2018
Ho nka karolo ha bo ʻmeʼ ho phutheheng ha Israele
Sanza ya Zomi na Moko 2018


Molaetsa oa Boetapele ba Pele, Pulungoana 2018

Ho nka karolo ha bo ʻmeʼ ho phutheheng ha Israele

Ke etsa kopo ea bo -porofeta ho lona, basali ba kereke, ho fana ka tsʼobotsi ea kamoso ka ho thusa ho phutha Israele e qhalakaneng.

Ho hotle ho ba le lona likhaitseli tsa ka, tse bohlokoa ’me tse ratehang Mohlomomg boiphihlelo ba haufinyane bo tla le fa mohopolo oa kamoo ke ikutloang ka bokhoni ba lona bo phahameng boo le bo fuoeng e le neo.

Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke bua le phutheho Amerika e Boroa, Ke ile ka sisimoloha ka tsela e fetisang ka sehloho sa ka, ʻme ka ona motsotso oo oa bohlokoa, ka re “Joalo ka ʻmeʼoa bana ba 10, nka le joetsa hore…” ʻMe ka tsoela pele ho qetela molaetsa oa ka.

Ke ne sa elelloa hore ke bitsitse lentsoe ʻmeʼ Eo e leng toloko ea ka, ka ho nahana hore ke buile ka phoso, a fetola lentsoe ʻmeʼ ho le isa ho ntate, Joale phutheho ha ea ka e qetelletse e tsebile hore ke ile ka ipitsaʻmeʼ Empa molekane oa ka Wendy o ile a utloa, ʻme a nyakalletse ke botlaila baka.

Ka ona motssotso oo, tabatabelo e tebileng ea ho etsa phethoho lefatsʼeng—joalo ka ha ʻmeʼ a etsa—ea kopotsa ho tsoa pelong ea ka. Ka li lemo, nako e ngoe le engoe ha ke ne ke botsoa na hobaneng ke khethile ho ba ngaka, karabo ea ka kamehla haesale e tsʼoana hore: Hobane ke ne ke sitoa ho khethaho ba ʻmeʼ.

Ke kopa hore le ele hloko hore nako e ngoe le e ngoe ha ke sebelisa lentsoe ʻmeʼ ha ke bue feela ka basali ba kileng ba tsoala kapa ba thola bana bophelong bona. Ke bua ka bohlebarali ba baholo ba batsoali ba rona ba maholimong. Mosali e mong le e mong ke ʻmeʼ lebaka la bokhabane ba hae ba pheletso ea bokamoso ba bo-molimo ba bosafeleng.

Joale phirimaneng ena, joalo ka ntataʼbana ba 10barali ba robong le mora a le mong—ʻme joalo ka Mookameli oa kereke, ke rapella hore le tla utloa botebo boo ke ikutloang ka lona—ka seo le leng sona le botle bohle boo le ka bo etsang. Ha hona ea ka etsang seo mosali a lokileng a ka se etsang. Ha hona ea ka etsisang tsʼusumetso ea ʻmeʼ.

Banna ba ka khona ebile hangata ba abela lerato la Ntate ea Maholimong le Mopholosi ho ba bang. Empa basali ba na le neo e khethehileng bakeng sa hona—mpho e tsoang mahollimong. Le na le tekanyo ea ho utloa seo e mong a se hlokang—le hore na o se hloka neng. Le ka nanabetsa letsoho , ho tsʼelisa, ho ruta, le ho matlafatsa e mong ka nako ea mantlha ea tlhoko ea hae.

Basali ba bona lintho ka tsela e fapaneng le eo banna ba li bonang ka teng, ʻme o, ke ha kakang re hlokang pono ea lona. Tlholeho ea lona e etella hore le nahane ka ba bangpele, ho ela hloko hore na tsela efeng kapa e feng ea liketso e ka ba le litla morao li fe ho ba bang.

Joalo ka ha Moetapele Eyring a supile, e ne le ʻma rona Eva a tlotlehang—ka pono ea hae e fihlelang hole ea Ntataʼ rona ea Maholimong—a ileng a senola seo re se bitsang ‘‘ho oa.” Khetho ea hae e bohlale ʻme e sebete le khetho ea botsʼehetsi ba Adama e ile ea ntsʼetsa pele morero oa Molimo oa thabo. Ba ile ba etsa hore ho khonahale bakeng sa emong le emong oa rona ho tla lefats’eng, re amohele ‘mele, le ho netefatsa hore re tla khetha ho emela Jesu Krestehonajoalejoalo ka ha re ile ra etsa pele ho bophelo bo isang ho shoeng.

