2018
Lebitso le Nepahetseng la Kereke
Sanza ya Zomi na Moko 2018


Lebitso le Nepahetseng la Kereke

Jesu Kreste o re laetse ho bitsa Kereke ka lebitso la Hae hobane ke Kereke ea Hae, e tletseng ka matla a Hae.

Bana neso ba ratehang, ka letsatsi lena le letle la Sabbatha re thaba hammoho ka litlhohonolofatsa tse ngata tse tsoang ho Morena. Re leboha haholo bakeng sa mapaki a lona a evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste, bakeng sa lihlabelo tseo le li entseng ho lula kapa ho khutlela tseleng ea Hae ea selekane, le bakeng sa bosebeletsi ba lona bo halalelang ka hará Kereke ea Hae.

Kajeno ke ikutloa ke qophelleha ho buisana le lona taba ea bohlokoa bo boholo. Libeke tse seng kae tse fetileng, Ke ntsʼitse polelo mabapi le tsela ea tokiso bakeng sa lebitso la Kereke.1 Ke entse sens hobane Morena o ile a tiisa kelellong eaka bohlokoa ba lebitso lea a le laetseng bakeng sa Kereke ea Hae, e leng Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno2

Joalo ka he le ne le ka lebella, likarabo ho polelo ena le ho tataiso e lokisitsoeng 3 li tsoakane. Litho tse ngata li ile tsa lokisa lebitso la Kereke maqhepheng a bona a marang rang a bophatlalatsi. Ba bang ba ile ba ipotsa na hobaneng, ka tsohle tse ntseng li etsahala lefatsʼeng, ho neng ho hlokahala ho tiisa ntho “e senang taba” hakaalo. ’Me ba bang ba re e ke ke ea khona ho etsoa, joale hobaneng ba ka ikhathatsang? Ntumeleng hore ke hlalose hore na hobaneng re tsotellang ka tela e tebileng ha kana ka taba ena. Empa pele e re ke bolele seo boiteko bona e seng sona:

  • Ha se phetolo ea lebitso

  • Hase ho bapatsa bocha.

  • Hase ho ntlafatsa.

  • Hase takatso e hlokang tlhaloso.

  • ʻMe hase ntho e senang taba.

Empaketokiso. Ke taelo ea Morena. Joseph Smith ha a ka a reha Kereke e tsosolositsoe ka eena; le Mormone ha a etsa joalo. E ne e le Mopholosi ka bo ena a itseng, “Hobane joana Kereke ea ka e tla bitsoa ka matsatsi a qetelo, ho le joalo Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno.” 4

Esita le pele,ka AD 34, Morena oa rona ea tsohileng bafung o ile a fana ka taelo ho litho tsa Kereke ea Hae ha a ne a ba etetse ho la Amerika. Ka nako eo o ile a re:

Le tla bitsa kereke ka lebitso la ka. …

“ ʻMe e tla ba ke kereke ea ka joang ntle le hore e bitsoe ka lebitso la ka? Hobane ha kereke e ka bitsoa ka lebitso la Moshe, e tla ba ke kereke ea Moshe; kapa ha eba e bitsoa ka lebitso la motho e tla ba ke kereke ea motho; empa haeba e bitsoa ka lebitso la ka joale e tla ba ke kereke ea ka.”5

Joana, lebitso la Kereke ha le buisanoe. Ha Mopholosi a bolela ka ho hlaka na lebitso la Kereke ea Hae e tlamea ho ba mang ʻme a bile a tsoellisa pele polelo ea Hae ka hore, “Joana kereke ea ka e tla bitsoa, ”Ha a soasoe. ʻMe ha re lumella mabitso a litsʼomo ho sebelisoa kapa ra thola kapa esita le ho arabella mabitso ao a litsʼomo, O oa khopiseha.

