2022
Khetha
Phuptjane 2022


“Khetha,” Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, Phuptjane 2022.

Molaetsa oa Khoeli, Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Phuptjane 2022

Khetha

Joshua o ile a khothaletsa bahto ba hae ho etsa khetho e nepahetseng—ho latela Morena.

khetha

Bokhoni ba rona ba ho khetha le ho etsa bakeng sa rona ho bitsoa bolokolohi ba ho khetha. Ke karolo ea bohlokoa ea moralo oa Ntat´a rona ea Maholimong. Morero o le mong oa bophelo bo na ke ho bontśa hore re tla khetha ho mamela litaelo tsa Molimo hore re tle be be joaloka Eena. Re tla ahloloa ho latela likhetho tsa rona. (Sheba 2 Nefi 2:27; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 101:78; Abrahama 3:25.)

letsatsi le na

Joshua o ile a khothaletsa batho ba hae ho khetha “ka letsatsi le na” kapa hona joale. Re ka etsa likhetho tsa bohlokoa hang ´me ra leka ho itlama ho lula ho tsona. (Sheba Pesaleme 37:5.)

sebeletsa

Khaolong e na, ho sebeletsa ho bolela ho khumamela, ho thusa, ho mamela, le ho inehela ho e mong. Re lokela ho sebeletsa Molimo (sheba Moshe 1:15).

melingoana

Israele e ile a laeloa ho sebeletsa feela Molimo oa nnete ea phelang, Jesu Kreste (sheba Exoda 20:2–5). Joshua o fane ka mehlala ea melingoana e meng eo batho ba hae ba neng ba sa lokela ho e khumamela. Melingoana e meng maphelong a rona e ka kenyeletsa maruo, maikutlo a ba bang, lithahasello tse ling—ntho efe kapa efe e re tlosang ho Morena.

´na le ba ntlo eaka

Joshua o ile a ipuelella le ba ntlo ea hae. O itse ba tla sebeletsa Morena. O ne a batla ho etella lelapa la hae ka ho loka ´me a ba ruta ho latela Morena (sheba Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:40).

Hatisa