Mangolo a halalelang
2 Nefi 15


Khaolo ea 15

Ts’imo ea morara (Iseraele) ea Morena e tla fetoha lesupi, ’me sechaba sa Hae se tla qhalana—Bomalimabe bo tla oela holima boemo ba bona ba ho koeneha le ho qhalana—Morena o tla phahamisa lets’oao le ho bokella Iseraele—Bapisa Esaia 5. Ka bo 559–545 B.C.

1 Ke tla binela moratuoa oa ka pina ea moratuoa oa ka, malebana le ts’imo ea hae ea morara. Moratuoa oa ka o na le ts’imo ea morara leralleng le nonneng.

2 ’Me o e kampetse, ’me a bokella majoe ho tsoa ho eona, ’me a hloma merara e khethehileng, ’me a haha tora har’a eona, ’me hape a etsa sehatello sa veine teng; ’me a lebella hore e tla beha tholoana tse monate, ’me e behile tholoana tse babang.

3 ’Me joale, Oho lona ba ahileng Jerusalema, le banna ba Juda, ahlolang, kea le kopa, pakeng tsa ka le ts’imo ea ka ea morara.

4 Keng se ka beng se etselitsoe ts’imo eaka ea morara ho feta seo ke se entseng? Ka baka leo, ha ke ne ke lebeletse hore etla tlisa litholoana tse monate e tlisitse litholoana tse babang.

5 ’Me joale e eang; Ke tla le bolella seo ke tlang ho se etsa ho ts’imo ea ka ea morara—ke tla tlosa lekhoakhoa la eona, ’me e tla jeoa; ’me ke tla liela lerako la eona, ’me e tla hatakeloa;

6 ’Me ke tla e senya; e se hlole e hlaholoa kapa ho lengoa; empa ho tla mela libajoa le meutloa; hape ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula holima eona.

7 Hobane ts’imo ea morara ea Morena ke ntlo ea Iseraele, ’me banna ba Juda ke litlama tse mo khahlisang; ’me o ne a lebeletse ho loka, ’me bonang, khatello; bakeng sa ho loka, empa bonang, mohoo oa hloreho.

8 Ho malimabe ba kopanyang ntlo le ntlo, ho fihlela baka se fela, hore ba tle ba behoe ba le bang har’a lefat’se!

9 Morena oa makhotla o boletse litsebeng tsa ka, ruri, matlo ao a mangata e tla ba lesupi, ’me metse e mehoholo e metle e hloke ba tla phela teng.

10 Ee, litema tse leshome tsa merara li tla beha bathe e le ngoe, ’me peo ea homere ea hlanyelo e behe efa e le ’ngoe.

11 Ho malimabe ba tsohang hoseng ka matjeke, hore ba phehelle joala, ba sa bo tloheleng ho isa ka phirimana, ho fihlela ba tahoa!

12 ’Me harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona meketeng ea bona, empa ha ba ele hloko mosebetsi oa Morena, leha e le ho nahana ts’ebetso ea matsoho a hae.

13 Ka baka leo, sechaba sa ka se se se ile litlamong, hobane ha se na tsebo; ’me baholo ba hlomphehang ba sona ba lapa, bongata ba sona bo omella ke lenyora.

14 Ka baka leo, lihele li ikhabolotse, molomo oa teng o ahlamile ka ho fetisisa; ’me khanya ea bona, le bongata ba bona, le bokhabane ba bona, le ea nyakallang, ba tla theohela teng.

15 Bao e leng batho feela ba tla kokobetsoa, ’me ba baholo ba nyenyefatsoe, ’me mahlo a baikhant’si a tla kokobetsoa.

16 Empa Morena oa Makhotla o tla phahamisoa ka kahlolo, ’me Molimo ea halalelang o tla halaletsoa ka ho loka.

17 Joale likonyana li tla fula ho latela mokhoa oa teng, ’me libaka tse senyehileng tsa ba nonneng li tla jeoa ke balichaba.

18 Ho malimabe ba ikhulelang bokhopo ka mehala ea lefeela, ’me ba its’oarelle sebeng joalo ka teu ea koloi;

19 Ba re: Ha a phakise, a akofise mosebetsi oa hae, hore re tle re o bone; ’Me a tlohelle keletso ea Mohalaleli oa Iseraele e atamele haufi e tle, hore re tle re e tsebe.

20 Ho malimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe, ba etsang lefifi leseli le leseli ba le etsa lefifi, ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!

21 Ho malimabe ba bohlale mahlong a bona ’me ba masene ponong ea bona!

22 Ho malimabe ba matla ho noa veine, le batho ba linatla ho lomosa joala;

23 Ba latolelang molato ea khopo ka baka la moputso, ’me ba amohang ea lokileng ho loka ha hae!

24 Ka baka leo, joaloka mollo ha o ja litlhaka, le lelakabe ha le chesa hlaha, motso oa bona o tla bola, ’me o fele joalo, le palesa ea bona e tla foforeha joaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao oa Morena oa makhotla, ba nyelisitse lentsoe la Mohalaleli oa Iseraele.

25 Ka baka leo, khalefo ea Morena e tuketse sechaba sa hae, ’me o otlolletse letsoho la hae khahlanong le sona, o se otlile; ’me maralla a sisinyeha; litopo tsa bona li ranthane ka har’a ’mila. Hobane khalefo ena eohle ea hae ha e ba furalle, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

26 ’Me o tla emisetsa lichaba tse hole folakha ea hae, ’me o tla li hlabela mokhosi ho tsoa pheletsong ea lefats’e; ’me bonang, li tla phalla, li tla ka lebelo; ha hona ea tla khathala kapa ho khoptjoa har’a bona.

27 Ha ho ea tla otsela le ho robala; leha maqhama a bona a ke ke a tlamoloha mathekeng a bona, kapa likhole tsa lieta tsa bona li ke ke tsa lokoloha;

28 Metsu ea bona e tla ba bohale, ’me liqha tsohle tsa bona li kobiloe, le likhaba tsa litlhako tsa lipere tsa bona li joaloka majoe a thata, le mabili a bona joaloka setsokotsane, ’me ho puruma ha bona joaloka tau.

29 Ba tla puruma joalo ka litau tse nyane; ee, ba tla puruma, ’me ba ts’oare phofu, ’me ba nke ka polokeho, ’me ha ho na ea tla pholosa.

30 ’Me tsatsing leo, ba tlapuruma khahlanong le bona joalo ka ho rora ha leoatle, ’me ha ba ka sheba lefats’eng leo, bonang, lefifi le mahlomola, ’me leseli lea fifatsoa maholimong ao.

Hatisa