2023
Ho Hlokomela ba Hlokang
Loetse 2023


“Ho Hlokomela ba Hlokang,” Liahona, Loetse 2023.

Molaetsa oa Khoeli, Liahona Loetse 2023

Ho Hlokomela ba Hlokang

Setśoantśo
Jesu o folisa batho

O ile a Folisa Mafu a Mangata, ka J. Kirk Richards, e ka se kopitsoe

Re le litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, re latela thuto ea Morena ea ho hlokomela ba hlokang. Re hlokomela ba bang ka ho ba sebeletsa, ho ba thusa ka boitjaro, le ho arolelana seo re nang le sona.

Mohlala oa Jesu Kreste

Jesu Kreste o ne a rata, a ts´elisa hape a rapella ba mo potileng. O ne “a tsamaea a etsa tse molemo” (Liketso 10:38). Re ka latela mohlala oa Hae ka ho rata, ho ts´elisa, ho sebeletsa le ho rapella ba re potileng. Re lula kamehla re sheba litsela tsa ho thusa ba bang.

Setśoantśo
batho ba babeli ba tsamaeang

Bosebeletsi

Lentsoe ho sebeletsa le sebelisoa mangolong a halalelang le Kerekeng ea Morena ho hlalosa ka moo re hlokomelanang. Baprista ba abeloa e le basebeletsi ba bo-ntate ho motho ka mong kapa lelapa kahar´a lebatooa kapa lekala. Basebeletsi ba bo-mme ba abeloa ´m´e e mong le e mong e moholo. Basebeletsi ba bo-ntate le ba bo-mme ba etsa bonnete ba hore litho tsohle tsa Kereke lia hopoleha ´me lia hlokomeloa.

Setśoantśo
batho ba jala sethopo

Ho Thusa Ba Bang Ho Itjara

Re ka thusa litho tsa lelapa kapa metsoalle ho itjara ka ho khothaletsa ho fumana tharollo ea mathata a bona. Re ka ba ts´ehetsa ha ba sebetsana le tseo ba batlang ho li fihlela. Fumana tlhahiso-leseling haholoanyane ka boitjaro ho Phato 2023 Liahona Sengoloa ka Metheo ea Evangeli.

Sebeletsa ba Bang

Litsela lingata tseo re ka sebeletsang ba re potileng, ´me ra ba thusa ho fihlela litlhoko tsa bona tsa nama, moea le maikutlo. Ho ithuta ka ba bang ho ka re thusa ho tseba ka moo re ka ba sebeletsang ha bobebe. Hape re ka rapella tataiso ho tseba seo re ka se etsang ho thusa.

Setśoantśo
batho ba bokella litholoana

Ho Arolelana Seo Re Nang Le Sona

Re ka sebeletsa ba bang ka ho arolelana seo Molimo a re hlohonolofalitseng ka sona. Mohlala, re ka fana ka nyehelo ea ho itima lijo ka liatla tse bulehileng kapa ra nehela ho Letlole la Kereke la Lithuso tsa Botho. Hape re ka sebeletsa sechabeng sa habo rona le lipitsong tsa rona tsa Kereke.

Mesebetsi ea Baetapele ba Kereke

Mobishopo o ikarabella ho ho hlokomela ba hlokang kahare ho lebatooa la hae. A ka sebelisa chelete ea nyehelo ea ho itima lijo ho thusa litho tse hlokang. Baetapele ba bang, ho kenyeletsa baeletsi ba hae le baokameli ba Mokhatlo oa Lithuso le lekhotla la baholo, ba thusa litho ho fumana lisebelisoa tseo ba ka lisebelisang ho fihlela litlhoko tsa bona.

Boiteko ba Kereke ka Lithuso tsa Batho

Kereke e thusa batho lefats´e lohle ka thuso ea ts´ohanyetso, merero ea sechaba, le mananeo a mang joaloka metsi a hloekileng le liente tse thibelang mafu. Ho ithuta haholoanyane, bona Dallin H. Oaks, “Helping the Poor and Distressed,” Liahona, Pulungoana 2022, 6–8.

Hatisa