2022
Hobaneng re lefa Boshome
Ts´itoe 2022


“Hobaneng re lefa Boshome” Liahona, Ts´itoe 2022

Molaetsa oa Khoeli, Liahona Ts´itoe 2022

Hobaneng re lefa Boshome

Setśoantśo
Lichelete ea tse entseng qubu

Litho tsa kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno li fana ka karolo ea nngoe-leshomeng ea lekeno la bona ho Kereke. Sena se bitsoa boshome. Chelete eo e sebelisoa ho etsa mosebetsi oa Kereke ka lefats´e lohle.

Boshome ke Eng?

E ngoe ea litaelo tsa Molimo ke ho lefa boshome, e leng karolo ea nngoe-leshomeng ea lekeno la rona ho Kereke ea Hae. Ha re lefa boshome, re bonts´a teboho ho Molimo bakeng sa lihlohonolofatso tsa rona. Re bonts´a hore re ts´epa ho Morena le hore re ikemiselitse ho Mo mamela linthong tsohle.

Setśoantśo
batho ba tlisa lintho ho Melchizedeke ele tefo ea boshome

Melchezedeke— Keeper of the Storehouse [Mohlokomeli oa Ntlo ea Polokelo], ka Clark Kelley Price

Lithuto tsa Testamente ea Khale

Batho ba Molimo esale ba lefa boshome hotloha linakong tsa Testamente ea Khale. Mohlala, Abrahama o ne a lefa boshome (bona Genese14:18–20). Molao oa boshome o ile oa rutoa ke baprofeta ba khale-khale, ba kenyeletsang Moshe le Malakia (bona Leviticus 27:30–34; Nehemia 10:35–37; Malakia 3:10).

Tsosoloso ea Molao oa Boshome

Ka 1838, Moporofeta Joseph Smith o ile a botsa Morena na litho tsa Kereke li lefa boshome joang. Karabo ea Morena e ngotsoe ka ho Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 119, e bolelang hore litho li lokela ho fana ka karolo ea nngoe-leshomeng ea phaello ea bona ho Kereke (bona khaolo ea 4). Baetapele ba Kereke ba rutile hore “phaello” e bolela lekeno.

Setśoantśo
batho ba lumelisana ha e mong a fetisetsa enfolopo ho e mong

Sets´oants´o ka Jamie Dale Johnson

Boshome bo lefuoa joang

Re ka lefa ka ho tlatsa foromo ea monehelo marang-rang ho donations.ChurchofJesusChrist.org. Kapa re ka tlatsa foromo ea pampiri ra fana ka chelete ho setho sa bobishopo kapa mookameli oa lekalana. Chelete eohle e romelloa ntlo-kholo ea Kereke, moo baetapele ba Kereke (Boetapele ba Pele, Lekhotla la ba-Apostola ba Leshome le Metso e ´Meli, le bobishopo ba okametseng) ba rapella liqeto tsa hore na etla sebelisoa joang.

Mahlohonolo

Morena o ts´episitse hore ba tlang ho lefa boshome ba tla hlohonolofala nameng le moeeng. Boshome hape bo hlohonolofatsa bana ba Molimo ka menyetla ea ho ithuta ka Eena le ho hola evangeling.

Setśoantśo
Tempele ea Salt Lake

Ka moo Lichelete tsa Boshome li Sebelisoang

Chelete ea boshome e sebelisoa ho aha Kereke ea Morena ka lefats´e lohle. Tsena li kenyeletsa ho aha litempele le meaho e meng ea kereke, ho hatisa mangolo a halalelang le lingoliloeng tse ling, ho fana ka chelete likolong tsa Kereke, le ho thusa ka mosebetsi oa nalane ea malapa le oa borumuoa ba boruti lichabeng.

Tithing Declaration (Phatlalatso ea Boshome)

Ha nngoe ka selemo, litho tsa Kereke li kopana le mobishopo oa bona(kapa mookameli oa lekalana) ho mo bolella haeba ke balefi ba phethahetseng ba boshome .

Seo Boshome bo Se Lefellang

Setśoantśo
Tempele ea Oakland California

Sets´oants´o sa Tempele ea Oakland California ka Longin Lonczyna Jr.

Setśoantśo
likopi tsa Buka ea Mormone ka lipuo tse fapaneng
Setśoantśo
ntlo ea thapelo

Hatisa