2023
Tlohong ho Eena
Tlhakubele 2023


“Tlohong ho Eena,” Bakeng sa Matlafatso ea Bacha, Tlhakubele. 2023.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Tlhakubele 2023

Tlohong ho Eena

Mopholosi o re memela ho beha meroalo ea rona ho Eena.

Setśoantśo
Jesu Kreste

Lits´oants´o ka Henrie. Nader

Tlohong ho nna

Re ka tla ho Mopholosi ka ho ithuta evangeli ea Hae, ho ba le tumelo ho Eena, ho baka, ho etsa le ho boloka lilekane, le ho latela mohlala oa hae.

Ho imeloa … moroalo o boima

Ho imeloa ha ´mele le moroalo oa ´mele li ka re qeta joalo feela le ka ho imeloa kelellong, maikutlong, le moeeng. Mopholosi o re fa khotso ea hae, ho sa natsehe mofuta oa meroalo eo re e jereng.

joko

Joko ke sesebelisoa se panang liphoofolo tse peli hammoho hore li tsebe ho hula moroalo joaloka mohoma kapa selei. Joko ka tloaelo e na le palo e lulang mahetleng a phoofolo ka ´ngoe, e arola boima.

ithute

Re ka ithuta ka Jesu Kreste ka ho ithuta lithuto tsa hae le mohlala oa hae–le ka ho leka ho li latela.

phomolo

Phomolo ea Mopholosi ke khotso ea Hae, e kokobetsang mehopolo le meea ea rona. O re thusa ho hlola mats´oenyeho me e re fa matla a moea ha re ikutloa re fokola.

chatsi … bobebe

Ho inkela joko ea Mophlosi ho rona ho bolela boitlamo ba rona ho Eena ka lilekane. Ho bolela ho fana ka lipelo tsa rona ho Eena le mosebetsi oa hae. Ha re etsa sena, meroalo ea rona e ba bobebe hobane o ea re thusa.

Hatisa