“Abrahama le Sarai,” Molaetsa oa khoeli Motsoalle Hlakola 2022
“Abrahama le Sarai”
Molaetsa oa khoeli Motsoalle Hlakola 2022
Abrahama le Sarai
Litśoantśo ka Apryl Stott
Abrahama e ne e le Moporofeta. Molimo o ile a etsa selekane le Abrahama le mosali oa hae, Sarai.
Molimo oa tśepisa ho ba hlohonolofatsa. O ile a ba bolella hore ba tla ba le bana. Abrahama le Sarai ba tśepisa hore ba tla latela Molimo.
Abrahama le Sarai ba ile ba boloka tśepiso ea bona. Empa ha ba ea ka ba ba le bana nako e telele. Ba ile ba tsoela-pele ho tsofala.
Qetellong, ha Abrahama a le lilemo li 100, le Sarai a le lilemo li 90, ba ile ba ba le ngoana oa moshanyana. Ba moreha Isaka. Ba ne ba tseba hoba Molimo o ba hlohonolofalitse.
Nka tśepa Molimo. Ka linako tse ling litlhohonolofatso ha li tle hang-hang. Empa kamehla Molimo o boloka litśepiso tsa Hae.
Leqephe La Ho Taka
Nka tśepa Molimo
Tobetsa setśoantśong ho khoasolla.
Litśoantśo ka Apryl Stott
Ntate ea Maholimong o u thusitse joang ha u ne u tśohile kapa u hloname?
© 2022 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetolelo ea Monthly Friend Message, Hlakola 2022. Sesotho. 18313 739