2023
Moea o Halalelang A ka Re Thusa
Phuptjane 2023


“Moea o Halalelang A ka Re thusa,” Liahona, Phuptjane 2023.

Molaetsa oa khoeli oa Liahona Phuptjane 2023

Moea o Halalelang A ka Re Thusa

Setśoantśo
monna ea lutseng a shebelletse letsatsi ha le chaba

Moea o Halalelang ke setho sa boraro sa Bomolimo. Mangolo a halalelang le ona a mobitsa Moea, Moea o Halalelang, kapa Moemeli. Ha re ntse re ithuta ho mamela lentsoe la Hae, O tla re pakela ka Jesu Kreste ´me a re thuse ho ithuta linnete tsa evangeli.

Setho sa Bomolimo

Molimo Ntate, Jesu Kreste, le Moea o Halalelang ke Bomolimo. Ba ea re rata ´me ba sebetsa ´moho ho phethahatsa morero oa pholoso. Le ha Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba na le ´mele le nama le masapo, Moea o Halalelang ha a na tsona. Ke moea.

Setśoantśo
Sets´ants´o se ka har´a khalase sa Ntate le Mora

Paki ea Ntate le Mora

Moea o Halalelang “o paka Ntate le Mora” (2 Nefi 31:18). Sena se bolela hore re ka fumana bopaki ba Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ka Moea o Halalelang.

O Paka ´Nete

Moea o Halalelang o paka ´nete eohle. O tla re thusa ho tseba hore evangeli—e kenyelletsang morero oa pholoho, Melao ea Molimo, le Tsosoloso, le Topollo ea Jesu Kreste—ke ´nete. O tla matlafatsa bopaki ba rona ha re tsoela pele ho rapela, ho boloka melao le ho ithuta ka evangeli.

Setśoantśo
letsoho le ts´oereng sesupa-tsela

O ea re Tataisa le ho Re Sireletsa

Moea o Halalelang o ka re tataisa liqetong tsa rona ´me oa re sireletsa kotsing e ka bang ea ´meleng kapa moeeng. O tla re thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tsa rona haeba re rapela ´me re leka ho etsa se nepahetseng. Kamehla o tla re tataisa “ho etsa tse ntle” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 11:12).

O a re khothatsa

Ka nako tse ling Moea o Halalelang o bitsoa “Mots´elisi” (Johanne 14:26). A ka re tlatsa ka “ts´epo le lerato le phethahetseng” (Moroni 8:26) ha re ts´oenyehile, re hloname, kapa re ts´aba. Joaloka ha a re thusa ho utloa lerato la Molimo, re ka hlola ho lahleheloa ke Ts´epo ´me re matlafatsoe ke liteko tseo re kopanang le tsona.

Mpho ea Moea o Halalelang

Kamor´a hora re kolobetsoe, re fumana mpho ea Moea o Halalelang e le ts´ebeletso e bitsoang tiiseletso. Hang ha re fumana mpho ena, re ka ba le selekane sa nako tsohle le Moea o Halalelang ha feela re phela ka tsela e lokileng.

Setśoantśo
mosali ea balang mangolo a halalelang

Sets´oants´o ka J. Kirk Richards

Kamoo re Utloang Moea o Halalelang

Moea o Halalelang o bua le batho ka litsela tse fapaneng. Tsona li ka kenyeletsa maikutlo a khotso, a khothatsang kapa bohlale ba ho tseba seo u ka se buang kapa oa se etsa. Ha re rapella tataiso ´me re mamela ts´usumetso tsa Hae, re ka ithuta kamoo a buang le rona ka teng.

Hatisa