Keng e ka harʼa lebitso kapa, boemong bo, lebitso la sesomo? Ha e tla mabitsong a litsʼomo a Kereke, jolao ka kereke ea “LDS”, “Kereke ea Mormone,” kapa “Kereke ea Bhalaleli ba Mehla ea Kajeno,” ntho ea bohlokoa ka ho fetisa ka harʼamabitso ano ke bosieo ba lebitso la Mpholosi. Ho tlosa leitso la Morena ho ho Kereke ea Morena ke tlholo e kholohali bakeng sa Liabolosi. Ha re lahla lebitso la Mopholosi, ka masene ha re e le hloko tsohle tseo Jesu Kreste a li entseng bakeng sa rona—esita le Topollo ea Hae.

Lemoha sena ho tsoa ponong ea Hae: Pele ho bophelo ba ho shoa, O ne e Jehova, Molimo oa Testamente ea Khale. Ka tlasa taelo ya Ntataʼe, O bile ʻMopi oa lefatsʼ e lena le mafatsʼ e a mang.6 O ile a khetha ho inehela ho thato ea Ntataʼ e ’me a etse ho hong hoo ho ne ho se na e mong a ka se etsang bakeng sa bana bohle ba Molimo! Ka ho ikokobeletsa ho tla lefasʼeng e le Mora a notsʼ i oa Ntate nameng, O ile a hlapaoloa ka sehloho, a rohakuoa, a tsʼ oeloa ka mathe, ʻme a shaptjoa. Ka harʼ a tsimo ea Gethesmane, Mopholosi oa rona o ile a nkela holima hae bohle bohloko,tsohle libe, le oohle mahloko le mahlomolaa kileng a fihleloa ke oena le ʻna le bohle ba kileng ba phela le ba tla phela. Ka tlasa boima boo bo bohloko bo fetisang, O ile a tsoa mali masobeng oohle a ʻmele antsʼ ang mofufutso.7 Bohloko bohle ba hae bo ile ba ba matla ha a thakhisoa ka bokhopo sefapanong sa Calvary.

Ka boiphihlelo ba bohloko bona bo fetisang le ho tsoha bafung ha hae ho ileng ha latela—Topollo ea hae e senang bofelo—O fane ka bophelo bo sa feleng ho bohle ʻme a loela emong le emong oa rona ho litlamorao tsa sebe ka pehelo ea ho baka ha rona.

Kamora ho tsoha bafung ha Mopholosi le ho shoa ha ba-Apostola ba Hae, lefatsʼ e le ile la oela lefifing la makholokholo a lilemo. Eaba ka selemo sa 1820, Molimo Ntate le Mora oa Hae, Jesu Kreste, ba hlaha ho Moporofeta Joseph Smith ho qala tsosoloso ea kereke ea Morena.

Kamora tsohle tseo a li mamelletseng—le kamora tsohle tseo a li etselitseng batho—Ke elelloa ka ho ikoahlaea ho ho holo hore ka ho se tsebe re lumetse hore ka har’ a Kereke ea Morena e tsosolositsoeng re bitsoe ka mabitso a mang, le leng le leng le hlakola lebitso le halalelang la Jesu Kreste!

Sontaha se seng le se seng ha ntse re ja selallo ka ho loka, re etsa ka ho nchafala ts’ episo ea rona e halalelang ho Ntat’a rona ea Maholimong hore re ikemiselitse ho inkela holim’ a rona lebitso la Mora oa Hae, Jesu Kreste.8 Re tsʼ episa ho Mo latela, ho baka, ho boloka litaelo tsa Hae, le ho mo hopola kamehla.

Ha re sia lebitso la Hae ho Kereke ea Hae, ntle le maikemisetso reMo tlosa e le sesupo sa bohlokoa maphelong a rona.

Ho nkela lebitso la Mopholosi holima rona ho kenyeletsa ho bolela ponts’ eng le ho pakahatsa ho ba bang—ka liketso tsa rona le lipuo tsa rona—hore Jesu ke Kreste. Na se re tsʼ abile hakaalo ho khopisa e mong a re bitsitseng “ba-Mormone” hore e be re sitiloe ho sireletsa Mopholosi ka sebele, ho mo emela esita le ha le ka lebitso leo Kereke ea Hae e bitsoang ka lona?

