2018
Dintho Tse Tharo Tseo O Ka di Hopolang
Hlakola 2018


Batjha

Dintho Tse Tharo Tseo O Ka di Hopolang

Lentswe hopola le hlaha makgetlo a mangata ka Bukeng ya Mormone. Nefi o kgothaletsa baholwane ba hae ho hopola kamoo Modimo a pholositseng bo ntata bona moholo. Morena Benjamine o ile a kopa batho ba hae ho hopola boholo ba Modimo. Le Moroni o ile a laela babadi ba hae ho hopola kamoo Morena a leng mohau.

Ho hopola Mopholosi ho bohlokwa – re bile re etsa dilekane ho Mo hopola nako yohle ha re eja selallo. Moetapele Eyring o re mema ho hopola dintho tsena tse tharo nakong ya selallo:

  1. Hopola Jesu Kreste; Bala mangolo a halalelang kamoo Mopholosi a sebeletsang le ho bontsha lerato ho ba bang. Re utlwa lerato la hae jwang? Re ka sebeletsa le ho bontsha lerato ho ba bang jwang jwalo ka moo Mopholosi a neng a etsa?

  2. Hopola seo o hlokang ho se etsa ka mokhwa o fetang: Thuisa ka beke e fetileng ka pelo e bakileng. Kgetha ntho e le nngwe eo o ka e fetolang, e be o ngola fatshe ka moo o tlang ho etsa phetoho eo. Beha morero oo sebakeng seo o tla se bona kgafetsa.

  3. Hopola tswelopele eo o e etsang: Kopa Modimo ho o thusa ho bona tswelopele e ntle eo o e etsang. Ngola kamoo o ikutlwang ka teng.

Ha re a phethahala, empa Mopholosi o tseba seo. Ke ka hoo a re kopang ho Mo hopola. Ho Mo hopola ho re fa tshepo mme ho re thusa ho ntlafala. Esita le dinako tseo re hlolehang ho Mo hopola, Moetapele Eyring o re, “O re hopola kamehla.”

Hatisa