Mangolo a halalelang
2 Nefi 27


Khaolo ea 27

Lefifi le koeneho li tla aparela lefats’e ka matsatsi a ho qetela—Buka ea Mormone e tla tla—Lipaki tse tharo li tla paka ka buka—Ea rutehileng o tla re a ke ke a bala buka e tiisitsoeng—Morena o tla etsa mosebetsi o makatsang le ho hlolla—Bapisa Esaia 29. Ka bo 559–545 B.C.

1 Empa, bonang, matsatsing a ho qetela, kapa matsatsing a Balichaba—ee, bonang lichaba tsohle tsa Balichaba ’me hape le tsa Ba-Juda, ka bobeli tseo tse tla tla lefats’eng lena le tse tla ba mafats’eng a mang, ee, esita le mafats’eng oohle a lefats’e, bonang, ba tla taoa ke bokhopo le mekhoa eohle ea manyala—

2 ’Me ha letsatsi leo le fihla ba tla eteloa ke Morena oa Makhotla, ka lialuma le ho sisinyeha ha lefats’e, le ka lerata le leholo, le ka sefefo, le ka sefefo se matla, le ka lelakabe la mollo o harolang.

3 ’Me lichaba tsohle tse loanang khahlanong le Sione, ’me tse mo hlorisang, li tla ba joaloka toro ea pono ea bosiu; ee, ho tla ba joalo ho bona, esita joaloka motho ea lapileng ea lorang, ’me bonang, oa ja empa oa tsoha ’me moea oa hae o feela; kapa joaloka motho ea nyoriloeng ea lorang, ’me bonang oa noa feela oa tsoha ’me bonang o akhehile, ’me moea oa hae o na le takatso ea lijo; ee, esita ho tla ba joalo ho bongata ba lichaba tsohle tse loanang khahlanong le Thaba ea Sione.

4 Hobane bonang, lona bohle ba etsang bokhopo, ikemiseng le makale, hobane le tla hoeletsa, le lle; ee, le tla taoa empa e seng ke veine, le tla thekesela empa eseng ka seno se matla.

5 Hobane bonang, Morena o le ts’elletse moea oa boroko o tebileng. Hobane bonang, le koetse mahlo a lona, ’me le latotse baporofeta; le babusi ba lona, ’me le bo ralipono o ba patile ka lebaka la bokhopo ba lona.

6 ’Me ho tla etsahala hore Morena Molimo o tla le tlisetsa mantsoe a buka, ’me e tla ba mantsoe a bona ba robetseng.

7 ’Me bonang buka e tla be e tiisitsoe, ’me buka e tla ba ts’enolo e tsoang ho Molimo, ho tloha qalong ea lefats’e ho isa qetellong ea lona.

8 Ka baka leo, ka lebaka la lintho tse tiisitsoeng, lintho tse tiisitsoeng li ke ke tsa nehelanoa ka matsatsi a bokhopo le manyala a batho. Ka baka leo buka e tla bolokeloa hole le bona.

9 Empa buka e tla nehelanoa ho motho, ’me o tla fana ka mantsoe a buka, ao e leng mantsoe a ba robetseng leroleng, ’me o tla fana ka mantsoe a na ho e mong;

10 Empa mantsoe a tiisitsoeng ha a na ho fana ka ona, le haele ho fana ka buka. Hobane buka e tla be e tiisitsoe ka matla a Molimo, ’me ts’enolo e ileng ea tiisoa e tla bolokoa ho fihlela nako e loketseng ea Morena, hore a tle a tle; hobane bonang, a senola lintho tsohle ho tloha motheong oa lefats’e ho isa qetellong ea lona.

11 ’Me letsatsi lea tla leo ka lona mantsoe a buka a neng a tiisitsoe a tla baloa holima marulelo a matlo; ’me a tla baloa ka matla a Kreste; ’me lintho tsohle li tla senoleloa bana ba batho tseo li ileng tsa ka tsa eba har’a bana ba batho, ’me le tse tla ke li be teng ho isa qetellong ea lefats’e.

12 Ka baka leo, ka letsatsi leo ha buka e tla nehelanoa ho motho eo ke buileng ka eena, buka e tla patoa mahlong a lefats’e, hore ho se ke ha eba le mahlo a e bonang ntle le lipaki tse tharo tse tla e bona, ka matla a Molimo, ntle le eo buka e tla nehelanoa ho eena; ’me ba tla paka ’nete ea buka le lintho tse ka hare ho eona.

13 ’Me ha hona ofe kapa ofe ea tla e bona, ntle le ba ’maloa ho latela thato ea Molimo, ho beha bopaki ba lentsoe la hae ho bana ba batho; hobane Morena Molimo o boletse hore mantsoe a ba tletseng tumelo a tla bua joaloka ha e ka ke ho tsoa bafung.

14 Ka baka leo, Morena Molimo o tla tsoelapele ho tlisa mantsoe a buka; ’me ka molomo oa lipaki tse ngata kamoo ho loketseng ho amohelehile ho eena o tla tiisa lentsoe la hae; ’me ho malimabe ea latolang lentsoe la Molimo!

