2020
Mo Utloe
Motśeanong 2020


Setśoantśo
bosebeletsi

Setśoantśo ka Mason Coberly

Molaetsa oa Boetapele ba Pele, Motśeanong 2020

Mo Utloe

Ntat`a rona o oa tseba hore ha re potapotiloe ke ho hloka bonnete le tśabo, se tla re thusa ka ho fetesisa ke ho utloa Mora oa Hae.

Bana beso ba ratehang, ke tletse teboho ha ka kang hore ka tśebeliso ea mahlale a marangrang re bile le bokhoni ba ho kopana hammoho le ho rapela `moho hoseng hona ha Sontaha. Re hlohonolofetse ha ka kang ho tseba hore evangeli ea Jesu Kreste e tsosolositsoe lefatśeng!

Libeke tse `maloa tse fetileng, boholo ba rona re fihletse litśitiso maphelong a rona ka bonngoe. Ho reketla ha lefatśe, mello, likhohola, lioa, `me litlamorao tsa teng li hlophollotse litloaelo `me tsa baka khahello ea lijo , tse tloaelehileng, le lipolokelo.

Ka hare ho tsohle, rea le babatsa le ho le leboha ka ho khetha ho utloa lentsoe la Morena nakong ena ea pherekano ka ho kenella le rona sebokeng se akaretsang. Lefifi le ntseng le eketseha le tsamaeang le matśoenyeho le etsa hore khanya ea Jesu Kreste e tsoelepele ho khanya le ho feta. Nahana feela ka botle boo emong le e mong oa rona a ka bo etsang nakong ena ea ho ferekana ha lefatśe. Lerato la hau le tumelo ho Mopholosi e ka hla ea eba tsona sesosa ho motho e mong ho fumana tsosoloso ea evangeli ea Jesu Kreste ka botlalo.

Lilemo tse peli tse fetileng ՚m`e Nelson le `na re kopane le likete-kete tsa lona ho potoloha lefatśe. Re kopane le lona mabaleng a kantle le ka hara li holo tsa lihotele. Sebakeng se seng le se seng, ke ikutloile hore ke ne ke le hara boteng ba bakhethoa ba Morena `me ke ne ke bona hobokelloa ha Israele ho etsahala kapela mahlo a ka.

Re phela nakong eo “bo ntat`a rona ba ileng ba e emela ka tebello e nang le thahasello.”1 Re na le tulo e moleng o ka pele ho paka ha ho etsahala seo moporofeta Nefi a ileng a se bona ponong feela,hore“matla a Konyana ea Molimo” a tla theohela “ holima batho ba selekane ba Morena, ba neng ba qhalakane holima sefahleho sohle sa lefatśe; `me ba ne ba hlometse kaho loka le ka matla a Molimo ka khanya e kholo.”2

Lona, bana beso, le hara banna, basali, le bana bao Nefi a ileng a ba bona. Nahanang ka seo!

Ho sa tsotellehe hore na u phela kae kapa hore na maemo a hau ke a fe, Morena Jesu Kreste ke Mopholosi oa hau, le Moporofeta Joseph Smith ke moporofeta oa hau. O ne a reriloe pele ho metheo ea lefatśe ho ba moporofeta oa phethiso ena ea ho qetela, ha “ ho se na letho le tla patoa”3 ho Bahalaleli. Tśenolelo e tsoelapele ho phalla ho tsoa ho Morena nakong ena e tsoelang pele ea tsosoloso.

Ho bolelang ho oena hore evangeli ea Jesu Kreste e tsosolositsoe lefatśeng?

Ho bolela hore oena le lelapa la hau le ka tlamahangoa hammoho ka ho sa feleng! Hobolela hore hobane u kolobelitsoe ke ea nang le tokelo ho tsoa ho Jesu Kreste `me u tiisitsoe u le setho sa Kereke ea Hae, u ka natefeloa ke setsoalle sa kamehla sa Moea o Halalelang. O tla u tataisa le ho u tśireletsa. Ho bolela hore u keke ua sala u hloka boiketlo kapa u se na monyetla ho matla a Molimo ho u thusa. Ho bolela hore matla a boprista a ka u hlohonolofatsa ha u ntse u fumana litśebeletso tsa mantlha le ho etsa lilekane le Molimo `me u li boloka. Linnete tse ke tśehetso e kaakang ho meea ea rona, haholo-holo linakong tse ha sefefo se le bohale.

