2021
Mosebetsi oa Tempele
Mphalane 2021


“Mosebetsi oa Tempele,” Liahona, Mphalane 2021

Molaetsa oa khoeli, Liahona Mphalane 2021

Mosebetsi oa Tempele

Litempele ke ntlo ea Morena. Re ka amohela lits´ebeletso ´me ra etsa lilekane le eena litempeleng. Hape re ka etsa lits´ebeletso tempeleng bakeng sa baholo-holo ba rona.

Setśoantśo
tempele

Sets´oants´o sa Tempele ea Barranquilla Colombia ka Bruno Lima

Ho tloha khale ho fihlela joale, Morena o laetse batho ba hae ho aha litempele. Litempele ke libaka tse halalelang moo re ka utloang lerato la Molimo, ra amohela lits´ebeletso, ´me ra etsa lits´episo le eena. Kereke e ntse e aha litempele ho potoloha le lefats´e hore batho ba bangata le ho feta ba ka ba le lithlohonolofatso tsena.

Setśoantśo
mosali ka pele ho tempele

Sets´oants´o sa mosali ka pele ho Tempele ea Oquirrh Mountain Utah ka Nexeo le Matthew Reier

Ts´ebeletso ea matlafatso

Litho tsa kereke tse phelang ka ho loka li ea tempeleng ho ea amohela lits´ebeletso le ho etsa lilekane, kapa lits´episo, le Molimo. Ts´ebeletso en´goe eo re e amohelang tempeleng ke matlafatso. Lentsoe matlafatso le bolela “mpho”. Matlafatso ea tempele ke mpho e tsoang ho Molimo. Ka har´a ts´ebeletso ena re ithuta ka moralo oa Ntate ea Maholimong bakeng sa poloko ea rona, ´me re etsa lilekane ho boloka litaelo tsa Molimo. Ha re ts´epahalla lilekane tseo re li etsang, Molimo o tla re hlohonolofatsa.

Setśoantśo
banyalani ka pele ho tempele

Sets´oants´o sa banyalani ba tsamaeang pela Tempele ea Manila Philippines ka Cristina Smith

Ho tiisa Malapa ´Moho

Lenyalo tempeleng hape le bitsoa tiiso. Ha banyalani ba tiisitsoe tempeleng ´me ba boloka lilekane tsa bona, ba tla nyalana ka ho sa feleng. Haeba ba eba le bana, bana bao le bona ba tla tiisetsoa ho bona. Batsoali ba ba tiisitsoeng kamora ho ba le bana ba ka ba le bana ba bona ba tiisetsoa ho bona. Haeba ba phela ka ho loka, ba tla ba lelapa nako ea bosafeleng.

Setśoantśo
Letamo la likolobetso la Tempele ea Lisbon Portugal

Sets´oants´o sa letamo la likolobetso la Tempele ea Lisbon Portugal ka Leslie Nilsson

Mosebetsi oa Tempele bakeng sa Bana bohle ba Molimo

Re etsa mosebetsi oa nalane ea lelapa ho fumana ka baholo-holo ba rona. Ebe joale re etsa Mosebetsi oa tempele bakeng sa bona. Re ba etsetsa lits´ebeletso tsohle tseo ba phelang ba li hlokang: kolobetso, tiiseletso, ho amohela boprista (bakeng sa banna), matlafatso, le tiiso. Joale ba ka ikhethela haeba ba batla ho amohela lits´ebeletso tsena. Ka tsela ena, bana bohle ba Molimo ba ka natefeloa ke lithlohonolofatso tsa evangeli.

Setśoantśo
lelapa ka pele ho tempele

Sets´oants´o sa lelapa ka pele ho Tempele ea Philadelphia Pennsylvania ka Cody Bell

Lihlohonolofatso tsa Mosebetsi oa Tempele

Haeba re boloka lilekane tseo re li etsang tempeleng, re tla hlohonolofatsoa, re ts´ireletsoe, ´me re matlafatsoe. Re tla ba le matla a boprista ho ba le rona. Malapa a rona a tla ba ´moho ka ho sa feleng.

Tempele e boetse hape ke sebaka sa khotso le ts´enolelo. Ha re etsa Mosebetsi oa tempele, re ka amohela tataiso ea semoea ´me ra utloa lerato la Molimo.

Hatisa