15 Empa bonang, ho tla etsahala hore Morena Molimo a tle a re ho eena eo a tla nehela buka ho eena: Nka mantsoe a na a sa tiiisoang ’me o a nehelane ho e mong, hore a tle a a bonts’e ea rutehileng, a re, bala sena, kea u rapela. ’Me ea rutehileng o tla re: Tlisa koano buka eo, ’me ke tla a bala.

16 ’Me joale, ka lebaka la khanya ea lefats’e le ho fumana phaello o tla rialo, ’me e seng bakeng sa khanya ea Molimo.

17 ’Me motho eo o tla re: Ke tla sitoa ho tlisa buka, hobane e tiisitsoe.

18 Joale ea rutehileng o tla re: ke tla sitoa ho e bala.

19 Ka baka leo ho tla etsahala, hore Morena Molimo o tla nehelana hape ka buka le mantsoe a teng ho eena eo a sa rutehang; ’me motho ea sa rutehang o tla re: Ha kea ruteha.

20 Joale Morena Molimo o tla re ho eena: Ba rutehileng ha ba na ho a bala, hobane ba a latotse, ’me ke khona ho etsa mosebetsi oaka; ka baka leo u tla bala mantsoe ao ke tlang ho u fa ona.

21 Se ke oa ts’oara lintho tse tiisitsoeng, hobane ke tla li tlisa ka nako eaka ea teng; hobane ke tla bonts’a bana ba batho hore ke khona ho etsa mosebetsi oaka.

22 Ka baka leo, ha u so u balile mantsoe ao ke u laetseng ona, ’me u fumane bopaki boo ke u ts’episitseng bona, joale u tla tiisa buka hape, ’me u e pate ho ’na, hore ke tle ke boloke mantsoe ao u so a bale, ho fihlela ke tla bona ho lokela ka bohlale baka ho senolela bana ba batho lintho tsohle.

23 Hobane bona, Ke Molimo; Ke Molimo oa mehlolo; ’me ke tla bonts’a lefats’e hore esale e le ’na maobane, kajeno, le ka ho sa feleng; ’me ha ke sebetse har’a bana ba batho ntle le ho latela tumelo ea bona.

24 ’Me hape ho tla etsahala hore Morena a re ho eena ea tla bala mantsoe a tla nehelanoa ho eena:

25 E re ka ha sechaba se se atamela ho ’na ka molomo oa bona, ’me ka melomo ea bona ba ntlhonepha, feela ba tlositse lipelo tsa bona hole le ’na, ’me ts’abo ea bona ho ’na e rutoa ka litaelo tsa batho—

26 Ka baka leo, ke tla tsoelapele ho etsa mosebetsi o makatsang har’a batho bana, ee, mosebetsi o makatsang le ho hlolla, hobane bohlale ba ba bohlale ba rutehileng ba bona bo tla timela, ’me kutloisiso ea ba bohlale e tla patoa.

27 ’Me ho malimabe bao ba batlang ka botebo ho pata merero ea bona ho Morena! ’Me mesebetsi ea bona e lefififng; ’me ba re: Ke mang ea re bonang, ’me ke mang ea re tsebang? ’Me ba re hape: Kannete, ho fetola lintho ho li shebisa tlaase ha hao ho tla hlompheha joalo ka ’mopi oa letsopa. Empa bonang, ke tla ba bonts’a, ho bolela Morena oa Makhotla, hore ke tseba mesebetsi eohle ea bona. Hobane na ho ka etsahala hore mosebetsi o re ho ea o entseng, ha a nketsa? Kapa ntho e bopiloeng e tla re ka ea e bolpileng, o ne a se na kutloisiso?

28 Empa bonang, ho bolela Morena oa Makhotla: Ke tla bonts’a bana ba batho hore ho se ho se hokae ’me Lebanone e tla fetoloa ts’imo ea lifate tse behang; ’me ts’imo ea lifate tse behang e tla hlompheha joalo ka moru.

29 ’Me ka letsatsi leo ba sa utloeng ba tla utloa mantsoe a buka, ’me mahlo a ba foufetseng a tla bona ho tsoa ho se tsebahaleng le ho tsoa lefifing.

30 ’Me ba mosa ba tla eketseha, ’me nyakallo ea bona e tla ba ho Morena, ’me le bafutsana har’a batho ba tla thabela ho Mohalaleli oa Iseraele.

31 Hobane kannete ka Morena a phelang ba tla bona hore ea ts’abehang o tliselitsoe ho ba lefeela, ’me le mosomi o harotsoe, ’me bohle ba shebellang bokhopo ba khaoloa;

32 ’Me bao ba behang motho molato ka seo ase buileng, le ho cheha leraba bakeng sa eo ea khalemang khorong, ’me ba behang toka ka thoko bakeng sa ntho ea lefeela.

33 Ka baka leo, ho bolela Morena, ea lopollotseng Abrahama, malebana le ntlo ea Jakobo: Jakobo joale ha a sa tla soaba, le hore sefahleho sa hae se omelle.

34 Empa ha a bona bana ba hae, mosebetsi oa matsoho a ka, hare ho eena, ba tla halaletsa lebitso la ka, ’me ba halaletse Mohalaleli oa Jakobo, ’me ba ts’abe Molimo oa Iseraele.

35 Bao hape ba fositseng moeeng ba tla fihlela kutloisiso, le bao ba ileng ba tletleba ba tla ithuta lithuto tsa tumelo.

Hatisa