Likhaitseli tsa ka tse ratehang, le na le li neo tsa khethehileng tsa Moea le mekhoa ea boiphihlelo. Bosiung bona kea le susumetsa, ka tsʼepo eohle ea pelo eaka, ho rapella hore le utloisiseli neo tsa lona tsa moea—ho li kotula, ho li sebelisa, le ho li atolosa le ho feta ka moo le kileng la etsa. Le tla fetola lefatsʼe ha le etsa joalo.

Joalo ka basali, le kenya ba bang moeeng ’me le bea motheo o lekeloang ke ho etsisoa ka tsela e tsʼoanang. Ntumelleng ke le fe selelekela se senyane ho tse peli liphatlalatso tsa bohlokoa tse entsoeng sebokeng sa rona se akaretsang se fetileng. Lona, likhaitseli tsa ka tse ratehang, le ne le le bohlokoa ho engoe le engoe.

Ea pele, bosebeletsi Ts’ oanelo e phahameng ka ho fetisa bakeng sa bosebeletsi ke eo e leng ea Mopholosi oa rona, Jesu Kreste. Ka kakaretso, basali ba, ʻme esale ba le, haufi le tsʼoanelo eo ho feta banna. Hau sebeletsa e le ka ʻnete, u latela maikutlo a hau ho thusa motho e mong ho fihlela haholoanyane lerato la Mopholosi. Tsʼekamelo ea ho batla ho sebeletsa e teng ka tlholeho ho basali ba lokileng. Ke tseba basali ba rapelang tsatsi le leng le leng, “Ke mang eo O ka batlang hore ke mothuse kajeno?”

Pele ho phatlalatso ea ʻMesa 2018 ka tsela e phamameng e halalelang haholoanyane ea ho tsotella ba bang, boitsoaro ba banna ba bang ho tsʼoaea thomo ea bona ea ketelo ea malapeng e “entsoe” ’me ba tsoele pele ka thomo e latelang.

Empa halona le ba le maikutlo a hore ʻmeʼ eo le mo etelang o na hloka thuso, le arabetse hang hang ʻme hape le boleleleng ba khoeli. Joana, e ne e le kamoo le neng le etela le ho ruta malapeng ka teng ho ileng ha susumetsa fetohela holimo ha rona ho ea ho bosebebeletsi.

Ea bobeli, seboka se akaretsang se fetileng, re boetse hape ra hlopha bocha makhotla a bo-Prista ba Melkisedeke. Ha re ne re loantsʼana le ho thusa banna ba kereke ho fihlela katleho haholoanyane boikarabelong ba bona, re ile ra ba seli ho ela hloko mohlala oa mokhatlo oa bo ʻmeʼ.

Ka hare ho mokhatlo oa bo ʻmeʼ, basali ba lilelmong tse fapafapaneng le maemo ba kopana hammoho. Lilemo tse ling le tse ling tse leshome tsa bophelo li tlisa liqholotso tse khethehileng, ʻme le ha ho le joalo, ke moolona le neng le, beke kamora beke, le kopana hammoho, le hola le ho rutana evangeli ʻmoho, ʻme le etsa phethoho ea ʻnete lefatsʼeng.

Joale, ho latela mohlala oa lona, ba tsʼoereng boprista ba Melkiszedekeke litho tsa lekhotla la baholo. Lilemo tsa banna bana li koloka ho tloha ho 18 ho ea ho 98 (mohlomong ho feta), ka ho lekana ho koloka ho pharalletseng ha bo-prista le boiphihlelo ba kerekeng. Bahlanka ba na joale ba ka theha likopano tse matla ho feta tsa boena, ba ithuta mmoho, ʻme ba hlohonolofatsa ba bang ka katleho e kholo.

