2018
Rapella ‘me’ e mong le e mong ka lebitso
Hlakubele 2018


Metheo ea thuto ea ketelo, Tlhakubele 2018

Rapella ‘me’e mong le e mong ka lebitso

Lerato la rona le ts’usumetso holima bao re ba etelang e tla eketseha ha re rapela ka boikokobetso bakeng sa ‘me’ e mong le e mong ka ho qolleha ka mabitso.

Tumelo, Lelapa, Thekolohelo

Setśoantśo
Relief Society seal

Mangolo a halalelang a a na le mehlala e mengata ea banna le basali ba rapelletseng ba bang ka mabitso. Hara ba hlahelletseng haholo ke ntat’a Alma ea monyane. Lenyoloi le ile la bua ho Alma ea monyane, le mo jwetsa hore ntat’ao “u rapetse ka tumelo e kholo bakeng sa hau … ; ka baka leo, ke ka sepheo sena ke tlile ho tla o kholisa ka matla le tokelo ea Molimo, hore lithapelo tsa bahlanka ba hae li tle li arabeloe ho latela tumelo ea bona” (Mosiah 27:14).

Ho rapellana ho bua le lipelo tsa rona ho amohela lihlohonolofatso tseo Morena a lakatsang ho re fa tsona. Sepheo sa thapelo ha se ho fetola thato ea Molimo, empa ke ho sireletsa bakeng sa rona le ba bang lihlohonolofatso tseo Molimo a seng a ntse a ikemisedites ho di fana, empa re tlameha ho kopa hore re tle re tsebe ho fumana.1

‘Me’ e mong u pheta hore nakong e thata bophelong ba hae, mohala kapa molaetsa o bonolo ka mohala hangata u no tsoa ho bo ‘me’ ba mo etelang ka “matsatsi a thata ka ho khetholleha.” E ne eka ba ne ba tseba hona nakong eo a hlileng a ne a hloka ho phahamisoa moeeng. O ne a tseba hore ba mo rapella, nakong eo ba mo etetseng le bong’oeng ba bona.

“Nahana ka matla a kopano ea rona ha ‘me’ e mong le e mong a etsa thapelo e ikikobeditseng hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea, kapa ka mokhoa o fetang, ho rapela o sa emise jwalo ka ha Morena a laetse,” ho cho Julie B. Beck, moetapele wa mehleng ea akaretsang wa mokhatlo wa bo ‘me’.2 Ho rapella bao re ba etelang ho wa re matlafatsa ka bong’oe le hape re le basali ba bahalaleli ba matsatsi a qetelo.

Moetapele Henry B. Eyring, Motlatsi wa pele boetapeleng bo boholo-holo, o itse: “Rapella tsela ea ho tseba lipelo tsa bona.” … U tla hloka ho tseba seo Molimo a tlang ho hloka hore u se etse ho ba thusa le ho etsa tseo kaofela, ka hoohle kamoo u ka khonang u na le lerato la Molimo bakeng sa bona.”3

Mengolo

  1. Tataiso ho ea mangolong a halalelang, “Thapelo.”

  2. Julie B. Beck, “Seo basali ba bahalaledi ba mehla ea kajeno ba se etsang ka boiphihlelo: Ho ema ka ho tiiea le ho se sisinyehe.” Liahona, Pulungoana, 2007, 110

  3. Henry B. Eyring, “Boprista le Thapelo ea Bong’oe.” Liahona, Mots’eanong 2015, 85.

Hatisa