Haeba rona re le batho le ka bongo’ e re na le katamelo ho matla a Topollo ea Jesu Kreste—ho re hloekisa le ho re folisa, ho re matlafatsa le ho re ekeletsa, ’me qetellong ho re pholosa—re tlamea ho lumela ho Eena e le mohloli oa matla ano. Re ka qala ka ho bitsa Kereke ea Hae ka lebitso leo a le laetseng.

Bakeng sa boholo ba lefatsʼ e, Kereke ea Morena hajoale e ikhakantse e le “Kereke ea Mormone.” Empa rona joalo ka litho tsa Kereke ea Morena re tseba hore na ke mang ea emeng e le hlooho ea eona: Jesu Kreste ka sebele. Ka bomalimabe, ba bangata ba utloang lebitsoMormone ba ka nna ba nahana hore re rapela Mormone. Ha ho joalo! Re tlotlisa le ho hlonepha moporofeta eo a moholo oa khale oa Amerika.9 Empa ha re balateli ba Mormone. Re balateli ba Morena.

Matsatsing a qalong a kereke e tsosolositsoeng, mantsoe e kang Kereke ea Mormonelebe-Mormone10hangata a ne a sebelisoa e le likhoqetsane—e le mantsoe a khopo, matsoe a hlekefetsang—a reretsoe ho hlakola letsoho la Molimo ho tsosoloseng Kereke ea Jesu Kreste matsatsing a na a qetelo.11

Bana beso, ho na le likhang tse ngata tsa lefatsʼ e khahlanong le ho tsosolosa lebitso le nepahetseng la Kereke. Ka lebaka la lefatsʼe la marang rang leo re phelang ho lona ʻme le setimela sa lipatlisiso se ntlafetseng ho re thusa bohle ho fumana litsebiso tseo re li hlokang hang hang—ho kenyelela le litsebiso ka Kereke ea Morena—banyefuli ba re tokiso mothating ona ha se bohlale. Ba bang ba utloa hore ka ha re tsebahala ka ho phatlalla re le “bq-Mormone” hape re le “Kereke ea Mormone,” re etse ho molemo ka ho fetisa ka hona.

Haeba hona e ne e le lipuisano ka ho bapatsa motheo o entsoeng ke motho, lkhang tseno ne li ka nna tsa nka sebaka. Empa tabeng ena ea bohlokoa, re sheba ho Eena eo Kereke ena e leng ea Hae ʻme re lumela hore litsela tsa Morena ha se tsa motho, ’me e ke ke ea hlola e ba tsa motho. Ha re ka ba le mamello le ha re ka etsa karolo ea rona hantle, Morena o tla re tataisa harʼa tsʼebetso ena e bohlokoa. Kamorao ho tsohle, Rea tseba hore Morena o thusa bohle ba batlang ho etsa thato ea Hae, Joalo ka ha A ile a thusa Nefi ho fihlela tsʼebetso ea ho aha sekepe ho tsʼela leoatle.12

Re tla batla ho ba le tlhompho le mamello matleng a rona ho lokisa liphoso tsena. Bophatlalatsi bo nang le boikarabelo bo tla ba le kutloelo bohloko ho arabela kopo ea rona.

Sebokeng se akaretsang se fetileng, Moholo Benjamín De Hoyos o ile a bua ka ketsahalo e joalo. O ile a re:

“Lilemo tse mmaloa tse fetileng ha ntse ke sebeletsa ka ofising ea lekamano le sechaba ea Kereke Mexico, [mosebetsi mmoho le ’Na] re ne re memetsoe ho nka karolo lenanehong la sea-le-moea. … [e mong oa batsamaisi ba mananeo] o ile botsa [rona], hobaneng kereke ea lona e na le lebitso le letelele hakaale? ʼ

