Mangolo a halalelang
2 Nefi 3


Khaolo ea 3

Josefa oa Egepeta o bone Ba-Nefi ponong—O ile a porofeta ka Joseph Smith, ralipono oa mehla ea kajeno; ka Moshe, ea tla lopolla Iseraele; le ka ho tla ha Buka ea Mormone. Ka bo 588–570 B.C.

1 ’Me joale ke bua ho uena, Josefa, khorula ea ka. U ile ua hlahela lefelleng la mahlomola a ka; ee, ke matsatsing a masoabi a ka a maholo ’mao a ileng a u tsoala.

2 ’Me e ke Morena a ka u hlohonolofaletsa lefats’e lena le uena, leo e leng lefats’e la bohlokoa haholo, bakeng sa bojalefa ba hau le bojalefa ba peo ea bana beno, bakeng sa polokeho ea lona ka ho sa feleng, haeba ho etsahala hore le tla boloka litaelo tsa Mohalaleli oa Iseraele.

3 ’Me joale, Josefa, khorula eaka, eo ke mo tlisitseng ho tsoa lefelleng la mahlomola a ka, e se eka Morena a ka u hlohonolofatsa ka ho sa feleng, hobane peo ea hau ha e na ho timetsoa kaofela.

4 Hobane bona, u tholoana ea letheka la ka; ’me ke setloholo sa Josefa ea ileng a nkeloa litlamong ho kena Egepeta. ’Me li ne li le kholo lilekane tsa Morena tseo a li entseng le Josefa.

5 Ka baka leo, Josefa ka ’nete o bone letsatsi la rona. ’Me o fumane ts’episo ea Morena, hore ho tsoa tholoaneng ea letheka la hae Morena Molimo o tla phahamisa lekala le lokileng ho ntlo ea Iseraele; e seng Messia, empa lekala leo a neng a tla le roba, ka baka leo, le tle le hopoloe lilekaneng tsa Morena hore Messia o tla etsoa hore a itlhahise ho bona matsatsing a ho qetela, ka moea oa matla, ho ba tlisa ho tsoa lefifing ho ea khanyeng—ee, ho tsoa lefifing le patiloeng le ho tsoa litlamong ho ea tokolohong.

6 Hobane Josefa ka ’nete o ile a paka, a re: Morena Molimo oaka o tla phahamisa ralipono, eo e tla bang ralipono ea khethehileng oa tholoana ea letheka la ka.

7 Ee, ka ’nete Josefa a re: Ka hona Morena o itse ho ’na: Ke tla phahamisa ralipono ea khethehileng ho tsoa tholoaneng ea letheka la hau; ’me o tla hlompheloa holimo har’a ba tholoana ea letheka la hau. ’Me ho eena ke tla fana ka taelo hore a etse mosebetsi bakeng sa tholoana ea letheka la hau, bana babo, o tla ba bohlokoa haholo ho bona, esita le ho ba tlisa tsebong ea lilekane tseo ke li entseng le bo ntata’o.

8 ’Me ke tla mo fa taelo hore ha a na ho etsa o mong mosebetsi, haese mosebetsi oo ke tlang ho mo laela oona. ’Me ke tla etsa hore a be moholo mahlong a ka; hobane o tla etsa mosebetsi oaka.

9 ’Me o tla ba moholo joaloka Moshe, eo ke itseng ke tla mo phahamisa ho uena, ho lopolla batho ba ka, Oho ntlo ea Iseraele.

10 ’Me Moshe ke tla mo phahamisa, ho lopolla batho ba hau ho tsoa lefats’eng la Egepeta.

11 Empa ralipono ke tla mo phahamisa ho tsoa tholoaneng ea letheka la hau; ’me ho eena ke tla fana ka matla a ho tlisa pele lentsoe la ka ho peo ea letheka la hau—’me e se ho tliseng pele lentsoe la ka feela, ho bolela Morena, empa ho ba kholisa ka lentsoe la ka, le tla beng le se ntse le ile la ea pele har’a bona.

12 Ka baka leo, tholoana ea letheka la hau e tla ngola; le tholoana ea letheka la juda e tla ngola; ’me se tla ngoloa ke tholoana ea letheka la hau, le hape se tla ngoloa ke tholoana ea letheka la Juda, li tla hola hammoho, ho hlola lithuto tsa bohata le ho felisa likhang, le ho theha khotso har’a tholoana ea letheka la hau, le ho ba tlisa tsebong ea bontat’a bona matsatsing a ho qetela, le hape ho tsebo ea lilekane tsa ka, ho bolela Morena.

