Mangolo a halalelang
2 Nefi 14


Khaolo ea 14

Sione le barali ba hae ba tla lopolloa ’me ba hloekisoe ka letsatsi la lilemo tse sekete—Bapisa Esaia 4. Ka bo 559–545 B.C.

1 ’Me ka letsatsi leo, basali ba supileng ba tla its’oarellla ka monna a le mong, ba re: Re tla ja bohobe ba rona, ’me re apare liaparo tsa rona; feela e re re bitsoe ka lebitso la hau ho tlosa nyatso ho rona.

2 Ka letsatsi leo lekala la Morena le tla ba letle le khanye; tholoana ea lefats’e e be ntle le bokhabane bo fetisang ho bao ba phonyohileng Iseraele.

3 ’Me ho tla estahala hore, bao ba siiloeng Sione le ba setseng Jerusalema ba tla bitsoa ba halalelang, e mong le e mong ea ngotsoeng har’a ba phelang Jerusalema—

4 Ha Morena a se a hloekisitse lits’ila tsa barali ba Sione, ’me a se a tlositse mali a Jerusalema ho bona ka moea oa kahlolo le ka moea oa tlhoekiso.

5 ’Me Morena o tla hlophisa holima libaka tsohle tsa tulo thabeng ea Sione, le holima likopano tsa hae, leru le mosi mots’eare ’me khanya ea lelakabe la mollo bosiu; hobane holima khanya eohle ea Sione e tla ba ts’ireletso.

6 ’Me ho tla ba le tente bakeng sa ho sireletsa mochesong mots’eare, le bakeng sa ho ba sets’abelo le ts’irelo sefefong le puleng.

Hatisa