2021
Jesu Kreste o re Pholositse Sebeng le Lefung
ʹMesa 2021


“Jesu Kreste o re Pholositse Sebeng le Lefung,” Liahona, ʹMesa 2021

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli, Liahona, ʹMesa 2021

Jesu Kreste o re Pholositse Sebeng le Lefung

Ka lebaka la sehlabelo sa hae, bohle re na le monyetla oa ho fumana khotso le thabo e sa feleng.

Setśoantśo
Lijo tsa Mantsiboea tsa Ho Qetela

Jesu Kreste o Theha Lefatśe, ka Robert T. Barrett

Re bua ka Jesu Kreste joaloka Mopholosi oa rona. Ke hobane O lefile theko ea libe tsa rona ʹme O hlotse matla a lefu. O re pholositse! Sehlabelo sa hae bakeng sa rona, se bitsoang Topollo, ke ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea etsahala. Ka lebaka la Hae, lefu ha se pheletso. Ka lebaka la Hae, re ka tśoareloa libe tsa rona, ra hloeka hape, ʹme ra hola hantle letsatsi le leng le le leng.

Jesu Kreste e ne e le Letsibolo

Pele re tla lefatśeng, re ne re phela le batsoali ba rona ba leholimong. Joaloka Letsibolo, Jesu Kreste o thusitse ho theha lefatśe lena le letle. O ile a khethoa ho ba Mopholosi oa rona ʹme a lumela ho tsoaloa lefatśeng hore A tle re etsetse mohlala o phethahetseng, a rute evangeli ea Hae, le ho phethela Topollo ea rona.

Setśoantśo
Jesu Kreste o Rapela Gethesemane

Ntate Oaka, ka Simon Dewey

Jesu Kreste o Lefa Bakeng sa Libe Tsa Rona

Ha Jesu a tseba hore ho shoa hoa hae ho se ho atametse, O ile a ea serapeng se bitsoang Gethesemane ho ea rapela. Nakong ea thapelo eo, O ile a qala ho lefa theko ea libe tsa rona. Ka boithatelo ba hae, O ile a hlokofala e le hore re se hlokofale—haeba re baka. Ha re furalla libe tsa rona ʹme re latela Mopholosi, re ka fumana tśoarelo le pholiso. Ka lebaka la se ileng sa mo hlahela Gethesemane, Jesu o utloisisa hantle hore na ho joang ho ba e mong le e mong oa rona. O ile a utloa mahlomola ohle a rona, maloetse le mabohloko. Ena ke karolo ea pele ea Topollo.

Setśoantśo
lepato la Kreste

Lepato la Kreste, ka Carl Heinrich Bloch

Jesu Kreste O Hlotse Lefu

Kamora thapelo ea Hae Gethesemane, Jesu o ile a ekoa, a tśoaroa, ʹme a ahloleloa lefu ka ho thakhisoa. Leha a ne A le matla ohle, Jesu O ile a itlohella hore a shoele sefapanong. Ka lerato balateli ba hae ba ile ba beha setopo sa hae ka lebitleng. Ba ne ba sa elelloe hore leha ʹmele oa Hae o shoele, moea oa Hae o ntse o phela lefatśeng la moea. Matsatsi a mararo hamorao, Jesu O ile a tsoha bafung ʹme a ba etela, a paka hore A ka hlola lefu. Sena se ile sa phethela Topollo. Hobane Jesu o tsohile bafung, e mong le e mong oa rona o tla phela hape kamora hore re shoe.

Setśoantśo
Kreste le Maria lebitleng

O oa Phela, ka Simon Dewey

Moelelo oa Keresemese le Paseka

Boholo ba lefatśe bo keteka matsatsi a mabeli a phomolo a re thusang ho hopola Topollo ea Jesu Kreste. Nakong ea Keresemese, re hopola ka teboho hore Jesu o ne a ikemiselitse ho amohela thomo ea ho tla lefatśeng, leha hoo ho ne ho kenyelletsa mahlomola le ho re shoela. Paseka e keteka tlholo ea Mopholosi holima sebe le lefu, e re fang tśepo ea bokamoso bo sa feleng ba thabo.

Setśoantśo
Kreste O bitsa Peterose le Andrease

Kreste O bitsa Peterose le Andrease, ka James Taylor Harwood

Mangolo a Reng Ka Topollo ea Mopholosi?

Hobane Jesu o tseba hantle, A ka “re tśehetsa,” kapa ho re thusa, (sheba Alma 7:11–12).

Mopholosi o utloisisa tśotleho le mahlomola a rona (sheba Esaia 53:2–5).

Molimo o rometse Jesu ho re pholosa hobane Molimo o rata e mong le e mong oa rona (bona Johanne 3:16–17).

Jesu o ile a rapella balateli ba hae, ho kenyelletsa le rona, hore re sireletsoe bobeng le hore re be bo-ʹngoe le Eena le Ntatʹa rona ea Maholimong (sheba Johanne 17).

Mopholosi oa rona o re memela ho mo latela le ho khutlela boteng ba hae (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:16–19, 23–24; 132: 23).

Hatisa