2023
Boitjaro Boa re Matlafatsa
Phato 2023


“Boitjaro Boa re Matlafatsa” Liahona, Phato. 2023.

Molaetsa oa Khoeli Liahona Phato 2023

Boitjaro Boa re Matlafatsa

Setśoantśo
batho ba babeli ba hlatsoa lijana

Ho itjara ho bolela hore re ka hlokomela litlhoko tsa rona le tsa malapa a rona. Ha re itjara, re tla tseba ho sebeletsa Morena le ho hlokomela ba bang. Empa boitjaro ha bo bolele hore re lokela ho tobana le mathata a rona re le bang. Re ka kopa thuso ho metsoalle, lelapa, litho tsa lekala kapa lekalana, le litsebi ha ho hlokeha.

Metheo oa Boitjaro

Ho itjara ho hloka thuto, ho mamela, le ho sebetsa ka thata. Re etsa ka matla a rona oohle ho itlhokomela, ´me re ka kopa thuso ho ba bang ha ho hlokeha. Ho itjara e le ´nete, leha ho le joalo, re tlameha hape ho ithuta ho ba le tumelo ho Jesu Kreste. Leha ho le joalo, e le ho itjara ele kannete, re tlameha hape ho ithuta ho ba le tumelo ho Jesu Kreste. Ebile ha re sebeletsa ho ithusa, O tla re matlafatsa.

Setśoantśo
matsoho a mabeli a phuthuoeeng

Boitjaro ba Semoea

Re ka aha boitjaro ba semoea ka ho sebeletsa ho matlafatsa bopaki ba rona ka Jesu Kreste. Re etsa sena ka ho rapela, ho bala mangolo a halalelang, ho kena kereke, ho mamela litaelo, le ho etsa lintho tse ling tse re atametsang ho Kreste. Ho tseba hore O lakatsa ho re thusa ho tla re fa tumelo ea ho lula re le matla le ha bophelo bo le thata.

Boitjaro Ba Tsa Lefats´e

Boitjaro ba tsa lefats´e bo kenyeletsa ho tseba ho hlokomela litlhoko tsa rona le tsa malapa a rona. Sena se kenyeletsa lijo, matlo, bophelo bo botle, le litlhoko tse ling. Re etsa sena ka ho fumana thuto e ntle, ho ithuta kapa ho atolosa litsebo tse hlokoang, ho sebetsa ka thata, ho sebelisa nako ea rona hantle, le ts´ebeliso e ntle ea chelete ea rona.

Setśoantśo
basali ba bararo ba tsamaeang hammoho

Boitjaro Maikutlong

Boitjaro maikutlong ke bokhoni ba ho ikamahanya le liqholotso tsa maikutlo ka sebete le tumelo. Bohle re na le liqholotso le lits´itiso. Re leboha evangeli, hobane re ka khetha na re nka khato e feng. Ho arabela ka tumelo ho Morena ho eketsa bokhoni ba ho tobana le mathata a mang ka ts´epo e kholo.

Thuto

Re lokela ho ithuta kamehla. Molimo o batla re ithute ´me re ntlafatse litsebo tsa rona bophelong bona le ho isa bophelong bo tlang. Ha re ntse re ithuta haholo, re ka ba bakhothaletsi ho ea ho ile ´me ra tseba ho iketsetsa, ho etsetsa ba malapa a rona le ba hlokang.

Setśoantśo
mohlankana o nkile mokotla

Lihlohonolofatso tsa Ho Itjara

Baporofeta ba re rutile hore ha re ntlafatsa boitjaro ba rona, re tla hlohonolofatsoa ka ts´epo e kholo le khotso. Re tla tseba ho thusa malapa a rona le ba bang ba hlokang. ´Me re tla hlohonolofatsoa ka menyetla e mengata le bokhoni ba ho lula re tsoelapele.

Lisebelisoa tsa Kereke

Lekala la hau le ka fana ka lihlopha tsa boitjaro. Li ka u ruta metheo ea boitjaro le litsebo tse kang ts´ebeliso ea chelete kapa ho fumana mosebetsi o betere. U ka fumana lisebelisoa tse ling ho Pokello ea Libuka tsa Evangeli. Khetha “Libuka le Lithuto” le “Boitjaro.”

Hatisa