Mosebetsi mmoho le ʻNa ra bososela ka potso e ntle hakaalo ’me joale ra tsoela-pele ho hlalosa hore lebitso la kereke ha lea khethoa ke motho, Le ne le fanoe ke Mopholosi. … Motsamaisi oa lenaneo hang hang le ka tlhompho a arabela, ʻRe tla joana re le phete ka motlotlo o moholo. 13

Tlaleho eno e fana ka tsela. Ka bo ngoe, matla a rona a ka holimo motho ka bo mong a tla hlokahala ho lokisa liphoso tse hohobetseng ka hare ka lilemo lemo.14 Lefatsʼe lohle le ka nna la latela kapa ho se latele pitso ea botataisi ba rona ka ho re bitsa ka lebitso le nepahetseng. Empa ke ho se tsʼepahale ha rona ho teneha haeba boholo ba lefatʼse ba bitsa Kereke le litho tsa eona ka mabitso a fosahetseng ha re etsa se tsʼoanang.

Tataiso e a rona e hlophueng bocha e ea thusana. Ea bolela: “ka hara lengolo la pele le bolelang, le bitso le feletseng la kereke le ratoa ho feta ntho engoe le e ngoe: ʻKereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno.ʼ Ha le lengolo le bolelang le khutsufalitsoeng [ea bobeli] le hlokahala, mantsoe ‘Kereke’ kapa ‘Kereke ea Jesu Kreste’ a khothaletsoa. ‘Kereke e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste’ e nepahetse ’me e ea khothaletsoa.” 15

Ha motho e mong a ka botsa, “Na o oa Mormone?” le ka araba ka hore, “Haeba o botsa hore na ke setho sa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, e, ke sona!”

Ha motho e mong a ka o botsa, “Na o Mohalaleli oa Mehla ea Kajeno?”16 o ka nna oa araba ka hore, e, ke eena. Ke lumela ho Jesu Kreste ‘me ke setho sa Kereke ea Hae e tsosolositsoeng.”

Bana beso ba ratehang, ke le tsʼepisa hore ha re etsa sohle se matleng a rona ho tsosolosa lebitso le nepahetseng la Kereke ea Morena, Eena eo kereke eena e leng ea Hae O tla tsʼollela tlaase matla a Hae le litlhohonolofatso tsa hae holima lihlooho tsa Bahalaleli a Mehla ea Kajeno, 17 tse tsʼoanang le tseo re song ho li bone. Re tla ba le tsebo le matla a Molimo ho re thusa ho nka litlhohonolofatso tsa evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste ho ea ho lichaba tsohle, ba leloko, lipuo, le batho ‘me relokise lefats’e bakeng sa ho tla khetlo la bobeli ha Morena.

Joale, keng e ka harʼa lebitso? Ha e tla ho lebitso la Kereke ea Morena, karabo ke “Ntho tsohle!” Jesu Kreste o re laetse ho bitsa Kereke ka lebitso la Hae hobane ke Kereke ea Hae, e tletseng ka matla a Hae.

Kea tseba hore Molimo oa phela. Jesu ke Kreste O etella pele Kereke ea hae Kajeno Ke pakahatsa joalo ka lebitso le halalelang la Jesu Kreste, amen.

Lintlha

  1. “Morena o ile a tiisa kelellong eaka bohlokoa ba lebitso lea a le laetseng bakeng sa Kereke ea Hae, e leng Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Re na le mosebetsi ka pele ho rona ho itlisa ho lumellana le thato ea Hae. Libekeng tse haufinyana, baetapele ba fapakaneng ba Kereke le mafapha ba qalile mehato e hlokahalang ho etsa joalo. Tsebiso tse tlatseletsang tabeng ena ea bohlokoa e tla etsoa hore e fumanehe likhoeling tse tlang” (Russell M. Nelson, ka har’a“Lebitso la Kereke” [Taba e hlahisong se ’muso, Phato, 16, 20188], mormonnewsroom.org).

  2. Baetapele ba tlileng pele ba kereke ba entse likopo tse tsʼoanang. Mohlala, Mookameli George Albert Smith o ile a re: “Se ke la phoqa Morena ka ho bitsa kereke ena Kereke ea Mormone. Ha a ka a e bitsa Kereke ea Mormone” (in Conference Report, Apr. 1948, 160).

