2017
Ho ba Barutuwa ba Nnete
Mphalane 2017


Molaetsa wa boetapele ba Pele, Mphalane 2017

Ho ba Barutuwa ba Nnete

Kopanong e nngwe le e nngwe ya selallo, re na le tlotla ya ho tshepisa Ntate ya Mahodimong hore re tla hopola Mopholosi kamehla mme re boloke ditaelo tsa Hae hore Moya wa Hae o be le rona (bona Moroni 4:3; 5:2; DT&D 20:77, 79). Ho mo hopola ho tla tla ho rona ha bonolo ha re inkela lebitso la Hae. Re etsa seo ka ditsela tse ngata empa haholo-holo ha re sebeletsa ba bang ka lebitso la Hae, re bala mantswe a hae a halalelang, le ho rapella ho tseba seo A batlang re se etse.

E nketsahalletse ha ke ne ke etsa kolobetso ya mohlankana e mong. Ke ne ke tseba hore ke bileditswe ke Basebeletsi ba Mopholosi jwalo ka morumuwa ho ruta evangedi ya Hae le ho paka ka Eena le ka Kereke ya Hae ya nnete. Nna le morumuwa mmoho le nna re ile ra tshepisa mohlankana enwa hore o tla hlwekiswa ke matla a Topollo ya Jesu Kreste ha a baka ka tumelo ho Mopholosi mme a kolobetswa ke e mong wa basebeletsi ba Hae ba fuweng matla.

Ha ke phahamisa mohlankana eo ka metsing a kolobetso, o ile a hweshetsa tsebeng ya ka, “ke hlwekile, ke hlwekile.” Ka motsotso oo, ke ile ka hopola kolobetso ya Mopholosi ka Johanne Mokolobetsi nokeng ya Jordane. Ho feta moo, ke ile ka hopola hore ke ne ke etsa mosebetsi o pholosang wa Mopholosi ya tsohileng bafung mme a phelang – Moya o Halalelang o le teng, jwalo ka ha o ne o le teng ka Johanne.

Ho nna le ho e mong le e mong wa rona, ho hopola Mopholosi ho ka feta ho itshetleha mohopolong wa tsebo ya rona le diketsahalong le Eena. Re ka etsa dikgetho letsatsi le letsatsi tse re atametsang haufi ho Eena ha jwale.

Kgetho e bonolo-nolo e ka ba ho bala mangolo a halalelang. Ka ho etsa seo, re ka rua maikutlo a hoba haufi le Eena. Ho nna, katamelo e tla hangata ha ke bala ka ho Buka ya Mormon. Metsotsong ya pele ya ha ke bala ka kgaolong ya 2 Nephi, Ke utlwa ka kelellong ya ka mantswe a Nephi le Lehi a hlalosang Mopholosi jwalo ka ha eka ba mo tsebile ka bo-bona. Maikutlo a katamelo a ya tla.

Ho wena, dibaka tse ding ka mangolong a halalelang di ka o atametsa ho Eena ka ho kgetholoha. Empa hohle le ka nako yohle ha o bala lentswe la Modimo, ka boikokobetso le maikemisetso a nnete a ho hopola Mopholosi, o tla eketsa takatso ya hao ho inkela lebitso la Hae bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi.

Takatso eo e tla fetola tsela eo o fanang ka tshebeletso kerekeng ya Morena. O tla rapella thuso e tswang ho Ntate ya Mahodimong ho phethahatsa ka boinehelo seo se shebahalang e le pitso e nyenyane. Thuso eo o tlang ho e kopa ke ya bokgoni ba ho itebala mme o tsepame haholo ho seo Mopholosi a se batlang bakeng la bao o bileditsweng ho ba sebeletsa.

Ke utlwile letsoho la Hae le katamelo ya Hae bosebeletsing ba ka ho bana ba rona ha ke ne ke rapella ho tseba hore nka ba thusa jwang ho fumana kgotso e tliswang fela ke evangedi. Metsotsong e jwalo, ke ne ke sa tsotelle ho bonwa ke le motswadi ya atlehileng, empa ke ne ke tsotella ka botebo katleho le polokeho ya bana ba ka.

Takatso ya ho neha bao re ba sebeletsang seo Mopholosi a neng a ka ba neha sona ho lebisa dithapelong tse kopang ho Ntate ya Mahodimong, kannete ka lebitso la Jesu Kreste. Ha re rapela ka tsela eo—ka lebitso la Mopholosi, ka tumelo ho Eena—Ntate o a araba. O romella Moya o Halalelang ho tataisa, ho tshedisa, le ho re kgothatsa. Hobane ka nako tsohle Moya o paka ka Mopholosi (bona 3 Nephi 11:32, 36; 28:11; Ether 12:41),bokgoni ba rona ho rata Morena ka dipelo tsa rona kaofela, kelello, mmoho le matla bo a eketseha (bona Mareka 12:30; Luka 10:27; DT&D 59:5).

Mahlohonolo a kamehla le kgopolo ya ha jwale di tla tla butle-butle le ka botsitso ha re Mo sebeletsa, Mme ho hopola hona ho tla re bopa ho eba barutuwa ba nnete ba Morena Jesu Kreste mmusong wa Hae lefatsheng lena—le hamorao le Ntatae lefatsheng le halaleditsweng le tlang.

Hatisa