Buka ea Mormone e lokolisa lipale tsa khale tsa ho phahama le ho oela ha lichaba tse peli tse kholo. Nalane ea bona e bontśa kamoo ho leng bobebe bakeng sa batho ba bangata ho lebala Molimo, ho hana litemoso tsa baporofeta ba Morena, `me ba batle matla, setumo, le menate ea nama.4 Ka makhetlo, baporofeta ba fetileng ba phatlalalitse “ ntho tse kholo tse hlollang ho batho, tseo ba sa kang ba li lumela.”5

Ha hoa fapana matsatsing a rona. Ka lilemo-lemo, ntho tse kholo tse hlollang li mametsoe ho tloha lifalaneng tse khethehileng ho tśela lefatśe. Le ha ho le joalo batho ha ba amohele linnete tsena—e ka ba hobane ha ba tsebe hore na ba li shebe hokae 6 kapa hobane ba mamela bao ba se nang `nete eohle kapa ba lahlile `nete molemong oa litabatabelo tsa lefatśe.

Sera se masene. Bakeng sa lilemo tse sekete esale a etsa hore botle bo shebahale bo le bobe `me bobe bo shebahale bo le botle.7 Melaetsa ea hae e tloatse ho ba lerata, ho ba sebete, le ho ba le boikhohomoso.

Le ha ho le joalo, melaetsa e tsoang ho Ntat`a rona ea Maholimong e fapane ka mokhoa o makatsang. O re buisa ha bonolo, ka khutso, `me ka bobebe bo makatsang hoo re ke keng ra khona ho se mo utloisisi.8

Mohlala, neng kapa neng ha a tsebisa Mora oa hae ea inotśi ho batho holima lefatśe, o entse seo ka mantsoe a fokolang bo hlollang. Thabeng ea phetoho ho Petrose, Jakobo, le Johanne, Molimo o ile a re, “ Enona ke mora oaka ea ratehang: mo utloeng.”9 Mantsoe a hae ho ba-Nefi nakong ea Bountiful ea khale e ne le “ Bonang Mora oaka ea Ratehang, eo ho eena ke khahluoeng hantle, eo kaho eena ke tlotlisitseng lebitso la ka—lona mo utloeng.”10 `Me ho Joseph Smith, ka eona phatlalatso eo e tebileng e butseng phethiso ena, Molimo o ile a re ka bonolo, “Enoa ke Mora oaka ea Ratehang. Mo utloe!11

Joale, bana beso, nahanang `nete ea hore mehlala ena e meraro e boletsoeng, hang feela pele Ntate a tsebisa Mora, batho ba nkileng karolo ba ne ba le boemong ba tśabo le, ho isa boemong bo itseng ho tsieleha.

Ba-apostola ba ne ba tśohile ha ba bona Jesu Kreste a potapotiloe ke leru thabeng ea phetoho.

Ba-Nefi ba ne ba tśohile hobane ba ne ba fetile boemong ba tśenyo le lefifi bakeng sa matsatsi a `maloa.

Joseph Smith o ne a le litlamong tsa matla a lefifi hang pele maholimo a buleha.

Ntat`a rona o oa tseba hore ha re potapotiloe ke ho hloka bonnete le tśabo, se tla re thusa ka ho fetesisa ke ho utloa Mora oa Hae.

Hobane ha re batla ho utloa—ho utloa e le kannete—Mora oa hae, re tla tataisetsoa ho tseba seo re ka se etsang maemong ohle.

Lentsoe la pele haholo ka hare ho Melao ea thuto le Lilekane ke mamelang12 Le bolela ho utloa ka morero oa ho mamela.”13 Ho mamela ho bolela “ho mo utloa”— ho utloa seo Mopholosi a se buang `me e be ho latela boeletsi ba hae. Ka mantsoe ao a mabeli—“ Mo Utloeng”—Molimo o re fa masehello a katleho, thabo, le nyakallo bophelong bona. Re tśoanela ho utloa mantsoe a Morena, ho a mamela, le ho latela seo a re boleletseng sona!

Ha re ntse re batla ho ba balateli ba Jesu Kreste, matla a rona a ho mo utloa a hloka hore kamehla a be ka morero haholoanyane. Ho nka matla a nang le tlhokomelo `me a sa fetoheng ho tlatsa maphelo a rona ka mantsoe a hae, lithuto tsa hae, le linnete tsa hae.

Re keke ra itśetleha ha bonolo feela ka litaba tseo re thulanang le tsona marang-rang a litaba tsa sechaba. Ka libilone tsa mantsoe ho marang-rang `me le ka hara lefatśe le tletseng lipapatso khafetsa tse kenelletsoeng ke matla a boitśoaro bo bobe bo lerata ba sera,ke kae moo re ka eang ho lo mo utloa?