13 ’Me ho tsoa mefokolong o tla etsoa hore a be matla, letsatsing leo ha mosebetsi oaka o tla qala har’a batho ba ka bohle, ho o tsosolosa, Oho ntlo ea Iseraele, ho bolela Morena.

14 ’Me ke kamoo Josefa a ileng a porofeta, A re, Bonang, ralipono eo Morena o tla mo hlohonolofatsa; ’me bao ba batlang ho mo timetsa ba tla hloloa; ka lebaka la ts’episo ena, eo ke e fumaneng ka Morena, ka tholoana ea letheka la ka, e tla phethahala. Bonang, ke na le bonnete ba ho phethisoa ha ts’episo ena;

15 ’Me lebitso la hae le tla rehelloa ka la ka; ’me le tla ba kamora lebitso la ntat’ae. ’Me o tla ts’oana le ’na; ka lebaka la ntho, eo Morena a tlang ho e tlisa pele ka letsoho la hae, ka matla a Morena ho tlisa batho ba ka ho pholoho.

16 Ee, ke kamoo Josefa a ileng a porofeta: Ke na le bonnete ba ntho ena, esita joalo ka ha ke na le bonnete ba ts’episo ea Moshe; hobane Morena o ile a re ho ’na, ke tla boloka peo ea hau ka ho sa feleng.

17 ’Me Morena o ile a re: Ke tla phahamisa Moshe; ’me ke tla mo fa matla ka lere; ’me ke tla fana ka kahlolo ho eena ka mongolo. Le ha ho le joalo nke ke ka lokolla leleme la hae, hore a tle a bue haholo, hobane ha ke na ho etsa hore a be matla ka puo. Empa ke tla mo ngolla molao oaka, ka monoana oa letsoho la ka; ’me ke tla mo etsetsa ’muelli.

18 ’Me Morena o ile a re ho ’na hape: Ke tla phahamisetsa tholoana ea letheka la hau; ’me ke tla mo etsetsa’muelli. ’Me ’na, bona, ke tla mo fa tokelo ea ho ngola lingoliloeng tsa tholoana ea letheka la hau, ho tholoana ea letheka la hau, ’me ’muelli oa letheka la hau o tla e phatlalatsa.

19 ’Me mantsoe a tlang ho a ngola e tla ba mantsoe a nepahetseng ka bohlale ba ka a tla ea pele ho tholoana ea letheka la hau. ’Me ho tla ba joaloka ha eka thoalana ea letheka la hau e ne e lla ho bona ho tsoa leroleng; hobane ke tseba tumelo ea bona.

20 ’Me ba tla lla ho tsoa leroleng; ee, esita le pako ho bana ba bo bona, esita le kamora hore meloko e mengata e fete kamora bona. ’Me ho tla etsahala hore sello sa bona se tla ea, esita le ho latela le bonolo ba mantsoe a bona.

21 Ka lebaka la tumelo ea bona mantsoe a bona a tla tsoelapele ho tsoa molomong oaka ho ea ho bana ba bo bona bao e leng thoalana ea letheka la hau; ’me bofokoli ba mantsoe a bona ke tla bo matlafatsa tumelong ea bona, ho hopola selakane sa ka seo ke se entseng ho bo ntat’ao.

22 ’Me joale, bona, mor’a ka Josefa, ke ka mokhoa ona ntate oaka oa mehleng ea khale a ileng a porofeta.

23 Ka baka leo, ka lebaka la selekane sena u hlohonolofetse; hobane peo ea hau ha ena ho timetsoa, hobane ba tla mamela mantsoe a buka.

24 ’Me ho tla phahama e mong ea matla har’a bona, ea tla etsa botle bo bongata, bobeli ka lentsoe le ka liketso, e le sesebelisoa matsohong a Molimo, ka tumelo e fetisang, ho etsa limakatso tse kholo, le ho etsa ntho eo e kholo mahlong a Molimo, ho tlisa hore ho etsahale tsosoloso e kholo ho ntlo ea Iseraele, le ho peo ea bana beno.

25 ’Me joale, ea hlohonolofetseng ke uena, Josefa. Bona, u monyenyane, ka baka leo mamela mantsoe a moholoane oa hau, Nefi, ’me ho tla phethahala ho uena esita le ho latela mantsoe ao ke a buileng. Hopola mantsoe a ntat’ao ea shoang. Amen.

Hatisa