2022
Ke Eng se Etsahalang Likopanong tsa Kereke tsa Sontaha?
Phuptjane 2022


“Ke Eng se Etsahalang Likopanong tsa Kereke tsa Sontaha?,” Liahona, Phuptjane 2022.

Molaetsa oa khoeli Liahona Phuptjane, 2022

Ke Eng se Etsahalang Likopanong tsa Kereke tsa Sontaha?

Setśoantśo
basali ba babeli ba ea akana

Litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ba bokana Sontaha se seng le se seng ho khumamela Molimo le ho rutana evangeli ea Jesu Kreste. Bohle ba amohelehile ho ba teng, ´me litho li tla ba le monyetla oa ho rapela, ba fane ka lipuo, ´me ba rute lithuto ha ba batla. Likopano tsena li thusa litho ho matlafatsana ka tumelo ´me “lipelo tsa bona li kopane hammoho ka bonngoe le ka lerato” (Mosaia 18:21).

Setśoantśo
moshanyana ea setuloaneng se mabili o fetisa selallo

Kopano ea Selallo

Litho tsa lekala kapa lekalana ba bokana Sontaha se seng le se seng bakeng sa kopano ea selallo. (Bao e seng ba tumelo ea rona ba amohelehile ho ba teng le bona.) Selallo se fuoa litho nakong ea kopano e na ho ba thusa ho hopola Jesu Kreste (sheba Sehloho sa Metheo ea Evangeli sa Mesa 2022 bakeng sa lintlha tse ling mabapi le selallo). Kopano e kenyeletsa lithapelo, ´mino oa khumamelo, le lipuo tse fanoang ke litho ka evangeli ea Jesu Kreste.

Setśoantśo
banana ba babeli ba bososela ka kerekeng

Likopano tse Ling

Kamorao ho kopano ea selallo, litho li arohana ka lihlopha le mekhatlo. Bana ba likhoeli tse leshome le metso e robeli ho isa ho tse leshome le motso o mong ba ea sehlopheng sa mathomo. Ka Sontaha sa pele le sa boraro sa khoeli ka nngoe, litho tsohle li kena Sekolo sa Sontaha. Ka Sontaha sa bobeli le sa bone, ba kena Mokhatlo oa Bomme, Baroetsana, kapa likopano tsa makhotla a boruti.

Lithapelo

Lithapelo ka hara likopana tsa kereke li fanoa ke litho. Lithapelo li bonolo ´me li tataisoa ke Moea o Halalelang. Litho li sebelisa mantsoe a bontśang lerato le tlhompho ho Ntate ea Maholimong. Ona a kenyeletsa ho sebelisa liemeli Uena, Hau, Hau, le U ha a rapeloa.

Lipuo

Setho sa ba bobishopo kapa bookameli oa lekalana o kopa litho ho fana ka lipuo ka kopanong ea selallo. Lipuo tse na li tsepama ho evangeli ea Jesu Kreste. Libui li sebelisa mangolo a halalelang kapa mantsoe a baetapele ba Kereke ha ba itokisetsa lipuo tsa bona. Ba fana hape le ka bopaki ba li hlohonolofatso tsa metheo ea evangeli maphelong a bona.

Lithuto

Kamorao ho kopano ea selallo, litho li ithuta ka evangeli lihlopha tsa bona tse nyenyane. Lithuto li ka ba mabapi le mangolo a halalelang, lithuto ho tsoa ho seboka se akaretsang, kapa lihlooho tse ling. Le ha tichere a etella pele thuto, ha se feela ho bala. Litho tsohle tsa sehlopha li ka arolelana ka mehopolo ea bona mabapi le sehloho.

Setśoantśo
monna o bua sefaleng ka kerekeng

Bopaki

Hang ka khoeli, kopano ea selallo e kenyeletsa kopano ea bopaki. Ka tloaelo, sena se ka Sontaha sa pele sa khoeli. Kopanong ena, litho li ka beha bopaki ba tsona ka Jesu Kreste le evangeli ea Hae. Ho beha bopaki ho bolela ho phatlalatsa linnete tsa evangeli joaloka ha ba susumetsoa ke Moea o Halalelang.

Boitokisetso

Litho li lokisetsa likopano tsa Sontaha ka ho rapela, ho bala mangolo a halalelang, le ka ho lokela ho amohela tsusumetso ho tsoa ho Moea o Halalelang. Ha u kopuoa ho fana ka puo kapa ho ruta thuto, ka thapelo nahana ka hore na u ka ruta metheo ea evangeli joang. Sebelisa mangolo a halalelang. Beha bopaki ka ´nete. Baetapele ba hau ba ka u thusa ho itokisa, haeba ho hlokeha.

Hatisa