2022
Lilekane li Re Kopanya le Molimo
Hlakola 2022


“Lilekane li Re Kopanya le Molimo,” Liahona, Hlakola 2022

Molaetsa oa khoeli Liahona Hlakola 2022

Lilekane li Re Kopanya le Molimo

Ho etsa le ho boloka lilekane ho tlisa tlhohonolofatso.

Selekane ke tśepiso pakeng tsa Ntate ea Maholimong le bana ba Hae. O beha maemo a lilekane tseo re li etsang le Eena. Ha re etsa seo A se kopang, re fumana mahlohonolo a mangata. ´Me ha re fumane mahlohonolo lefatśeng feela—ha re etsa le ho boloka lilekane, re tla khutlela ho ea phela le Molimo le malapa a rona leholimong ka tsatsi le leng.

Setśoantśo
kolobetso

Lilekane Litśebeletso

Re etsa lilekane nakong ea litśebeletso tse itseng. Re hloka ho amohela litśebeletso tseo le ho mamela lilekane tseo hore re tle re khutlele ho phela le Molimo. Litśebeletso tsena li etsoa ka matla a boprista. Litśebeletso tsena li kenyelletsa kolobetso, tiiseletso, kamohelo ea Boporista ba Melkisedeke (ho banna), le litśebeletso tseo re li fumanang tempeleng. Nakong ea selallo, litho tsa Kereke li nchafatsa litśepiso tseo ba li entseng ho Molimo (bona Melao ea Thuto le Lilekane 20:77, 79).

Setśoantśo
selallo

Lilekane Li Re Thusa Ho Phela Ka Holoka

Nakong ea kolobetso, re tśepisa ho latela Jesu Kreste, kamehla re Mo hopole, le ho boloka melao (bona Melao ea Thuto le Lilekane 20:37). Molimo o tśepisa hore Moea o Halalelang o tla lula le rona kamehla.

Ha banna ba amohela boprista, ba tśepisa ho phela ka bohloeki bo loketseng matla a boprista ba Molimo. Molimo o tśepisa ho ba hlohonolofatsa. (Bona Melao ea Thuto le Lilekane 84:33–40.)

Setśoantśo
Tempele ea Recife Brazil

Setśoantśo sa Tempele ea Recife Brazil ka James Porter

Lilekane Tseo re li Etsang Tempeleng

Ha litho tsa Kereke li amohela tlhohonolofatso ea tempele, ba tśepisa ho phela ka ho loka le ho itela bakeng sa evangeli. Ba tśepisoa matla a tsoang ho Molimo (bona Doctrine and Covenants 38:32; 109:22).

Nakong ea tiiso e sa feleng ea tempele, monna le mosali ba nyalana ka hosafeleng ´me ba tśepisa ho tśepahalla e mong ho e mong le ho Molimo. Molimo o ba tśepisa hore ba ka khutlela ho eena ´me ba phela e le malapa ka hosafeleng. (Bona Melao ea Thuto le Lilekane 132:19–20.)

Setśoantśo
barumuoa lichabeng

Re Batho ba Selekane

Ba kenang Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e ba batho ba selekane ba Molimo. Hape eba majalefa a litlhohonolofatso le boikarabello ba selekane sa Abrahama (bona Ba-Galata 3:27-29). Hoba karolo ea batho ba Molimo ba selekane, ho bolela hore rea thusana ha re atamela ho Kreste. Hape ho bolela hore re sebeletsa ho matlafatsa Kereke ea Molimo lefatśeng. Ha re boloka lilekane tsa rona, re ka fumana matla ho Molimo.

Hatisa