Mangolo a halalelang
2 Nefi 17


Khaolo ea 17

Efraime le Siria ba loana ntoa khahlanong le Juda—Kreste o tla tsoaloa ke moroetsana—Bapisa Esaia 7. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore mehleng ea Akase, mor’a Jothame, mor’a Osiase, morena oa Juda, Rezine, morena oa Siria, le Peka, mor’a Remalia, morena oa Iseraele, ba nyolohele Jerusalema ho loana khahlanong le eona, empa ba sitoa ho e hlola.

2 ’Me ho ile ha bolelloa ntlo ea Davida, ho thoe; Basiria ba kopane le Baefraime. ’Me pelo ea hae ea sisinyeha, le lipelo tsa batho ba hae, joaloka lifate tsa meru ha li sisingoa ke moea.

3 Eaba Morena o re ho Esaia: Tsamaea joale ho kopana le Akase, uena le Sheare-Jashube, mora hau; le tla mo fumana bofellong ba foro ea metsi a letamo le holimo, ’mileng oa ts’imo eo ho hlatsuoang ho eona;

4 ’Me le re ho eena: O itebele, ’me o khutse; o se ts’abe, le pelo ea hao e se ke ea fokolisoa ke lirumula tseo tse peli tse kubellang, bakeng sa bohale ba Retsine le Siria, le ba mor’a Remalia.

5 Hobane Siria, Efraime le mor’a Remalia, ba rerile ho o etsa hampe khahlanong le oena, ba re:

6 A re futuheleng Juda ’me re e hlorise, ’me ha re ikhapele motse, ’me re behe mora Tabele morena oa teng.

7 Morena Molimo o re joana: E ke ke ea ema, leha e le ho etsahala.

8 Hobane motse oa moreneng oa Siria ke Damaseka, ’me hlooho ea Damaseka ke Retine; ’me lilemo tse mashome a ts’eletseng le metso e mehlano ha li fetile, Efraime o tla timetsoa, ha e sa tla hlola e ba sechaba.

9 ’Me motse oa moreneng oa Efraime ke Samaria, ’me hlooho ea Samaria ke mor’a Remalia. Ha le sa lumele, ruri le ke ke la tiea.

10 Ho feta moo, Morena a bua hape ho Akase, a re:

11 Ikopele lets’oao ho Morena Molimo oa hao; o le kope hore le hlahe ka tlaase, kapa holimo leholimong.

12 Empa Akase a araba, a re: Nke ke ka kopa letho, nke ke ka leka Morena.

13 ’Me a re: Utloang joale, lona ba ntlo ea Davida: na ke ntho e nyenyane ho lona ho khathatsa batho, empa le tla khathatsa le Molimo oa ka hape?

14 Ka baka leo, Morena ka bo eena o tla le fa lets’oao—Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora, ’me o tla mo rea lebitso la Emmanuele.

15 O tla ja lebese le mahe a linots’i, a tle a tsebe ho hana bobe le ho khetha botle.

16 Hobane pele ngoana ha a so ho tsebe ho hana bobe le ho khetha botle, lefats’e leo o le nyonyang marena a lona a mabeli a tla le tlohella.

17 Morena o tla o hlahisetsa oena, le sechaba sa hao, ’me le ntlo ea ntat’ao, matsatsi ao a joaloka oona a song ho bonoe, haesale le mohla Efraime ea falletseng ho tsoa Juda, morena oa Assiria.

18 ’Me ho tla etsahala hore mehleng eo Morena o tla letsetsa lintsintsi tse likarolo tse ka ntlentle tsa Egepeta, le linotshi tse lefats’eng la Assiria.

19 ’Me li tla tla, li lule kaofela liphuleng tse fetohileng lesupi, le masoba a mafika, le meutloeng eohle, le lihlahleng tsohle.

20 Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le alimiloeng, ke bona mose oa noka, ka morena oa Assiria, o tla beola hlooho le mohoete oa maoto; ’me le tla ja le litelu.

21 ’Me ho tla etsahala hore mehleng eo, motho e mong le e mong o tla fepa khomo e nyane le linku tse peli;

22 ’Me ho tla etsahala, hobane li tla sisa haholo, ba tla ja botoro; hobane e mong le e mong ea siiloeng lefats’eng leo o tla ja botoro le mahe a linots’i.

23 ’Me ho tla etsahala hore mehleng eo, masimo ohle a merara e sekete, e lekaneng lishekele tse sekete, a tla ba bakeng sa libajoa le meutloa.

24 Ka metsu le liqha batho ba tla atamela haufi, hobane lefats’e leo kaofela le tla tlala libajoa le meutloa.

25 ’Me maralla ohle a tla lengoa ka mehoma, ho ke ke ha hlola ho tsamauoa ho tsona ka baka la ho ts’aba libajoa le meutloa; empa li tla etsoa makhulo a likhomo, ’me li hatakeloe ke likhuts’oane.

Hatisa