Mangolo a halalelang
2 Nefi 16


Khaolo ea 16

Esaia o bona Morena—Libe tsa Esaia lia tso’oareloa—O bitsetsoa ho porofeta—O porofeta ka ho hana lithuto tsa Kreste ha Ba-Juda—Karolo e setseng e tla khutla—Bapisa Esaia 6. Ka bo 559–545 B.C.

1 Ka selemo sa ho shoa ha morena Osiase, ka bona Morena a lutse teroneng e kholo, e phahameng; mophetho oa seaparo sa hae oa tlala tempele.

2 Lirafime li ne li eme holimo ho eena; se seng le se seng se ne se na le mapheo a ts’eletseng; ka a mabeli o ne a its’irela sefahleho, ka a mabeli o ne a ikoahela maoto, ka a mabeli o ne a rura.

3 Tsa hoeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Morena oa Makhotla; lefats’e lohle le tletse khanya ea hae.

4 ’Me metheo ea menyako ea tempele e sisinyeha ke lentsoe la mohoo oo, ’me tempele ea tlala mosi.

5 Eaba ke re: Ho malimabe ’na, ke timetse, hobane ke motho ea melomo e lits’ila, ke ahile hara sechaba se melomo e lits’ila, ’me mahlo a ka a bone Morena, Morena oa Makhotla, ka mahlo.

6 Joale serafime se seng sa rurela ho ’na, se ts’oere leshala le hlenneng letsohong la sona, leo se le okhileng aletareng ka letlao;

7 ’Me o ile a ama molomo oa ka ka lona, ’me a re: Oho leshala lena le amile melomo ea hao; joale, bokhopo ba hao bo tlositsoe, sebe sa hao se phekotsoe.

8 Hape ka utloa lentsoe la Morena, le re: Ke tla roma mang, Ho tla ea mang bakeng sa rona? Joale ka re: Ke ’na enoa; roma ’na.

9 Me a re: Eea, o bolelle sechaba sena—Le tla mamela, empa le ke ke la utlosisa; le tla talima, empa le ke ke la lemoha.

10 Nonts’a pelo tsa batho bana, o thatafatse litsebe tsa bona, ’me o ba foufatse mahlo—esere ba bone ka mahlo a bona, ’me ba utloe ka litsebe, ’me ba utloisise ka pelo ea bona, ’me ba sokolohe ’me ba folisoe.

11 Eaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? ’Me a re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;

12 ’Me Morena o isitse batho hole, hobane ho tla ba le ho furalla ho hoholo har’a lefats’e leo.

13 Empa le teng ho tla ba le karolo ea leshome, ’me ba tla khutla, ’me ba tla jeoa joaloka sefate sa terebinthe le sa eike tseo boleng ba tsona bo leng ka har’a tsona ha li lahla makhasi a tsona; joale peo e halalelang e tla ba boleng ba teng.

Hatisa