2018
Ho itukisetsa ho utloa lentsoe la Molimo
Hlakubele 2018


Batjha

Ho itukisetsa ho utloa lentsoe la Molimo

Moetapele Uchtdorf o hlalosa ka moo ntho ea pele eo Modimo o e entseng kamora ho bopa monna le mosali e ne e le ho bua le bona le ho ba fa litsebiso tsa bohlokoa le litaelo. Re fumana hohonolofatso e ts’oanang ka ‘Mesa le ka Mphalane nakong ea seboka se akaretsang sa kereke, ha baetapele ba kereke bu bua le rona ‘me ba re fa likeletso tseo Morena a batlang hore re li utloe.

Na u se u kile wa utlwa lentsoe la Molimo ka bahlanka ba Hae nakong ea seboka se akaretsang sa kereke? Na u se u kile wa ikutloa jwalo ka ha eka molaetsa o mong o ikhethileng o u fa karabo eo u no ntso e sa le u e batla? Ka bukeng ea lekunutu, u ka ngola fats’e phihlelo eno le ka moo e u thusitseng. Jwale itukisetse ho utloa lentsoe la Morena sebokeng sena se tlang ka ho ngola fat’se lipotso tseo u nang le tsona ‘me le ho ithuta tsona nakong ea boithuto ba hau ba mangolo a halalelang. Rapela ho Ntate ea Mahodimong, u kope ho fumana likarabo le kutloisiso nakong ea seboka se akaretsang sa kereke. Hau ntso mametse bahlanka ba Morena, tsepamisa maikutlo nyenyeletsong e tlang bong’oeng. U ithutile eng? U la ikutloa u senoletsoe jwang ho fetoha? Ngola li nyenyeletso tseno fat’se hobane hoo ke Moya u bua le wena.

Kamehla hopola hore Ntate ea Maholimong O wa u rata ‘me O tla u tataisetsa ngá e lokileng. Ha u ntso u pheella ho utloa lentsoe la Hae ka bahlanka ba hae, u tla hlohonofala ‘me u khothale.

Hatisa