2018
Lentsoe la Modimo ho bana ba hae
Hlakubele 2018


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Tlhakubele 2017

Lentsoe la Modimo ho bana ba hae

Mangolo a halalelang a re bolella hore ntho ea pele eo Modimo o ileng a e etsa kamora ho bopa monna le mosadi ke ho bua le bona.1 O ne a na le tlhaiso leseding eo motho a kekeng a phela ntle le eona le litaelo tsa bohlokoa ho ba fa tsona. Morero wa hae e ne e se ho ba imetsa kapa ho ba ts’oenya empa ho ba tataisetsa thabong le khanyeng e sa feleng.

‘Me hoo e ne e le qalo feela. Ho tloha tsatsing leo ho fihlela kajeno, Modimo o tsoetse-pele ho bua le bana ba Hae. Mantssoe a Hae a ile a bolokoa, a baballoa, ‘me a ithutoa ke barutuwa ba moloko o mong le o mong. A hlomphuoa ke bao ba batlang ho tseba thato ea Molimo, ‘me ba pakahatsa ‘nete ea hore “Morena Molimo ha a etse letho, a e-so senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta”.2

Oona ebile ona mokhoa ho tloha ts’imolohong, ‘me mokhoa oo o tsoela-pele le kajeno. Ha se feela pale e monate ea Bibele; ke tsela ea Modimo e thehiloeng ho fetisetsa melaetsa ea bohlokoa ho bana ba hae. O phahamisa ba bang ka hare ho rona, a ba bitsetse ho ba baporofeta, ‘me a ba fe mantsoe ao ba tla a bua, ao re memeloang ho a amohela, jwalo ka ha eka a tswa molomong wa hae.3 O boletse hore, “Hore na ka lentsoe la ka kapa ka lentsoe la bahlanka ba ka, ho a ts’oana.”4

Oona ke o mong wa melaetsa e tlotlehang haholo, o khothatsang, ‘me o nang le ts’epo oa tsosololoso—Modimo ha a thola. O rata bana ba Hae. Ha a re siea re lelera lefifing.

Habeli ka selemo se seng le se seng, ka ‘Mesa le ka Mphalane, re na le monyetla wa ho utlwa lentsoe la Morena ka bahlanka ba hae libokekng tsa rona tse tsotehang tsa kakaretso.

Ke le fa bopaki ba ka bongoeng hore khaale pele le sebui sebokeng se akaretsang sa kereke se ka nka leeto leo le le lelele ho ea sefaleng, e le e motona kapa e motséhali o sebedisitse matla a maholo, thapelo, ‘me le boithuto e le ho arabela thomo ea ho fana ka puo. Molaoetsa o mong le o mong wa seboka sa kakaretso o emetse dihora tse sa baloeng tsa boitokiso ‘me le ho kopa ka pelo e ikokobeditseng ho utloisisa seo Morena a lakatsang hore bahalaleldi ba Hae ba se utloe.

Ho ka etsahalang ha rona re le bamamedi re ka lekanya boitukiso ba sebui le ba rona? Ke ka jwang katamelo ea rona sebokeng sa kakaretso e ka fapanang ha re ne re ka bona seboka e le monyetla wa ho fumana moloaetsa ho tsoa ho Morena ka bo eena? Ka mantsoe le ‘mino wa seboka se akaretsang sa kereke, re ka lebella ho fumana likarabo tsa botho ka bo mong tsa lipotso life kapa life kapa mathata oa re tobaneng le ona.

Haeba u na le ho ipotsa hore na Ntate ea Mahodimong O tla fela ka ‘nete a bue le wena, Ke batla ho u hopotsa ka matsoe a bonolo empa a matla ao bana ba rona ba skolo sa sontaha ba a binang: “[u] ngoana wa Modimo, ‘me o[u] tlisitse mona.” Morero wa hae ke ho u thusa ho khutlela “ho phela le Eena ka letsatsi le leng.”

Hau ka atamela Ntate ea Mahodimong joalo ka ngoana wa hae, u ka ‘Motsa ka pelo e ikokobeditseng. “Nketelle pele, ntataise , tsamaea pela ka, nthuse ho fumana tsela. Nthute tsohle tseo ke lokelang ho di etsa” O tla bua le wena ka Moya wa Hae o Halalelang, ‘me ho ho wena “ho etsa thato ea hae” Kea u tsépisa hore hau phethahatsa, “leruo la lihlohonolofatso le teng.”5

Tataiso ea Morena kajeno e hlokahala haholo jwalo feela ka e ila nna ea hlokahala nalaneng ea lefat’se. Ha re ntse re itukisetsa ho utloa lentsoe la Morena, ha re ke re batleng Moya wa ‘nete ka mafolofolo ele hore ha Morena a bua ka bahlanka ba Hae, re ka utloisisa, ra aheha, ‘me ra thaba hammoho.6

Kea paka hore “ka ho etsa ntho tsena li khoro tsa lihele ha li na ho atleha khahlanong le [rona];ee, ‘me Morena Modimo o tla tebela matla a lefifi a khahlanong le [rona], ‘me mahodimo a tla sisenyeha molemong [wa] rona, ‘me le tlotlisong ea lebitso la Hae.”7

Hatisa