2023
Litlhohonolofatso tsa Boprista
Tlhakubele 2023


“Litlhohonolofatso tsa Boprista,” Liahona, Tlhakubele 2023.

Molaetsa oa khoeli Liahona Tlhakubele 2023

Litlhohonolofatso tsa Boprista

Setśoantśo
Kreste o beha matsoho Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli

Kreste o beha matsoho Baapostola ba Leshome le Metso e ´Meli, ka Harry Anderson

Tlhohonolofatso ea boprista e fanoa ka pululelo ke ea ts´oereng Boprista ba Melkisedeke. Litlhohonolofatso tsa boprista li etsa hore ho khonahale hore bana bohle ba Molimo ba fumane matla a Hae, pholo, mats´eliso, le tataiso.

Boprista

Boprista ke matla le bolaoli tsa Molimo. Banna ba loketseng ba ts´oereng Boprista ba Melkisedeke ba etsa ka lebitsong la Jesu Kreste ha ba fana ka litlhohonolofatso tsa boprista. Ha ba fana ka litlhohonolofatso tsena ba latela mohlala oa Mopholosi oa ho hlohonolofatsa ba bang.

Setśoantśo
ho beha matsoho holim´a hlooho

Sets´oants´o ka David Winters

Kamoo Litlhohonolofatso li Fanoang

Litlhohonolofatso tsa Boprista li fanoa ka peho ea matsoho. Ea ts´oereng Boprista ba Melkisedeke o beha matsoho a hae holima motho ea amohelang tlhohonolofatso. Ebe o fana ka tlhohonolofatso joaloka ha Moea o tataisa. Ba fanang ka tlhohonolofatso le ba e amohelang ba bonts´a tumelo ho Molimo ´me ba ts´epela takatsong le nakong tsa Hae.

Ho Reha lebitso le Tlhohonolofatso ea Bana

Kamor´a hore ngoana a hlahe, ea ts´oereng boprista o mo fa lebitso le tlhohonolofatso (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:70). Ha ngata sena se etsahala kopanong ea boitimo le bopaki. Pele ngoana o fuoa lebitso. ´Me joale ea ts´oereng boprista o fa ngoana tlhononolofatso.

Setśoantśo
moshanyaa ea kulang o fuoa tlhohonolofatso ea boprista

Sets´oants´o ka Welden C. Andersen

Tlhohonolofaso ea Bakuli

Ba ts´oereng Boprista ba Melkisedeke ba ka fana ka tlhohonlofatso ho batho ba kulang. Tlhohonolofatso ea mofuta ona ena le likarolo tse peli: ho tlotsa ka oli le ho tiisa tlotso. Pele, ea ts´oereng boprista o ts´ela lerotholi la oli ea mohloare e halalelitsoeng kapa e hlohonolofalitsoeng, hloohong ea motho ebe o etsa thapelo e khuts´oanyane. ´Me joale e mong ea ts´oereng boprista o tiisa tlolo le ho fa motho tlhohonolofatso joaloka ha a tataisoa ke Moea o Halalelang.

Litlhohonolofatso tsa Mats´eliso le Keletso

Ba ts´oereng Boprista ba Melkisedeke ba ka fana ka tlhohonlofatso ea mats´eliso le keletso ho litho tsa lelapa le ho ba bang ba kopang. Ntate ea ts´oereng boprista ba Melkisedeke a ka fa bana ba hae tlhohonolofatso. Sena se ka ba bohlokoa haholo ha bana ba tobane le liqholotso.

Thapelo e Ikhethileng ho Litho tse Tlang ho Sebeletsa Lipitsong

Ha litho tsa kereke li amohela lipitso, ba fuoa tlhohonolofatso ha ba etsetsoa thapelo e ikhethang bakeng sa ho sebeletsa. Moetapele oa boprista o ba hlohonolofatsa ka tokelo ea ho etsa ka har´a lipitso tsa bona. Moetapele oa boprista o ba hlohonolofatsa hape ho ba thusa mosebetsing oa bona.

Setśoantśo
mosali o bala tlhohonolofatso ea hae ea patriareka

Sets´oants´o ka Shaun Stephenson

Litlhohonolofatso tsa Patriareka

Setho se seng le se sengsa kereke se lokelehang se ka amohela tlhohonolofatso ea patriareka. Tlhohonolofaso ena e fana ka keletso ea bo-mong e tsoang ho Molimo. E ka fana ka tataiso le mats´eliso bophelong bohle ba motho. E boetse e bolella motho ka leloko la hae la ntlo ea Israele. Ke feela ba tlotsitsoeng patriareka ba ka fanang ka mofuta ona oa tlhohonolofatso.

Hatisa