2021
Maeto a Pauluse a Borumuoa ba Boruti Lichabeng
Mphalane 2021


“Maeto a Pauluse a Borumuoa ba Boruti Lichabeng,” Motsoalle, Mphalane 2021

“Maeto a Pauluse a Borumuoa ba Boruti Lichabeng”

Molaetsa oa khoeli Motsoalle Loetse, 2021

Maeto a Pauluse a Borumuoa ba Boruti Lichabeng

Ba-Filipi 4

Mo-apostola Pauluse o etetse mafats´eng a fapaneng ho ruta batho ka Jesu. Ho ne ho se na likoloi kapa lifofane ka nako eo, joale o ne a tsamaea haholo! Ka nako e´ngoe o ne a tsamaea ka sekepe.

Setśoantśo
Pauluse o ruta batho seterateng sa motse

Pauluse o ile a ruta batho likerekeng le malapeng. O ile a rutela batho maralleng a mafika le literateng tsa metse.

Setśoantśo
Pauluse o shebile nonyana a le kamora mekoallo ea chankana.

Batho ba bangata ha ba ka ba rata seo Pauluse a neng a se ruta. Ka nako e´ngoe Pauluse o ne a romelloa chankaneng. Ka nako e´ngoe Pauluse o ne kula.

Setśoantśo
Pauluse o tsamaea ho theosa ka tsela.

Empa har´a lintho tsena tsohle, Pauluse o ne a na le tumelo. O ile a re, “Nka etsa tsohle ka Kreste.” O ne a tseba hore Jesu o tla mo thusa ho ba matla.

Setśoantśo
batsoali ba thusa ngoanana ho palama baesekele ea hae

Jesu Kreste a ka nthusa hore ke be matla le ´na. Oa nthata, ´me kea mo rata!

Leqephe la Ho Taka

Jesu Kreste a ka Nthusa ho etsa Lintho tse Thata

Setśoantśo
ngoana oa rapela ha sefefo se ntse se tsoelepele ka ntle.

Tobetsa sets´oants´ong ho khoasolla.

Lits´oants´o ka Apryl Stott

Hatisa