Mangolo a halalelang
2 Nefi 11


Khaolo ea 11

Jakobo o bone Molopolli oa hae—Molao oa Moshe o ts’oants’isa Kreste ’me o netefatsa hore o tla tla. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me joale, Jakobo o ile a bua ntho tse ling tse ngata ho batho ba heso ka nako eo; le ha ho le joalo ke lintho tsena feela tse ke entseng hore li ngoloe, hobane lintho tse ngotsoeng li lekane ho ’na.

2 ’Me joale ’na, Nefi, ke ngola ka ho eketseha mantsoe a Esaia, hobane moea oaka o thabisoa ke mantsoe a hae. Hobane ke tla bapisa mantsoe a hae le batho ba heso, ’me ke tla a romella ho bana bohle ba ka, hobane kannete o bone Molopolli oaka, esita joalo ka ha ke ile ka ’mona.

3 ’Me moena oaka Jakobo, hape o ile a ’mona joalo ka ha ke ile ka ’mona; ka baka leo, ke tla romela mantsoe a bona ho bana ba ka ho ba netefaletsa hore mantsoe a ka ke a ’nete. Ka baka leo, ka mantsoe a ba bararo, Molimo o itse, ke tla tiisa lentsoe la ka. Le ha ho le joalo, Molimo o romela lipaki tse ling, ’me o netefatsa mantsoe ohle a hae.

4 Bonang, moea oaka o thabela ho netefaletsa batho ba heso ’nete ea ho tla ha Kreste; hobane, ke ka baka la qetello ena molao oa Moshe o fanoeng; ’me ntho tsohle tse ileng tsa fanoa ke Molimo ho tloha ts’imolohong ea lefats’e, ho batho, li ts’oants’isa eena.

5 ’Me hape moea oaka o thabela lilekane tsa Morena tseo a li entseng le bo ntat’a rona; ee, moea oaka o thabela mohau oa hae, le toka ea hae, le matla, le qenehelo ka moralo o moholo oa bosafeleng oa topollo lefung.

6 ’Me moea oaka o thabela ho netefaletsa batho ba heso hore ntle le hore Kreste a tle batho bohle ba tla tlameha ho timela.

7 Hobane haeba ho sena Kreste ha hona Molimo, ’me haeba Molimo a le sieo ha re eo, hobane ho ne ho keke ha e ba le tlholeho. Empa Molimo o teng, ’me ke Kreste, ’me o tla tla ka nako ea hae e phethehileng.

8 ’Me joale ke ngola a mang a mantsoe a Esaia, hore mang kapa mang oa batho ba heso a tla bona mantsoe a na ba tle ba phahamise lipelo tsa bona ’me ba thabe bakeng sa batho bohle. Joale ana ke ona mantsoe, ’me le ka a ts’oants’isa le lona le ho batho bohle.

Hatisa