2022
Mangolo a halalelang: Lentsoe la Molimo
Phuptjane 2022


“Mangolo a halalelang: Lentsoe la Molimo” Liahona, Phupu 2022.

Molaetsa oa khoeli Liahona Phupu, 2022.

Mangolo a halalelang: Lentsoe la Molimo

Setśoantśo
Lengolo la moporofeta oa Testamente ea Khale

Moporofeta oa Testamente ea Khale, ka Judith A. Mehr

Mangolo a halalelang ke libuka tse halalelang tse ngotsoeng haholoholo ke baporofeta. Mangolo a halalelalng a paka ka Jesu Kreste le ho ruta ka evangeli ea hae. Mangolo a Halalelang a molao a Kereke ke Bibele (e kenyelelitseng Testamente ea Khale le Testamente e Ncha), Buka ea Mormone, Lithuto tsa Tumelo le Lilekane, le Lehakoe la Theko e Kholo.

Testamente ea Khale

Testamente ea Khale ke lingoliloeng tsa tśebelisano ea Molimo le batho ba hae ba selekane ba linako tsa khale. E kenyelelitse lithuto tsa baporofeta joaloka Moshe, Joshua, Esaia, Jeremia, le Daniele. Le hoja e ngotsoe makholokholo a lilemo pele ho tsoalo ea Jesu Kreste, baporofeta ba bangata ba Testamente ea Khale ba ngotse ka eena.

Testamente e Ncha

Testamente e Ncha e ncha e ngotsoe ka tsoalo, bophelo ba ho shoa, lithuto, le Topollo ea Jesu Kreste. Hape e kenyelelitse le lithuto tsa Ba-apostola ba Kreste le baleteli ba bang ba hae. Testamente e Ncha e re thusa ho utloisisa na joang re phelang evangeli ea Jesu Kreste kajeno.

Setśoantśo
Jesu Kreste o ruta thero ea thabeng

Buka ea Mormone: Testamente e ngoe ea Jesu Kreste

Buka ea Mormone ke lingoliloeng tsa ba bang ba batho ba phetseng Amerika ea khale-khale. E kenyeletsa lithuto ho tsoa ho baporofeta, ´me sepheo se seholo sa eona ke ho kholisa batho bohle hore Jesu ke eena Kreste. Moporofeta Joseph Smith.o ile a e fetolela ho tsoa ho matlapa a khauta ka neo le matla a Molimo.

Setśoantśo
Joseph Smith. o amohela tśenolo

Joseph Smith Jr. o amohela tśenolo, ka Daniel A. Lewis

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane li tśetse litśenolo tse filoeng Joseph Smith le baporofeta ba ba bang ba mehla ea Kajeno. Litśenolo tseo li hlalosa kamoo Kereke ea Kreste e hlophisitsoeng. Hape li tśetse lithuto tsa evangeli tsa bohlokoa ka boprista, litśebeletso tsa evangeli, le se tla etsahala kamorao ho bophelo bona.

Lehakoe la Theko e Kholo

Lehakoe la Theko e Kholo e kenyelitse libuka tsa Moshe le Abrahama, bopaki ba Joseph Smith, le Linltha tsa Tumelo tsa kereke. Hape e kenyelelitse Joseph Smith-Mattheu, karolo ea phetolelo ea Testamente e Ncha e entsoeng ke Joseph Smith.

Ho ithuta Mangolo a Halalelang

Baporofeta ba re rutile ho ithuta mangolo a halalelang letsatsi le leng le le leng. Ho etsa joalo ho re thusa ho eketsa tumelo ea rona le ho atamela pel´a Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste. Ha re ithuta mangolo a halalelang ka thapelo, Moea o Halalelang o tla re thusa ho fumana likarabo lipotsong tsa rona.

Baporofeta ba mehla ea kajeno

Ha baporofeta le ba-apostola kajeno ba bua ka matla a Moea o Halalelang, mantsoe a bona a tśoana le mangolo a halalelang. Mohlala o mong oa sena ke seboka se akaretsang. Re ka ithuta lithuto tse tsoang sebokeng ka har´a likhatiso tsa Motśeanong le Pulungoana tsa Liahona.

Setśoantśo
Moshe o hlola Satane

Moshe o hlola Satane, ka Joseph Brickey

Hatisa