2018
Mo Hopoleng Kamehla
Hlakola 2018


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Hlakola 2018

Mo Hopoleng Kamehla

Na le ka tshwantsha moporofeta Moroni le nna ha a ngola mantswe a ho qetela a Buka ya Mormone holima matlapa a kgauta? O ne a le mong. O ne a bone setjhaba sa habo, batho ba habo, le lelapa la hae ba wa. Lefatshe leo e ne e le “ho sa khaotseng” ha ntwa (Mormone 8:8) Le ha ho le jwalo o ne a ena le tshepo, ka ha a ne a bone mehla ya rona! Mme ho dintho tsohle tseo a neng a ka di ngola, o re memme ho hopola (bona Moroni 10:3).

Moetapele Spencer W. Kimball (1895–1985) o ne a rata ho ruta hore lentswe le bohlokwa ka hara buka ya mantswe le hlaloso ya oona ke hopola. Hobane re entse dilekane le Modimo, O itse, “tlhoko ya rona e kgolo-kgolo ke ho [di] hopola.”1

O ka fumana lentswe hopola hohle mangolong a halalelang. Ha Nefi a ne a laya baholwane ba hae, hangata o ne a ba mema ho hopola mantswe a Morena le ho hopola ka moo Modimo a ileng a pholosa bo ntata bona moholo (bona 1 Nephi 15:11, 25; 17:40).

Puong ya hae e matla ya ho qetela, Morena Benjamine o sebedisitse lentswe hopola makgetlo a supileng. O ne a tshepa hore batho ba hae ba tla hopola “boholo ba Modimo … le mosa le mamello” ho bona (Mosaia 4:11; bona hape 2:41; 4:28, 30; 5:11–12).

Ha Mopholosi a ne a qala selallo, o ile a mema balatedi ba hae ho ja litshwantsho tsa selallo “khopotsong” ea sehlabelo sa Hae (Luka 22:19). Thapelong tsohle tsa selallo tseo nna le wena re di utlwang, lentswe kamehla le etella pele lentswe hopola (bona DT&D 20:77, 79).

Molaetsa wa ka ke memo, esita le kopo, ho hopola. Likeletso tse tharo ke tsena ka seo o ka se hopolang beke e nngwe le e nngwe ha o eja litshwantsho tse halalelang tsa selallo. Ke tshepa hore di tla ba le thuso ho lona, joaloka ha di bile joalo ho nna.

Hopolang Jesu Kreste

Pele, hopolang Mopholosi. Hopolang E ne e le mang ha a ntse a le lefatsheng, O ne a bua joang le ba bang, le kamoo A neng a bontsha mosa liketsong tsa Hae. Hopolang bao A neng a qeta nako le bona le seo A neng a se ruta. Mopholosi “ O ne a tsamaya a etsa melemo” (Diketso 10:38). O ne a etela ba kulang. O ne a tshepisitse ho phetha thato ya Ntate wa Hae.

Ho feta tsohle, re ka hopola theko e phahameng eo A e lefileng, ho tswa leratong la Hae ho rona, ho tlosa letheba la dibe tsa rona. Ha re Mo hopola, takatso ya rona ya ho Mo latela e tla hola. Re tla batla ho ba mosa haholwanyane, ho tshwarela haholwanyane, le ho rata haholwanyane ho batla thato ya Modimo mme re e etse.

Hopola Seo O Hlokang ho Se Etsa Ho Feta

Ho thata ho nahana ka Mopholosi—Hlweko ya Hae le phetheho—ntle le ho boela o nahana ka moo re leng dikodi le ho se phethehe hoo re leng hona ha re bapiswa. Re entse dilekane ho mamela ditaelo tsa Hae, empa hangata re hloleha ho etsa tshwanelo ena e phahameng. Empa Mopholosi o ne a tseba hore sena se tla etsahala, ke ka hoo A ileng a re neha tshebeletso ya selallo.

Selallo se ena le metso ya sona mekgweng ya Testamenteng ya Kgale ya ho etsa dihlabelo, e neng e kenyeleditse ho ipolela sebe (bona levitike 5:5). Ha re sa etsa dihlabelo tsa liphoofolo, empa re ka nna ra nehelana ka dibe tsa rona. Mangolo a halalelang a bitsa sena sehlabelo sa “pelo e robehileng le moya wa tshwabo” (3 Nephi 9:20). Tloho selallong ka pelo e bakileng (bona DT&D 59:12; Moroni 6:12). Ha o etsa joalo, o tla fumana tshwarelo ya dibe mme ha o na ho kgeloha tseleng e kgutlelang ho Modimo.

Hopola Tswelopele Eo O E Etsang

Ha o ntse o hlahloba bophelo ba hao nakong ya tshebeletso ya selallo, ke tshepa hore menahano ya hao ha e tsepame fela dinthong tseo o fositseng ho tsona empa le dinthong tseo o di entseng hantle – metsotsong eo o ileng wa utlwa hore Ntate ya Mahodimong le Mopholosi ba ne ba kgotsofetse ke wena. O ka ba wa nka motsotso nakong ya selallo ho kopa Modimo ho o thusa ho bona dintho tsena. Ha o etsa jwalo, ke a o tshepisa o tla utlwa ho hong. O tla utlwa tshepo.

Ha ke entse sena, Moya o ntshepisitse hore le ha ke le hole le phetheho, kajeno ke feta maobane ka molemo. Mme sena se mpha boitshepo hore, ka lebaka la Mopholosi, esita nka eba molemo hosasa.

Kamehla ke nako e lelele, mme e bolela matla a mangata a tsepamisitsweng moo. Le tseba ho tswa boiphihlelong hore ho thata jwang ho nahana haholo ka ntho e le nngwe nako yohle. Empa ho sa tsotelehe hore le boloka ditshepiso tsa lona hantle jwang ho Mo hopola, O le hopola kamehla.

Mopholosi o tseba diphephetso tsa hao. O a tseba hore na ho jwang ho eba le kgatello ya ditlhoko tsa bophelo. O a tseba le hloka dihlohonolofatso ka potlako jwang tse tswang ho ho Mo hopola kamehla le ho Mo mamela – “hore kamehla Moya wa hae o be le [bona]” (DT&D 20:77; hlakiso e ekeditswe)

Ka hoo, O boela a le amohela tafoleng ya selallo beke le beke, a boela a le neha monyetla wa ho paka pela Hae hore le tla Mo hopola kamehla.

Dingodilweng

  1. Spencer W. Kimball, “ Circles of Exaltation” ( puo ho matichere a borapedi a Morero wa Thuto wa Kereke, Phuptjane 28, 1968), 5.

Hatisa