Re ka ea mangolong a halalelang. A re ruta ka Jesu Kreste le evangeli ea hae, boholo ba topollo ea hae, le morero o moholo oa ntat`a rona oa thabo le topollo. Ho teba ka hara lentsoe la Molimo letsatsi ka leng ho bohlokoa bakeng sa ho pholoha moeng, haholo matsatsing a na a pherekano e ntseng e eketseha. Ha re ntse re keteka holima mantsoe a Kreste letsatsi ka leng, mantsoe a Kreste a tla re bolella hore na re arabela joang mathata ao re so ka re nahana hore re tla tobana le oona.

Hape re ka mo utloa ka tempeleng. Ntlo ea Morena ke ntlo ea ho ithuta. Moo Morena o re ruta ka tsela ea hae. Moo tśebeletso e ngoe le e ngoe e ruta ka Mopholosi Moo re ithuta hore na ke joang re ka phetlang lesira `me re buisane kaho hlaka haholoanyane le leholimo. Moo re ithuta hore na ke joang re ka khalemang sera `me ra kha holima matla a boprista ba Morena ho re matlafatsa le baratuoa ba rona. Kamoo emong le emong oa rona a tlamehang ho ba le cheseho ea ho batla botśabeli moo.

Ha lipehelo tsena tsa nakoana tsa COVID-19 li phahamisoa, ka kopo emisa nako khafetsa ea ho rapela le ho sebeletsa tempeleng. Motsotso o mong le o mong oa nako eo o tla o hlohonolofatsa le lelapa la hau ka litsela tseo ho seng letho le leng le ka khonang. Nka nako ho nahanisisa seo u se utloang le ho ikutloa ha u le moo. Kopa Morena ho u ruta ho bula maholimo ho hlohonolofatsa bophelo ba hau le maphelo a bao u ba ratang le ho ba sebeletsa.

Le ha ho rapela tempeleng hajoale ho sa khonehe, ke le mema ho eketsa ho nka karolo ho nalane ea lelapa, ho kenyeletsa ho etsa lipatlisiso le ho supa ka nalane ea lelapa. Ke tśepisa hore ha u ntse eketsa nako ea hau ka hara mosebetsi oa tempele le nalane ea lelapa, u tla eketsa le ho matlafatsa bokhoni ba hau ba ho mo utloa.

Hape re mo utloa ka ho hlaka haholoanyane ha re ntse re ntlafatsa bokhoni ba rona ho hlokomela linyenyeletso tsa Moea o Halalelang. Ho hona nako e kileng ea ba bohlokoa ho tseba hore na Moea o bua joang le uena ho feta honajoale, Ka hara Bo-molimo, Moea o Halalelang ke morumuoa. O tla tlisa mehopolo kelellong ea hau eo Ntate le mora ba batlang hore u e fumane. Ke Motśelisi. O tla tlisa boikutlo ba khotso pelong ea hau. O pakahatsa ka `nete `me o tla tiisa seo e leng `nete ha u ntse u utloa leho bala lentsoe la Morena.

Ke nchafatsa kopo eaka bakeng sa hore le etse sohle se hlokahalang ho eketsa bokhoni ba semoea ho amohela tśenolelo ea bo `ngoe

Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u tsebe hore na u ea pele joang bophelong ba hau, seo u tlamehang ho se etsa nakong ea tlokotsi, le ho elelloa le ho phema liteko le maraba a sera.

`Me qetellong, re mo utloa ha re latela mantsoe a baporofeta, linohe, le basenoli. Ba-Apostola ba beuoeng matsoho ba Jesu Kreste ba paka ka Eena. Ba supa tsela ha re ntse re etsa tsela ea rona hara masisa-pelo a matsoeli-ntsoeke a boiphihlelo ba bophelo ba rona ba lefatśeng

Ho tla etsahalang ha u ikemisetsa haholoanyane ho utloa, ho mamela, le ho latela seo Mopholosi a se buieleng le seo a se buileng ka baporofeta ba hae? Ke tśepisa hore u tla hlohonolofatsoa ka matla a eketsehileng ho tobana le liteko, mathata, le mefokolo, Ke tśepisa mehlolo lenyalong la hau, likamano tsa malapa, le mosebetsing oa hau oa letsatsi ka leng. `Me ke tśepisa hore bokhoni ba hau ho ikutloa u nyakaletse bo tla eketseha le ha meferefere e eketseha bophelong ba hau.

Hatisa