2018
Fihlela ho Mo Tseba le Lelapa la Hae
Hlakola 2018


Metheo ya Thuto ya Ketelo, Hlakola 2018

Fihlela ho Mo Tseba le Lelapa la Hae

Thuto ya Ketelo ke ho tseba le ho rata mme e mong le e mong ka pelo yohle hore re tle re matlafatse tumelo ya hae le ho fana ka bosebeletsi.

Tumelo, Lelapa, Thekolohelo

Rita Jeppeson le tichere ya hae ya thuto ya Ketelo e se e le metswalle ya sebele ka ho etelana le ho arolelana metheo ya evangedi. Empa ketelano ya bona e kenyeletsa ho bapala papadi ya mantswe mmoho. Ke ntho eo Rita a e ratang ka tichere ya hae ya ketelo hobane o a tseba hore ke metswalle mme ketelo eo ha se feela ho “tshwaya” lenane. Ho na le dintho tse ngata tseo bo mme ba ka di etsang nakong ya ketelo, jwalo ka ho tsamaya mmoho kapa ho fothola lehola serapeng ha bana ba ntse ba bapala.

Moholo Jeffrey R. Holland wa Mokhatlo wa Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi o itse, “Iponeng le le baromuwa ba Morena ho bana ba Hae. … re tla tshepa … hore le tla theha mehla ya sebele, eo tsotello e tsepamesitsweng evangeding ho ditho, le le badisa mme le hlokomelana, le lemoha ditlhoko tsa moya le tsa nama ka ditsela tsohle tse ka thusang.”1

Morena ka Moshe o ile a laela bana ba Iseraele hore “ le etse moditjhaba jwalo ka ha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le [mo] rate jwalo ka ha le ithata” (Levitike 19:34). Bo mme bao re ba rutang ka ketelo e ka ba “baditjhaba” ha re qala bosebeletsi ba rona, empa ha re se re mo tseba le lelapa la hae, tabatabelo ya rona e tla eketseha ho “jarelana maima, hore a tle a be bobebe” mme re ebe le “dipelo tse lohaneng mmoho ka kopano mme re ratana “(Mosaia 18:8, 21).

Reyna I. Aburto, Moeletsi wa Bobedi Boetapeleng ba Mokhatlo o Akaretsang wa Thekolohelo, o hopola ha e ne e le setho se setjha sa Kereke se sa tswa hlalwa. “Matichere a ka a ketelo a ile a tla lehaeng la ka,” o rialo, “mme ba ile ba tlisa kutlo e mofuthu ya ho ba e mong wa bona le lerato pelong ya ka.2

Nahana ka Sena

Ka hara malapa a bo mme bao o ba etelang, ke diketsahalo dife tse tlang tseo o tla di ela hloko le ho di hopola?

Dingolweng

  1. Jeffrey R. Holland, “Emissaries to the Church,” Liahona, Pudungwana 2016, 62.

  2. Reyna I. Aburto, “What has Relief Society Been for Me?” Kopano ya Basadi ya Brigham Young University, Motsheanong 5, 2017, LDS.org.

Hatisa