2023
Tumelo ho Jesu Kreste
´Mesa 2023


“Tumelo ho Jesu Kreste,” Liahona,´Mesa 2023.

Molaetsa oa Khoeli le Khoeli, Liahona ´Mesa 2023

Tumelo ho Jesu Kreste

Setśoantśo
Boemo ba Jesu

Jesu Kreste, ka Harry Anderson

Ho ba le tumelo ho Jesu Kreste ke motheo oa pele oa evangeli (bona Lintlha tsa Tumelo 1:4). Tumelo ea rona e tla re thusa ho etsa liqeto tse tlang ho re tataisetsa ho khutlela ho Ntat´a rona ea Maholimong. Re ka sebeletsa ho matlafatsa tumelo ea rona bophelong ba rona bohle.

Setśoantśo
bana le bacha ba bokane ho potoloha buka

Tumelo ke Eng?

Tumelo ke maikutlo a matla kapa ts´epo ho ntho e itseng. Ho ba le tumelo ho kenyeletsa ho ts´epa le ho lumela linthong tseo e leng ´nete le ha re sa li bone kapa hona ho se li utloisise hohang (bona BaHeberu 11:1Alma 32:21).

Setśoantśo
setśoantśo sa Jesu Kreste

Lintlha ho tsoa ho Kreste Le Mohlankana oa ´Musi oa Morui, ka Heinrich Hofmann

Tumelo e Tsepameng ho Jesu Kreste

Ho etellela pele ho isa pholohong, tumelo ea rona e lokela ho tsepama ho Jesu Kreste joaloka ´Mopholosi le Molopolli oa rona. Ho ba le tumelo ho Kreste ho bolela ho ba le ts´epo ho eena. Ho bolela ho its´etleha ka botlalo ho eena—ho ts´epela ho matla a hae, bohlale le lerato. Hape ho kenyeletsa ho lumela le ho latela lithuto tsa Hae.

Setśoantśo
banyalani baithuta mangolo a halalelang

Ho Eketsa Tumelo ea Rona

Tumelo ke mpho e tsoang ho Molimo, empa re tlameha ho e batla le ho sebeletsa ho e boloka e le matla. Re ka eketsa tumelo ea rona ka ho rapela le ho ithuta mangolo a halalelang le ka lithuto tsa baporofeta ba mehla ea kajeno. Re boetse re matlafatsa tumelo ea rona ka ho phela ka bohloeki le ho boloka lilekane.

Ho Phela ka Tumelo

Tumelo e kholo ho feta ho lumela feela. E kenyeletsa ho etsa ho ea ka ho lumela hoo. Re bonts´a tumelo ea rona kamoo re phelang ka teng. Tumelo ho Jesu Kreste e re khothatsa ho latela mohlala oa hae o phethahetseng. Tumelo ea rona e re khannela ho mamela litaelo, ho baka libeng tsa rona, le ho etsa le ho boloka lilekane tsa rona.

Setśoantśo
Jesu o folisa monna oa sefofu

Tumelo e ka Lebisa Mehlolong

Tumelo ea ´nete e tlisa mehlolo, e ka kenyeletsang lipono,litoro, pholo, le limpho tse ling tse tsoang ho Molimo. Mangolo a halalelang a kenyeletsa lipale tse ngata tsa batho ba ileng ba fumana mehlolo ho tsoa ho Morena ka baka la tumelo ho Eena. Bona “Mehlolo” ho Guide to the Scriptures bakeng sa mehlala.

Tumelo e ka Tlisa Khotso.

Ho ba le tumelo ho Molimo le ho morero oa pholoho ho ka matlafatsa tumelo ea rona nakong ea liqholotso. Tumelo e ka re fa matla a ho hahamalla pele le ho tobana le mathata a rona ka sebete. Esita le ha bokamoso bo le lerotho, tumelo ea rona ho Mopholosi e ka re fa khotso.

Setśoantśo
ntate o nkile ngoana oa hae ba shebile sets´oants´o sa Jesu.

Tumelo ho Jesu Kreste e isa Polokong

Ho ba le tumelo ho Kreste ho tla re isa polokong ea rona. Kreste o re lokiselitse tsela ea ho fumana bophelo ba bosafeleng. Ha re phela ka tumelo ho eena, re ka ts´oareloa libe tsa rona ´me ra khutla ho ea phela le Molimo hape.

Hatisa