Lea hopola hore Phuptjane e fetileng, ʻmeʼ Nelson le ’Na re ile ra bua le bacha ba kereke. Ra ba memela ho ithaopa lebothong la bacha la Morena ho thusa ho bokella Israele ka mahlakoreng a mabeli a lesira. Pokello ena ke “e kholo kholophephetsole leholo hololebaka, leo moholo holomosebetsi lefatʼseng kajeno”!1

Ke lebaka le hlokang basali ka boitelo, hobane basali ba bopa bokamoso. Joale bosiung bona ke nanabetsa kopo ea boporofeta ho lona, basali ba kereke, ho bopa bokamoso ka ho thusa ho bokella Israele e qhalakaneng.

Le ka qala kae?

Ke lakatsa ho fana kamemo tse ’ne:

Ea pele, ke le memela ho nka karolo boitimong ba matsatsi a 10 ho bophatlalatsi ba marang-rang le ho mefuta e meng ea bophatlalatsi e tlisang mehopolo e latolang le e sa hloekang kelellong tsa lona. Le rapelle ho tseba na ke litsʼusumetso li fe tse le tla li tlosa nakong ea boitimo. Litlamorao tsa boitimo ba lona ba lona li ka nna tsa le makatsa. U elelloa eng hau qeta ho nka khefu ho lipono tsa lefatsʼe tse sa le li hlaba moea oa hau? Na ho na le phetoho ka moojoale o batlang ho sebelisa nako ea hau le matla? Na ho na le tse ling tsa lithahasello tsa hau tse retsitseng—le ha e se le hanyane? Ke le khothaletsa ho ngola le ho latella ho phethisa nyenyeletso engoe le engoe.

Ea bobeli, Ke le memela ho bala Buka ea Mormone pakeng tsa honajoale le mafelo a selemo. Le ha e ka bonahala e le taba e sitang ka lebaka la tsohle tseo le lekang ho li etsa bophelong ba lona, ha le ka amohela memo ena ka sepheo se felletseng sa pelo, Morena o tla le thusa ho fumana tsela ea ho e fihlela. ʻMe, ha le ntse le ithuta le ineetse thapelong, Ke le tsʼepisa hore maholimo a tla phetloa bakeng sa lona. Morena o tla le hlohonolofatsa ka nyenyeletso le tsʼenolelo e eketsehileng.

Ha le ntse le bala, Ke tla le khothalletsa ho tsʼoaea temana e ngoe le engoe e buang kapa e supisang ho Mopholosi. Joale, le pheelle ho bua ka Kreste, le thabela ho Kreste, ’me le rute ka Kreste le malapa a lona le metsoalle.2 Lona le bona le tla atamela pela Mopholosi ka tsela ena. ʻMe liphetoho, ebile le mehlolo, li tla qala ho etsahala.

Hoseng hona tsebiso e ile ea etsoa mabapi le lenaneo le le cha la litsʼebeletso tsa Sontaha ʻme le lenane-thuto le reretsoeng malapeng le tsʼehelitsoe kerekeng. Lona, likhaitseli tsa ka tse ratehang, ke lona senotlolo sa katleho ea thuto ea evangeli eena e ncha, e lekantsoeng ʻme e hlophisitsoeng hantle. Ke le hopa hore le rute bau le ba ratang seo le ntseng le ithuta sona ho tsoa mongolong. Le ba rute ho fetohela ho Mopholosi bakeng sa pholiso ea hae le matla a hae a hloekisang ha ba etsa libe. ʻMe le ba rute ho memela holima bona matla a Hae a tiisang matsatsi oohle a maphelo a bona.

Ea boraro, thea mokhoa oa ho etela tempele khafetsa. Sena se ka nna sa hloka hore o etse sehlabelonyana bephelong bo hau. Nako e khafetsa haholoanyane ka harʼa temple e tla lumella Morena ho le ruta ho memela matla a bo-prista ba Hae ao ka oona le hlohonolofalitsoeng ka tempeleng ea Hae. Bakeng sa ba bang a lona beo le sa pheleng haufi le tempele, ke le memela ho ithuta le ineetse thapelong ka litempele ka hare ho mangolo le mantsoe a baporofeta ba phelang. Batlang hotsebahaholoanyane, houtloisisahaholoanyane, hoba le boikutlo haholoanyane ka litempele ho feta nako e fetileng.