  3. Bona “Style Guide—The Name of the Church,” mormonnewsroom.org.

  4. See D&C 115:4.

  5. See 3 Nephi 27:7-8..

  6. BonaMoshe 1:33.

  7. See Doctrine and Covenants 19:18.

  8. See Moroni 4:3; Doctrine and Covenants 20:37, 77.

  9. Mormone e ne e le e mong oa lingoli tse nne tsa Buka ea Mormone, ba bang e leng Nephi, Jakobo, le Moroni. Kaofela e ne le lipaki tsa Morena, joalo ka toloko ea eona e neng e na le tsʼusumetso, Moporofeta Joseph Smith.

  10. Esita le lentsoe Mormonites le ne le le hara mantsoe tsʼehisang a neng a sebelisoa (see History of the Church2:62–63, 126).

  11. Likhoqetsane tse ling li bonahala li ile tsa hlaha nakong tsa Testamente e Ncha. Nakong ea nyeoe ea mo-Apostola Paulosi ka pele ho Felix, Ho ne hothoe Paulosi ke eena moetapele “oa litlokotsebe ba karolo ea ba-Nazarene”( Liketso 24:5). Ho latela tsʼebeliso ea mantsoe “ba-Nazarene,” motlalehi e mong o ngotse hore: “lena ke lebitso leo ka tloaelo le neng le fuoa Bakreste ka tsela ea ho a nyelisa. Ba ne ba bitsoa joalo obane Jesu e ne le oa Nazarene” (Albert Barnes, Notes, Explanatory and Practical, on the Acts of the Apostles

    Ka mokhoa o tsʼoanang, motlalehi e mong o bolela hore: “Joalo ka ha Morena oa rona a ne a bitsoa ka ho mo nyelisa hore ke ʻmo-Nazareneʼ (Matt. xxvi. 71) joale ba-Juda ba ne ba qolla balateli ba hae e le ʻba-Nazarene.ʼ Ba ne ba lumela hore ke Ba-Kreste, i.ebalateli ba Messia” (The Pulpit Commentary: The Acts of the Apostles, ed. H. D. M. Spence and Joseph S. Exell [1884], 2:231).

    Ka mokhoa o tsʼoanang, Moholo Neil A. Maxwell o ela hloko hore“ Ka hare ho nalane ea mangolo, re bona liteko tse iphetang ho hobosa baporofetae le ho ba leleka—ho ba hloaea e le ho ba nyenyefatsa. Haholo, le ha ho lejoalo, ba iphapanyelelitsoe ke ba nakong ea bona le ke nalane ea ntho tse seng tsa se Moea. Kamorao ho tsohle, ba-Kreste ba pele ba ne ba bitsoa feelaʼ sehlopha sa ba-Nazarene.’ (Liketso 24:5.)” (“Out of Obscurity,” Ensign, Pulungoana. 1984, 10).

  12. Bona1 Nefi 18:1–2.

  13. Benjamín De Hoyos, “Called to Be Saints,” Liahona, Motsʼeanong 2011, 106.

  14. Le ha re se na taolo holima seo batho ba bang ba ka re bitsang sona, re na le taolo e feletseng holima hore na re ipitsa joang. Re ka lebella joang hore ba bang ha hlomphe lebitso le nepahetseng la kereke haeba rona re le litho tsa eona re sitoa ho etsa joalo?

  15. Tataiso ea Mokhoa—Lebitso la Kereke,” mormonnewsroom.org.

  16. LentsoeMohalaleli le sebelisoa hangata ka Bibeleng. Lengolong la Paulosi ho ba-Efese, mohlala, o sebelisitse lentsoe mohalaleli bonyane ha ngoe khaolong e ngoe le e ngoe. Mohalaleli ke motho ea lumelang ho Jesu Kreste ’me a pheela ho Mo latela.

  17. Doctrine and Covenants 121:33.

Hatisa