Mangolo a halalelang
2 Nefi 18


Khaolo ea 18

Kreste o tla ba joaloka lejoe le khopang le lefika la khopiso—Batlang Morena, e seng baloi ba sebang—khutlelang molaong le ho bopaki ba tataiso—Bapisa Esaia 8. Ka bo 559–545 B.C.

1 Ho feta moo, lentsoe la Morena le ile la re ho ’na: Nka moqolo o moholo, o ngole teng ka mokhoa oa batho, malebana le Ho phakisoe ho hapuoe, ho khoroloe hang.

2 ’Me ka nkela ho ’na lipaki tse ts’epahalang, e leng moprista Uria le Sakaria, mora oa Jeberekia.

3 ’Me ke ile ka ea ho moporofeta oa mosali; ’me o ile a emola ’me a tsoala mora. Eaba Morena o re ho ’na: O mo ree lebitso la Mahere-Shalale-Hashe-Base.

4 Hobane bonang, ngoana ha a na ho ba le tsebo ea ho re, Ntate le ’m’e, pele matlotlo a Damaseka le thepa ea Samaria li tla nkoa ka pele ho morena oa Assiria.

5 Morena a bua ho ’na hape, a re:

6 Erekaha sechaba sena se nyatsitse metsi a Siloe a phallang butle, ’me se thabetse Retsine le mora oa Remalia;

7 Joale ka baka leo, bonang, Morena o tlisa holima bona metsi a noka, a matla a mangata, esita le morena oa Assiria le boholo bohle ba hae; ’me e tla tlola mabopo ea eona, e phalle holima mabopo a eona ohle.

8 ’Me e tla haola ka naha ea Juda, a tla ts’oloha ’me a phahame, e tsoele kantle, a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a eona, e koahele bophara bohle ba lefats’e la hao, Oho Emmanuele.

9 Ikopanyeng lona ka bolona, Oho lona sechaba; le tla robakoa likoto; ’me sekehang tsebe, lona bohle ba ahileng linaheng tse hole; itlameng matheka, ’me le tla robakoa likoto; itlameng matheka, ’me le tla robakoa likoto.

10 Rerang taba ’moho, ’me e tla fetoha lefeela; bua lentsoe, ’me le ke ke la ema; hobane Molimo o na le rona.

11 Hobane Morena ke joana a ileng a bua ho ’na ka letsoho le matla, ’me a nthuta hore ke se ke ka ea ka mehlala ea sechaba sena, a re:

12 Le se ke la re, Momori, hohle moo sechaba sena se reng momori; le se ke la ts’aba ts’abo ea bona, le se ke la ts’oha.

13 Halaleletsang Morena oa makhotla ka bo eena, ’me e be eena feela eo le mo ts’abang, le mo ts’ohang.

14 ’Me e tla ba sehalalelo; empa bakeng sa lejoe le khoptjang, le bakeng sa lefika la khopiso ho bobeli ba matlo a Iseraele, bakeng sa sefi le leraba ho ba ahileng Jerusalema.

15 ’Me ba bangata ba bona ba tla khoptjoa ba oele, ’me ba robehe, ’me ba beheloe leraba, ’me ba nkuoe.

16 Phutha bopaki boo, o tiise molao har’a barutuoa ba ka.

17 ’Me ke tla ema ho Morena, ea patetseng ntlo ea Jakobo sefahleho sa hae; ’me ke tla mo batla.

18 Bonang, ’na le bana bao Morena a mphileng bona hore e be liponts’o le limakatso Iseraeleng ho tsoa ho Morena oa makhotla, ea ahileng thabeng ea Sione.

19 ’Me ha ba re ho uena: Botsisisang ho bona ba nang le meea e tloaheleileng, ’me ho linohe tse toutang, tse honothang—Sechaba ha se na ho botsa Molimo oa sona bakeng sa ba phelang ho utloa bafu na?

20 Ho molao le ho bopaki; ekare ha ho sa uoe ka lentsoe lena, etlaba sechaba ha se sa tla chabeloa ke tsatsi le leng.

21 ’Me ba tla solla lefats’eng har’a hloreho le tlala; ’me ho tla etsahala hore ha ba se ba lapa, se tla felloa ke pelo, ’me ba rohake Morena oa sona le Molimo oa sona; ’me se sheba holimo.

22 ’Me ba tla sheba lefats’e, ’me ba bone tsieleho le lefifi le matsoalo a ts’abehang, ’me ba tla khanneloa lefifing.

Hatisa