2022
Ho etelloa pele ke Baporofeta ba Phelang
Loetse 2022


“Ho etelloa pele ke Baporofeta ba Phelang,” Liahona, Loetse 2022.

Molaetsa oa khoeli, Liahona Loetse 2022

Ho etelloa pele ke Baporofeta ba Phelang

Setśoantśo
Baetapele ba kereke ka pele ho seemahale sa Kreste

Baporofeta ke banna ba bitsitsoeng ke Ntate ea Maholimong ho bua bakeng sa hae. Ba paka ka Jesu Kreste le ho ruta ka evangeli ea hae. Litho tsa kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno li lumela ho baporofeta ba khale le ba mehla ea kajeno.

Molimo o bua ka Baporofeta

Baporofeta ba amohela ts´enolo ho tsoa ho Molimo. Ha baporofeta ba nyenyeletsoa ho re ruta, ho ts´oana le joaloka haeba Molimo o ne a bua le rona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 1:38). Re ka khona ho ts´epa hore ba re bolella seo Molimo a ka batlang hore re se tsebe.

Setśoantśo
Mormone le matlapa a khauta

Mormone o khutsufatsa matlapa, ka Tom Lovell

Baporofeta ba Ruta ka Jesu Kreste

Baporofeta bohle ba paka ka Jesu Kreste. Ba re ruta hore ke Mora oa Molimo. Ba re ruta ka bophelo ba hae, mohlala, le Topollo. ´Me ba re bonts´a hore na re mo latela joang le ho mamela litatelo tsa hae.

Boikarabello ba Baporofeta

Baporofeta ba ruta evangeli ea Jesu Kreste. Ba hlalosa litlhohonolofatso tseo re li amohelang ha re mamela litaelo le litlamorao tseo re li fumanang ha re sa mamemele. Ka linako tse ling, ba ka nyenyeletsoa ho re bolella ka liketsahalo tsa bokamoso.

Setśoantśo
Moshe le Matlapa.

Moshe le Matlapa, ka Jerry Harston

Baporofeta ba khale

Molimo o rutile batho ka baporofeta ho tloha ts´imolohong. Baporofeta ba phetseng linakong tsa testamente ea Khale ba kenyeletsa Adama, Noe, Abrahama, Moshe, le ba bang. Ho ne ho ena le baporofeta hape le har´a batho ba Buka ea Mormone. Baporofeta bana ba ne ba kenyeletsa Lehi, Mosaia, Alma, le Moroni. Re ka ithuta seo ba se rutlileng ka ho bala mangolo a halalelang.

Baporofeta ba mehla ea kajeno

Joseph Smith e bile moporofeta oa pele linakong tsa mehla ea kajeno. O ile a tsosolosa Kereke ea Jesu Kreste lefats´eng. Russell M. Nelson ke moporofeta le Mookameli oa kereke kajeno. Baeletsi ba hae Boetapeleng ba Pele le Ba-Apostola ba leshome le metso e ´meli le bona ke baporofeta, bo-ralipono, le basenoli.

Setśoantśo
banyalani ba shebeletse seboka mohaleng oa letsoho

Ho mamela Moporofeta

Moporofeta o bua le rona nakong ea seboka se akaretsang le ka linako tse ling. O re ruta seo Molimo a batlang hore re se tsebe le hore na re latela Jesu Kreste joang kajeno. Re ka fumana lithuto tsa hae ka har´e ho Liahona le ho ChurchofJesusChrist.org.

Lihlohonolofatso tsa ho Latela Baporofeta

Re tla hlohonolofatsoa haeba re latela lithuto tsa baporofeta. Ha re latela moporofeta, re ka tseba hore re etsa seo Molimo a lakatsang hore re se etse. Re ka utloa khotso bophelong ba rona le ho tla haufi ho Jesu Kreste.

Hatisa