Ka haʼra tsoseletso ea rona ea bacha ea lefatsʼe ka bophara phuptjane e fetileng, ke ile ka bua ka mohlankana eo bophelo ba hae bo ileng a fetoha ha batsoali ba hae ba ananya mohala oa hae oa thekeng o bohlale ka oa khalenyana. ʻMeʼ oa mohlankana enoa ke mosali ea sebete oa tumelo. Ke ile ka bona mora oa hae a ritsa ho isa likhethong tse ka nang tsa mo sitisa ho sebeletsa ka borumuoa ba boruti. O ile a isa thapeli tsa hae tempeleng e le ho batla ho tseba na a ka thusa mora oa hae joang. Eaba o latella ho phethisa nyenyeletso engoe le engoe.

O ile a re: “ Ke ile ka utloa Moea o ntataisetsa ho hlahloba mohala oa mora oaka ka linako tse khethehileng ho fumana lintho tse ketholohileng. Ha ke tsebe ho hlahloba mehala ena e bohlale, empa Moea o ile oa ntataisa harʼa bophatlalatsi ba marang-rang oa ebileng ke sa a sebeliseng! Kea tseba hore Moea o thusa batsoali ba batlang tataiso ea ho sireletsa bana ba bona. [Qalong] mora oaka o ne a nhalefetse. … Empa kamora matsatsi a mararo feela, a nteboha! O ne a khona ho utloa phetoho.”

Boitsʼoaro le mehopolo ea mora oa hae e ile ea fetoha ka tsela e khethehileng. O ile a fetohela ho thusana haholoanyane lapeng, a eketsa ho bososela, ʻme o ne a mamela hoholoanyane kerekeng. O ne a rata ho sebeletsa nako e itseng ka likolobetsong tsa tempele, ’me o lokitsa nako ea hae ea borumuoa ba boruti.

Memo eaka ea bone, ho lona ba lilemong, ke ho nka karolo ka ho tlala mokhatlong oa bo-ʻMeʼ. Ke le khothaletsa ho ithuta sepheo sa taba e hlahisoang hajoale ea mokhatlo oa bo ʻmeʼ. E ea khothatsa. E ka nna ea o tataisa ho iketsetsa sepheo sa taba e hlahisoang bakeng sa bophelo ba hau. Ke boetse ke le khothaletsa ka thata ho latsoa li ʻnete tse ka hara tlhahiso ea mokhatlo oa bo ʻme e hatisitsoeng lilemo tse batlileng li ka ba 20 tse fetileng3 Kopi e ka harʼa kosene ea tlhahiso ena e leketlile leboteng ka hara ofisi ea Boetapele ba Pele. Kea sisimolohakamehla ha ke e bala. E hlalosa hore na le bo mang le hore na Morena o hloka hore na le ba bo mang nakong eona enaha nts le etsa ea lona karolo ho thusa ho bokella Israele e qhalakaneng.

Khaitseli tsa ka tse ratehang, re hloka lona! Re “hloka matlaa lona tsʼokoloho ea lona,tumelo ealonaBokhoni ba ho etella pele, ba lonabohlale, ba lona. le montsoe alona.”4 Re keke ra phutha Israele feela ntle le lona.

Kea le rata ebile kea le leboha ’me joale ke le hlohonolofatsa ka tsebo ea ho furalla lefatsʼe morao ha le ntse le kenya letsoho mosebetsing oona oa bohlokoahali ʻme o potlakileng. Mmoho re ka etsa tsohle tse Ntatʼa rona ea Maholimong a hlokang hore re se etse ho lokisetsa lefatsʼe bakeng sa ho khutla khtlo la boeli ha Mora oa Hae ea Ratehang.

Jesu ke Kreste Ke kereke ea Hae Ena Ka tsena ke pakahatsa ka lebitso la Jesu Kreste, amen.

Lintlha

  1. Russell M. Nelson, “Hope of Israel” (Boineelo ba bacha ba lefatse, Phuptjane 3, 2018), HopeofIsrael.lds.org.

  2. Bona 2 Nefi 25:26.

  3. Bakeng sa Tlhahiso ea Mokhatlo oa bo ʻMeʼ, bona Mary Ellen Smoot, “Rejoice, Daughters of Zion,” Liahona, Jan. 2000, 111–14.

  4. Russell M. Nelson, “A Plea to My Sisters,” Liahona, Pulunhana. 2015, 96; bohlokoa bo ekelitsoe.

Hatisa