2022
Ithute ka Jesu Kreste ´me u Fihlelle Matla a hae.
Loetse 2022


“Ithute ka Jesu Kreste ´me u Fihlelle Matla a hae,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Loetse 2022.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Loetse 2022

Ithute ka Jesu Kreste ´me u Fihlelle Matla a hae.

Ho tsoa ho Seboka se Akaretsang sa ´Mesa 2017.

Ke lakatsa ho arolelana hore ke joang re ka hulelang bophelong ba rona matla a Morena le Monghali oa rona, Jesu Kreste.

Re qala ka ho ithuta ka eena.1 “Ha ho khonehe bakeng sa [rona] ho pholosoa re hloka tsebo” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 131:6). Ha re ntse re utloisisa ho feta lithuto tsa tumelo tsa Mopholosi le seo a re etselitseng sona, re ba le ho tseba ho feta hore a ka fana ka matla ao rea hlokang bophelong ba rona.

Joaloka Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, re supa burumuoa ba hae e le Topollo ea Jesu Kreste, e entseng hore ho tsoha bafung e be ´nete bakeng sa bohle le ho etsa hore bophelo ba bosafeleng bo khonehe bakeng sa ba bakang libeng tsa bona le ho amohela le ho boloka lits´ebeletso tsa bohlokoa le lilekane.

Tlasa moralo o moholo oa Ntate, ke Mopholosi ea sotlehileng. Ke Mopholosi ea khaotseng marapo a lefu. Ke Mopholosi ea patetseng theko bakeng sa libe tsa rona le litlolo ´me o li hlakola ka pehelo ea pako ea rona. Ke Mopholosi ea re lopollang ho tsoa lefung la nama le moea.

Mantsoe a Halalelang joaloka Topollo le Tsoho ea Bafu a hlalosa seo Mopholosi a se entseng, ho latela moralo oa Ntate, e le hore re ke re phele ka ts´epo bophelong bona le ho fumana bophelo ba bosafeleng lefats´eng le tlang.

Hatisa