2023
Bulela Moea o Halalelang Pelo ea Hau
´Mesa 2023


“Bulela Moea o Halalelang Pelo ea Hau,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, ´Mesa. 2023.

Khoeli le khoeli Bakeng sa Matlafalo ea Bacha Molaetsa, ´Mesa 2023

Bulela Moea o Halalelang Pelo ea Hau

Ho tsoa ho Seboka se Akaretsang sa ´Mesa 2018

Pasekeng ena, ke leboha Ntat´a rona ea Maholimong ka mpho ea Mora oa hae ea Ratoang, eo ka boithaopo a tlileng lefats´eng ho tla ba Molopolli oa rona. Ke leboha ho tseba hore o re shoetse libe ´me a tsoha ka Tsoho ea Bafu. Letsatsi ka leng ke lehlohonolo ho tseba hore ka baka la Topollo ea hae, ka letsatsi le leng nka nna ka tsohela ho phela ka ho sa feleng lelapeng le nang le lerato.

Ke tseba lintho tsena ka tsela feela eo ho seng mang kapa mang oa rona a ka li tsebang ka eona. Moea o Halalelang o buile maikutlong aka le pelong hore ke ´nete—eseng ha ´ngoe empa hangata

Re na le ts´episo ea bohlokoahali ea Moea o Halalelang e le molekane. Boitlamo ba rona ke ho khetha ho bula lipelo tsa rona ho amohela tataiso ea se-moea ea kamehla le khothatso ka Moea o Halalelang bophelo bohle.

Setśoantśo
palesa

Lits´oants´o ka Emily E. Jones

Khetho ea pele ke ho ikokobetsa kapele ho Molimo.

Setśoantśo
matsoho a rapelang

Ea bobeli ke ho rapela ka tumelo ka lebitso la Jesu Kreste.

Setśoantśo
sesupa-tsela

Ea boraro ke ho mamela hantle.

Setśoantśo
sebopeho sa pelo

Ea bone ke ho rapella ho tseba litlhoko le lipelo tsa ba bang ho ba thusa bakeng sa Morena.

Ke rapela ka pelo eohle eaka hore u tle u utloe lentsoe la Moea le romeloang ho uena ka seatla se bulehileng. Ke rapela hape hore u bule pelo ea hau kamehla ho amohela Moea hore u be le nyakallo ea ho ba le oona joaloka molekane oa hau oa kamehla.

Hatisa