Mangolo a halalelang
2 Nefi 7


Khaolo ea 7

Jakobo o tsoelapele ho bala ho tloha ho Esaia: Esaia o bua bomessia—Messia o tla ba le leleme la ba rutehileng—O tla fana ka mokokotlo oa hae ho ba otlang—A ke ke a hloloa—Bapisa Esaia 50. Ka bo 559–545 B.C.

1 Ee, hobane joana ho bolela Morena: Na ke o beile hole, kapa ke o lahlile ka ho sa feleng? Hobane o re joana Morena: Le kae lengolo la ’mao la tlhalo? Ke mang eo ke beileng ho eena, kapa ke o rekiselitse ho ofe oa bao ke ba kolotang? Ee, ke o rekiselitse mang? Bonang, ka lebaka la bokhopo ba lona le ithekisitse, ’me ka lebaka la litlolo tsa lona ’ma lona o lahliloe.

2 Ka baka leo, ha ke ne ke tla, ho ne ho se na motho; ha ke bitsa, ee, ho ne ho se na karabo. Oho ntlo ea Iseraele, na letsoho la ka le khutsufetse hohang hore le keke la lopolla, kapa ha ke na matla a ho lokolla? Bonang, ka khalemo eaka ke omisa leoatle, Ke etsa linoka tsa teng lefella le lihlapi tsa teng li be lephoka hobane metsi a omme, ’me li shoe ka lebaka la lenyora.

3 Ke apesa maholimo ka bots’o, ’me kea apesa ka lesela la bofifi.

4 Morena o mphile leleme la ba rutehileng, hore ke tle ke tsebe ho bua lentsoe ka nako ea teng ho lona, Oho ntlo ea Iseraele. Ha le khathetse o le tsosa hoseng le hoseng. O tsosa tsebe eaka ho utloa joalo ka ba rutehileng.

5 Morena Molimo o butse tsebe eaka, ’me ke ne ke sa mo fetohele, le hona ho mo furalla.

6 Ke file mokokotlo oa ka ho ba otlang, ’me le marama a ka ho bona ba hlothang litelu. Ha kea patela sefahleho sa ka lihlong le ho ts’oeloa ka mathe.

7 Hobane Morena Molimo o tla nthusa, ka baka leo ha ke na hloloa. Ka baka leo, ke beha sefahleho sa ka joalo ka lejoe le thata, ’me kea tseba hore ha ke na soaba.

8 ’Me Morena o haufi, ’me o oa mpuelella. Ke mang ea tla loana le ’na? Ha re eme hammoho. Ke mang sera saka? E re a tle pela ka, ’me ke tla mo otla ka matla a molomo oaka.

9 Hobane Morena Molimo o tla nthusa. ’Me bohle ba tla nkahlola, bonang, kaofela ba tla tsofala joalo ka seaparo, ’me ba tla jeoa ke ts’oele.

10 Ke mang har’a lona ea ts’abang Morena, ea mamelamg lentsoe la mohlanka oa hae, ea tsameang lefifing ’me a se na khanya?

11 Bonang, lona bohle ba hotetsang mollo, ba iteelang hare ka litlhase, tsamaeang khanyeng ea mollo oa lona le litlhase tseo le li hotelitseng. Sena le tla ba le sona ka letsoho la ka—le tla robala tlaase masoabing.

Hatisa