2022
Se Tśabe —Morena o na le Uena
Phuptjane 2022


“Se Tśabe, Morena o na le Uena,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phupu 2022.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Molaetsa, Phupu 2022

Se Tśabe—Morena o na le Uena

Ho tsoa ho Puo ea seboka se Akaretsang sa Mphalane 2022.

Tśabo ha e ncha. Ho tloha linakong tsa khale, tśabo e seile moeli oa talimo ea bana ba Molimo. Ka ho 2 Marena, Morena oa Siria o ne a rometse lebotho ho tśoara le ho bolaea moporofeta Elisha.

“´Me ha mohlanka oa [Elisha] a tsoha hoseng, ´me a tsamaea, bonang, lekhotla le teetseng motse hare le lipere le makoloi. ´Me mohlanka [oa Elisha] a re ho eena, Jo, mongaka! re tla etsa joang? (2 Marena 06:15).

Hoo e ne e le tśabo e buang.

“´Me [Elisha] a araba, se tśabe: hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.

´Me Elisha a rapela a re, Morena, kea u rapela, bula mahlo a hae hore a tle a bone. ´Me Morena a bula mahlo a mohlankana eo; ´me a bona: ´me, bonang, thaba eo e ne e tletse lipere le mokoloi a mollo a teetse Elisha hare ka nqa tsohle (2 Marena 6:16–17

Re ka ba le kapa ra se ke ra ba le makoloi a mollo ho romeloa ho qhala tśabo ea rona le ho hlola mademona, empa thuto e hlakile. Morena o na le rona,o oa re hopola, le ho re hlohonolofatsa ka litsela tseo e leng eena feela a ke etsang joalo.

Haeba ka tieo re tśepa Morena le litsela tsa hae, haeba re kene mosebetsing oa hae, re keke ra tśaba mekhoa ea lefatśe kapa ho tśoenngoa ke eona. Morena o re hlokometse, a re tsotella, le ho ema le rona.

Hatisa