2023
Lisebelisoa Bakeng sa Bacha le Bana
Hlakola 2023


“Lisebelisoa Bakeng sa Bacha le Bana,” Liahona, Hlakola 2023.

Molaetsa oa khoeli Liahona Hlakola 2023

Lisebelisoa Bakeng sa Bacha le Bana

Setśoantśo
batsoali ba bala mangolo a halalelang le mora

Batsoali ba na le boikarabello ba ho ruta bana ba bona ka Jesu Kreste le evangeli ea Hae. Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e na le mekhatlo, mananeo, le lisebelisoa tse ling tse thusang batsoali boitekong ba bona. Hammoho, batsoali, baetapele ba kereke, le metsoalle ba ka thusa bana bohle le bacha ho tla ho Kreste.

Setśoantśo
Bana ba sekolo sa mathomo

Sets´oants´o ka Ben Johnson

Sekolo sa Mathomo

Sekolo sa Mathomo ke mokhatlo oa bana ba likhoeli li 18 hoisa ho lilemo tse 11. Sehlopheng sa Mathomo, bana ba ithuta ka Jesu Kreste le Evangeli ea hae, ´mino, le mesebetsi. Sekolo sa Mathomo se ka thusa bana ho utloa lerato la Molimo ho bona.

Makhotla a Boporista ba Aarone le Lihlopha tsa Basali ba Bacha

Pherekhong ea selemo seo bana ba bang lilemo tse 12, ba tloha sekolong sa Mathomo ho ea ho makhotla a Bosporista ba Aarone (haele bashanyana) kapa lihlopheng tsa Baroetsana (haele banana). Makhotleng le lihlopheng tsa bona, bacha ba tsoelapele ho matlafatsa mapaki a bona le ho sebeletsa ba bang.

Setśoantśo
Matsoho a taka Sets´oants´o

Mananeo a Bana le Bacha

Bocheng ba hae, Jesu Kreste o ile a hola “bohlaleng le boemong, le ho ba thatohatsi ea Molimo le motho” (Luka 2:52). Lenaneo la Bana le Bacha le thusa litho tsa kereke tsa ba bacha ho latela mohlala oa Kreste. Ba ithuta le ho hola likarolong tsohle tsa bophelo—moeeng, sechabeng, ´meleng, le kelellong.

Limakasine tsa Kereke

Makasine oa bana oa Kereke ke Motsoalle Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha, ke makasine oa bacha. Limakasine tsena li kenyeletsa lipale, le mesebetsi e ngotsoeng ka ho khetholoha bakeng sa bana le bacha.

Setśoantśo
Leqephe le kantle la buka ea tataiso ka Spanish

Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Buka ea Tataiso

Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha: Tataiso Ea ho Etsa Likhetho e ruta bacha ka linnete tsa evangeli. E ba ruta ka kamoo ba ka etsang liqeto tse tla ba thusa ho latela Jesu Kreste. E kenyeletsa hape likarabo ho lipotso tseo bacha ba ka bang le tsona ka ka moo ba ka phelang evangeli.

Pokello ea Libuka tsa Evangeli

Pokello ea Libuka tsa Evangeli e na le lisebelisoa tse ngata tsa digitale, tse kenyeletsang lits´oants´iso, ´mino, lipale tsa mangolo a halalelang le liketsahalo. Hape li kenyeletsa lisebelisoa tse thusang batsoali le baetapele ho ruta metheo ea evangeli. Lisebelisoa tsena li fumaneha ho Pokello ea Libuka tsa Evangeli ho ChurchofJesusChrist.org le ka hara App ea Libuka tsa Evangeli.

Seboka se Akaretsang sa FSY

Maqalong a selemo seo ba bang lilemo li 14, bacha ba mengoa ho ba teng Seboka se Akaretsang sa Matlafalo ea Bacha (FSY). Liketsahalo tsena li kenyeletsa mesebetsi le lihlopha tse matlafatsang tumelo ho Jesu Kreste le ho thusa bacha ho hola moeeng, sechabeng, ´meleng, le kelellong.

Hatisa