba katamelo e nepahetseng ho bao ba maphelong a rona ba kgelohileng mme, ha ho hlokahala, ho ba le mamello le lerato la Ntata rona ya Mahodimong le Mora wa Hae, Jesu Kreste, ha re rata, re shebile, mme re emetse ya lehlaswa.”4

Moetapele Henry B. Eyring, Moeletsi wa Pele Boetapeleng ba Pele, o itse: “Ke rapetse ka tumelo hore eo ke mo ratileng o tla batlana mme a utlwe matla a Topollo. Ke rapetse ka tumelo hore mangeloi a batho a tla tla ho ba thusa, mme a tlile.

“Modimo o radile mekgwa ho pholosa e mong le e mong wa bana ba Hae.”5

Mangolo a Halalelang a Tlatsetso le Thlahiso leseding

Matheu 18:12; Alma 31:35; 3 Nephi 13:32; DT&D 121:41–42

reliefsociety.lds.org

Dingolwa

  1. Dieter F. Urchdorf, “In Praise of Those Who Save,” Liahona, Motsheanong 2016, 79, 80.

  2. Linda K. Burton, ho Sara Jane Weaver, “Sister Burton, Sister Wixom Visit Church’s Pacific Area,” Church News, Mmesa 2, 2013, lds.org/church/news

  3. Dithuto tsa Baetapele Ba Kereke: Joseph F. Smith (1998), 254.

  4. Brent H. Nielson, “Waiting for the Prodigal,” Liahona, Motsheanong 2015, 103.

  5. Henry B. Eyring, “ To My Grandchildren,” Liahona, Pudungwana 2013, 71.

Hatisa