Mangolo a halalelang
2 Nefi 13


Khaolo ea 13

Juda le Jerusalema ba tla otleloa ho se mamele ha bona—Morena o buella le ho ahlola batho ba hae—Barali ba Sione ba rohakehile ’me ba hlohokofatsoa ka lebaka la litakatso tsa lefats’e—Bapisa Esaia 3. Ka bo 559–545 B.C.

1 Hobane bonang, Morena, Morena oa Makhotla, o tlosa ho tsoa ho Jerusalema le ho Juda, ts’ehetso le bophelo, bophelo bohle ba bohobe, le ts’ehetso eohle ea metsi—

2 Monna ea matla, le monna oa ntoa, moahloli, le moporofeta, le ea bohlale, le e moholo;

3 Molaoli oa ba mashome a mahlano, motho ea ts’epahalang, le moeletsi, le ea maano mosebetsing, le sebui se hlakileng.

4 ’Me ke tla ba fa bana ho ba likhosana tsa bona, ’me masea a tla ba busa.

5 ’Me batho ba tla hatelloa, e mong le e mong ke e mong, ’me e mong le e mong ke mohaisane oa hae; ngoana o tla it’soara ka ho ikhohomosa khahlanong le ba baholo, le ea mobe khahlanong le ea ts’epahalang.

6 Ha motho a tla ts’oara ngoana’bo ka tlung ea ntat’ae, ’me a re: U na le seaparo, e ba ’musi oa rona, ’me u se ke oa lumella ts’enyo ena tlasa letsoho la hau—

7 Letsatsing leo o tla hlapanya, a re: Nke ke ka ba mofolisi; hobane ka tlung eaka ha hona bohobe kapa liaparo; se ke oa nketsa ’musi oa batho bao.

8 Hobane Jerusalema e senyehile, le Juda e oele, hobane maleme a bona le liketso tsa bona li bile khahlanong le Morena, ho qholotsa mahlo a khanya ea hae.

9 Chalimo ea lifahleho tsa bona e pakahatsa khahlanong le bona, ’me e phatlalatsa sebe sa bona esita joaloka Sodoma, ’me ha ba khone ho se pata. Ho malimabe meea ea bona, hobane ba iputsitse ka bobe ho bona!

10 E re ho ba lokileng hore ho hantle ka bona; hobane ba tla ja tholoana ea liketso tsa bona.

11 Ho malimabe ba khopo, hobane ba tla timela, hobane moputso oa matsoho a bona o tla ba holima bona!

12 ’Me batho ba ka, bana ke bahatelli ba bona, ’me basali ba ea ba busa. Oho batho ba ka, ba le etelletseng ba etsa hore le fose le senye tsela ea mekhoa ea lona.

13 Morena o eme ho kopa, ’me o eme ho ahlola.

14 Morena o tla kena kahlolong le ba baholo ba batho ba hae le likhosana tsa bona; hobane le jele ts’imo ea morara le tlatlapo ea bafutsana e ka matlong a lona.

15 Le bolelang? Le otla batho ba ka likotoana, ’me le sila lifahleho tsa bafutsana, ho bolela Morena Molimo oa Makhotla.

16 Ho feta moo, ho bolela Morena: Hobane barali ba Sione ba ea ikhants’a, ’me ba tsamaea ka melala e sataletseng le mahlo a nyemotsang, ba nants’a maoto ha ba ntse ba ea, ’me ba roaretsa ka maoto a bona—

17 Ka baka leo Morena o tla ba otla ka lekhopho la moqhaka oa barali ba Sione, ’me Morena o tla apola lihlong tsa bona.

18 Ka letsatsi leo Morena o tla tlosa bokhabane ba mekhabiso ea bona e llang, le meriri, le mekhabiso e chilikoe ba khoeli;

19 Masale a ’mofa le mefits’ana, le masira a kase;

20 Mefapahloho, le mekhabiso ea maoto, le marapo a hlooho, le likooma tsa litlolo, le masale;

21 Masale a menoana, le mekali e lepeletseng linkong;

22 Liphahlo tsa mekhabo tsa meaparo, le likhela, le mese e phuphuthang, le metsu ea moriri;

23 Liipone, le masela a boleana a lene e ntle, le masira.

24 ’Me ho tla etsahala hore, bakeng sa monko o monate e tla ba seputa; ’me bakeng sa senyepa, e be lerapo; ’me bakeng sa mangetse a foriloeng hantle, e be mafatla; ’me bakeng sa seaparo, e be lesela le mahoashe; ho chesoa ka lets’oao bakeng sa botle ba sefahleho.

25 Banna ba hao ba tla lihuoa ka sabole le ba hao ba matla ntoeng.

26 ’Me likhoro tsa hae li tla lla ’me li bokolle; ’me o tla fetoha lesupi, ’me o tla lula fats’e.

Hatisa