2022
Mabitso a Mangata a Jesu
Ts´itoe 2022


“Mabitso a Mangata a Jesu” Molaetsa oa khoeli Motsoalle Ts´itsoe 2022

“Mabitso a Mangata a Jesu”

Molaetsa oa khoeli Motsoalle Ts´itoe 2022

Mabitso a Mangata a Jesu

Setśoantśo
Ezekiele o ea ngola

Litśoantśo ka Apryl Stott

Baprofeta ba bangata ba rutile ka Jesu Kreste. Ba re boleletse hore O tla tsoaloa ho re bonts´a hore na re phele joang. Ba sebelisitse mabitso a mangata ho ruta ka Eena.

Setśoantśo
Bibile le Buka ea Mormone

Ka nako e ´ngoe ka mangolong a halalelang Jesu o bitsoa Emmanuele. Lebitso leo le bolela “Molimo o na le rona.”

Setśoantśo
Ho hatisa Bibile khatisong ea pele

Jesu hape o bitsoa Messiah. Messiah e bolela “ea tlotsitsoeng.” Jesu o ile a re shoela hore re tle phele le Molimo hape.

Setśoantśo
Joseph Smith o fetolela Buka ea Mormone le Emma e le sengoli

Jesu ke ´Moloki.oa rona O re boloka ho libeng tsa rona le lefung.

Setśoantśo
Jesu Kreste
Setśoantśo
Lelapa le bala mangolo a halalelang

Lebitso le leng la Jesu ke Khosana ea Khotso. Ha re ts´ohile kapa re koatile, A ka re thusa ho utloa khotso ka Moea o Halalelang.

Setśoantśo
bana le monna ea tsamaeang ka koloeana ba bala mangolo a halalelang

Ke rata Jesu Kreste. Nka ithuta ka bophelo ba Hae ka hare ho mangolo a halalelang.

Leqephe La Ho Taka

Ke rata Jesu Kreste

Setśoantśo
bana le litichere ka sehlopheng sa Mathomo

Tobetsa sets´oantśong ho khoasolla.

Sets´oants´o ka Apryl Stott

U bonts´a joang hore u rata Jesu?

Hatisa