Mangolo a halalelang
2 Nefi 24


Khaolo ea 24

Iseraele e tla bokelloa ’me e tla natefeloa ke phomolo ea lilemo tse sekete—Mohlasela lichaba o ile a lahleloa ka ntle leholimong ka lebaka la ho fetoha—Iseraele e tla fumana tlholo holima Babilona (lefats’e)—Bapisa Esaia 14. Ka bo 559–545 B.C.

1 Hobane Morena o tla ba le qenehelo ho Jakobo, ’me o sa tla khetha Iseraele, a ba ahise lefats’eng la bona; ’me balichaba ba tla kopana le bona, ba khomarele ntlo ea Jakobo.

2 ’Me batho ba tlaba nka ba ba tlise sebakeng sa bona; ee, ho tloha hole ho ea lipheletsong tsa lefats’e; ’me ba tla khutlela mafats’eng a bona a pallo. ’Me ntlo ea Iseraele e tla ba rua, ’me lefats’e la Morena e tla ba bakeng sa bahlanka le makhabunyane: ’me ba tla ba nka ho ba isa litlamong ho bao ba neng ba le litlamong; ’me ba tla busa bahatelli ba bona.

3 ’Me ho tla etsahala hore ka letsatsi leo Morena a u fe phomolo, ho tsoa mahlomoleng, le ho tsoa ts’abong, le ho tsoa litlamong tse thata moo le ileng la etsoa hore le sebeletse.

4 ’Me ho tla etsahala hore ka letatsi leo, hore le tla nka maele a na khahlanong le morena oa Babilona, ’me le re: Na mohatelli o felile joang, motse oa khauta o felile!

5 Morena o robile lere la ba khopo, le molamu oa babusi.

6 Eo ka khalefo a neng a otla lichaba ka kotlo e sa emising, ea neng a busa lichaba ka bohale, o oa hlorisoa, ’me ha ho ea thibelang.

7 Lefats’e kaofela le phomotse, ’me le khutsitse, ba hlaba lipina tsa nyakallo.

8 Ee, likiprese li thabetse ts’enyeho ea hao, le likedare tsa Lebanone, li re: Haesale o robatsoa fats’e, ha ho ea tlileng holimo khahlanong le rona.

9 Lihele ka tlase li fuluehile bakeng sa hao, ho o khahlanyetsa ha o fihla; li tsositse ba shoeleng ka baka la hao, esita le bohle ba matla ba lefats’e, le marena kaofela a lichaba li a emisitse teroneng tsa ona.

10 Kaofela ha bona ba tla bua, ba re ho oena: Le oena o fetohile ea fokolang joaloka rona? O fetohile ea ts’oanang le rona na?

11 Bokhabane ba hao bo tlisitsoe tlase mabitleng; le meloli ea liharepa tsa hao ha e utloahale; ts’enyane ke moalo ka tlasa hao, o apesitsoe ka liboko.

12 O oele joang leholimong, mphatlalatsane, mor’a mafube! O rapalalitsoe joang fats’e, oena, mohlasela lichaba!

13 Hobane o ne o itse pelong ea hao: Ke tla hloella leholimong, ke phahamile terone ea ka ka holima linaleli tsa Molimo, ke lule thabeng ea phutheho mahlakoreng a ka leboea;

14 Ke tla nyolohela holima bophahamo ba maru; ke be joalo ka Ea holimo-limo.

15 Le ha ho le joalo o tla tlisoa tlase liheleng, mahlakoreng a sekoti.

16 Ba o bonang ba tla o nyarela, ba o talimisisetsa haufi, ’me ba re: Na eo ke eena monna ea neng a etsa hore lefats’e le thothomele, ea neng a sisinya mebuso ea lona?

17 ’Me ea entseng lefats’e lefella, ’me ea sentseng metse ea lona, ea sa kang a bula ntlo ea bats’oaruoa ba hae na?

18 Marena ohle a lichaba, ee, kaofela ha ona, a epetsoe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.

19 Empa oena o lahliloe hole le lebitla la hao, joaloka lekala le manyala, ’me ho setseng ha bao ba bolailoeng, ba hlabiloe ka sabole, ba eang tlase majoeng a sekoti; joaloka setopo se hatakeloang ka maoto.

20 Ha o na ho kenyeletsoa le bona lepatong, hobane o sentse lefats’e la hao, ’me o bolaile sechaba sa hao; peo ea baetsi ba khopo e ke ke ea hlola e boleloa le ka mohla o le mong.

21 Lokisetsang bana ba hae polao ka baka la bokhopo ba bo ntat’a bona, ba tle ba se ke ba tsoha, ba rua lefats’e, ba se ke ba tlatsa lefats’e ka metse ea bona.

22 Hobane ke tla tsoha khahlanong le bona, ho bolela Morena oa Makhotla; ke tla khaola ho Babilona lebitso, le ho setseng ha hae, le mora, le mochana, ho bolela Morena.

23 Ke tla e etsa hape thuo ea letsaba la lihlong, le matamo a metsi; ’me ke mo fiele ka lefielo la ts’enyo, ho bolela Morena oa Makhotla.

24 Morena oa makhotla o hlapantse, a re: Ruri, seo ke se hopotseng, se tla etsahala; le seo ke se rerileng, se tla hlaha—

25 Hore ke tla tlisa Baassiria lefats’eng la ka, ’me ke ba hatakele ka maoto lithabeng tsa ka; joale batho ba ka ba lokolloe jokong ea hae, ’me ba jarolloe phahlo ea hae melaleng ea bona.

26 Ke oona morero o reriloeng holima lefats’e lohle; ’me ke lona letsoho le otlolletsoeng holima lichaba tsohle.

27 Hobane Morena oa makhotla o rerile; ’me ke mang ea ka hanang? ’Me letsoho la hae le otlolohile; ’me ea ka le honyetsang ke mang?

28 Ka selemo seo Akase a shoeleng ka sona, ha boleloa boporofeta bona.

29 O se ke oa thaba oena, Filistia eohle, hobane thupa ea ea neng a o otla e robehile; hobane motsong oa noha ho tla tsoa qooane, ’me tholoana ea eona e tla ba noha e fofang e tukang.

30 ’Me matsibolo a bahloki ba hlokang haholo ba tla ja, ’me bafumanehi ba phomole ka polokeho; ’me ke tla timetsa motso oa hau ka tlala, ’me ho setseng ho uena ho tla bolaoa.

31 Itelele Oho khoro; bokolla, Oho motse, oena, oena Filesta eohle, ha oa hlophiseha; hobane ho tla tla mosi o tsoang leboea; ’me ha ho ea tla ba mong nakong ea ho khethoa ha hae.

32 Ho tla thoeng ho ba romiloeng ba sechaba? Hore Morena o theile Sione, ’me bafutsana ba sechaba sa hae ba ts’abetse teng.

Hatisa