Mangolo a halalelang
2 Nefi 12


Khaolo ea 12

Esaia o bona tempele ea matsatsi a qetello, ho bokelloa ha Iseraele, le kahlolo ea lilemo tse sekete le khotso—Ba ikakasang le ba khopo ba tla theoleloa tlaase nakong ea ho tla Lekhetlo la Bobeli—Bapisa Esaia 2. Ka bo 559–545 B.C.

1 Taba eo Esaia mora’ Amose, a e senoletsoeng ka Juda le Jerusalema:

2 ’Me ho tla etsahala hore matsatsing a ho qetela, ha thaba ea ntlo ea Morena e thehoa hlorong ea lithaba, ’me e tla phahamisoa holima maralla, ’me lichaba tsohle li tla phallela ho eona.

3 ’Me batho ba bangata ba tla ea ’me ba re, Tlohong lona, ’me ha re eeng holimo thabeng ea Morena, ntlong ea Molimo oa Jakobo, ’me o tla re ruta litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae; hobane ho tsoa Sione ho tla tsoa molao, le lentsoe la Morena ho tsoa Jerusalema.

4 ’Me o tla ahlola har’a lichaba, ’me o tla khalema batho ba bangata: ’me ba tla fetola lisabole tsa bona e be mehoma, ’me marumo a bona e be lisekele—sechaba se seng ha se na hlola se phahamisetsa se seng sabole, kapa hona ho ithuta ntoa.

5 Oho Ntlo ea Jakobo, tloho ’me re tsamaee leseling la Morena, tloho, hobane bohle le khelohile, e mong le e mong tseleng tsa hae tsa bokhopo.

6 Ka baka leo, Oho Morena, o furalletse batho ba hao, ntlo ea Jakobo, hobane ba tletse mekhoa ea bochabela, ’me ba mametse linohe joalo ka ba-Filesta, ’me ba inyakalatsa ka bana ba balichaba.

7 Lefats’e la bona hape le tletse silivera le khauta, hape ha ho na pheletso ea maruo a bona, lefats’e la bona le tletse hape ka lipere, hape ha ho na pheletso ea makoloi a bona.

8 Lefats’e la bona hape le tletse melingoana; ba khumamela mesebetsi ea matsoho a bona, seo se entsoeng ke menoana ea bona.

9 ’Me motho feela ha a inamele fats’e, le motho ea mohoholo ha a ikokobetse, ka baka leo, se ke oa mo ts’oarela.

10 Oho lona ba khopo, kenang ka har’a lefika, le ipate leroleng, hobane ts’abo ea Morena le khanya ea boholo ba hae e tla le otla.

11 ’Me ho tla etsahala hore chebo ea ba ikhants’ang e tla kokobetsoa, le boikhohomoso ba batho bo tla inamisetsoa tlase, ’me Morena eena feela o tla phahamisoa ka letsatsi leo.

12 Hobane letsatsi la Morena oa Makhotla haufi lea tla holima lichaba tsohle, ee, holima bohle, ee, holima ba ikakasang le ba ikhants’ang, le holima e mong le emong ea phahametseng holimo, ’me o tla tlisoa tlase.

13 Ee, ’me letsatsi la Morena le tla tla holima likedare tsohle tsa Lebanone, hobane li holimo le ho phahamisoa; ’me le holima lieike tsohle tsa Bashane;

14 ’Me holima lithaba tsohle tse phahameng, le holima maralla, le holima lichaba kaofela tse phahameng, le hohima batho bohle;

15 Le holima tora e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng, le holima marako ohle;

16 Le holima likepe tsohle tsa leoatle, le holima likepe tsohle tsa Tarshishe, le holima lits’oants’o tsohle tse khahlang.

17 ’Me boikhants’o ba batho bo tla inamisetsoa tlase, ’me boikhohomoso ba batho bo tla kokobetsoa, ’me Morena ke eena feela a tla phahamisoa letsatsing leo.

18 Me melingoana o tla e felisetsa ruri.

19 ’Me ba tla ea masobeng a mafika, le mahaheng a lefats’e, ka lebaka la ts’abo ea Morena e tla tla holima’ bona le khanya ea boholo ba hae e tla ba otla, ha a phahama ho tsitsinya lefats’e ka mokhoa o ts’abehang.

20 Ka letsatsi leo motho o tla lahlela melingoana ea hae ea silevera, le melingaoana ea hae ea khauta, eo a iketselitseng eona ho e khumamela, ho likhoiti le bo-’mankhane;

21 Ho ea likoting tsa mafika, le ka holimo ho masoba a mafika, ka lebaka la hore ts’abo ea Morena le boholo ba khanya ea hae li tla ba otla, ha a phahama ho tsitsinya lefats’e ka mokhoa o ts’abehang.

22 Emisa ho its’etleha ka motho, eo phefumoloho ea hae e leng masobeng a linko tsa hae, hobane ke eng eo a tla e arabella?

Hatisa