2023
Ho Itokisetsa ho ea Tempeleng
Ts´itoe 2023


“Ho Itokisetsa ho ea Tempeleng,” Liahona, Ts´itoe 2023.

Molaetsa oa Khoeli Liahona Ts´itoe 2023

Ho Itokisetsa ho ea Tempeleng

Setśoantśo
batho ba tsamaela tempeleng ea Ogden Utah

Sets´oants´o sa Tempele ea Ogden Utah ka Mark Brunson

Ka litempeleng tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno re ka amohela lilekane tse halalelang le lits´ebeletso bakeng sa rona le baholo-holo ba rona. Re ea tempeleng ho bonts´a lerato le teboho ea rona ho Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste. Re ka itokisetsa ho ea tempeleng ka ho ithuta le ho phela evangeli ea Jesu Kreste. Bakeng sa tlhahiso leseling e ngata mabapi le litempele, bona khatiso ea Gospel Basic “Mosebetsi oa Tempele” ho leselinyana la Mphalane 2021 ea Liahona.

Setśoantśo
mantsoe kantle ho Tempele ea Durban South Africa

Sets´oants´o sa Tempele ea Durban South Africa ka Matthew Reier

Ntlo ea Morena.

Litempele li bitsoa “ntlo ea Morena.” Ke libaka tse halalelang moo re ka utloang Moea oa Molimo le lerato la Hae ho rona. Hape ke libaka tseo re ka etsang lilekane le ho fumana lits´ebeletso tse ikhethang tse tla re lokisetsa ho ba le bophelo ba bosafeleng. (Lilekane ke lits´episo tse halalelang pakeng tsa Molimo le bana ba Hae.) Ho ts´epahalla lilekane tsa rona le ho amohela lits´ebeletso tsena ho re thusa ho ba le kamano e ikhethang le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste.

Setśoantśo
bacha ba eme kantle ho Tempele ea Guayaquil Ecuador

Sets´oants´o sa Tempele ea Guayaquil Ecuador ka Janae Bingham

Ke Mang Ea ka Eang Tempeleng?

Litho tsa kereke li ka etsa likolobetso bakeng sa ba shoeleng ka selemo seo ba ts´oarang lilemo tse 12. Setho se ka amohela letlotlo haeba se se se le bonyane lilemo tse 18, a bile setho sa kereke bonyane selemo, ´me a na le takatso ea ho etsa le ho boloka lilekane (bona Buka ea Tsamaiso e Akaretsang: Ho Sebeletsa Kerekeng ea Jesu Kreste ea Bahalaleli Ba Mehla ea Kajeno, 27.2.2, ChurchofJesusChrist.org). Monna kapa mosali ea seng a amohetse letlotlo la hae a ka tiisoa(a nyalisoa) ka hosafeleng ka tempeleng.

Lilekane le Lits´ebeletso

U ka etsa lilekane ´me oa amohela litsebelets´o kahar´a tempele. “Ho kena kamanong ea selekane le Molimo ho re tlamella ho Eena ka tsela e etsang hore tsohle tsa bophelo li be bonolo” (Russell M. Nelson, “Overcome the World and Find Rest,” Liahona, Nov. 2022, 97). Ts´ebeletso ke ketsahalo e halalelang e etsoang ka tumello ea matla a boprista. Lits´ebeletso tsena li na le moelelo oa semoea o tebileng. Mohlala, ha u nka karolo ts´ebeletsong, u bonts´a Molimo hore u ikemiselitse ho amohela le ho boloka lilekane tsa Hae.

Boitokisetso ba Botho

Itokise moeeng ka ho latela lithuto tsa Jesu Kreste le ho boloka lilekane tseo u li entseng le Molimo ha u ne u kolobetsoa. Hape u ka ithuta lisebelisoa tsa Kereke joaloka mangolo a halalelang le lipuo tsa seboka se akaretsang. Temples.ChurchofJesusChrist.org e fana ka tlhahiso leseling ka seo u ka se lebellang ha u ea tempeleng. Hape e kenyelelitse lintlha tse ngata ka likelane, lits´ebeletso, le mats´oao a tempele.

Setśoantśo
kantle ho Tempele ea Nauvoo Illinois

Sets´oants´o sa Tempele ea Nauvoo Illinois Temple ka Eve Tuft

Mats´oao

Hangata Morena o ruta ka ho sebelisa mats´oao. Mohlala, kolobetso—ho ea ka tlas´a metsi le ho tsoa hape—ho tsoana le ha bouena ba khale bo shoa ho hlaha bouena bo bocha (bona Baroma 6:3-6). Lits´ebeletso tsa tempele li supisa ho Jesu Kreste le Topollo ea Hae. Ho ka ´na hoa ba thata ho utloisisa mats´oao oohle ha u qala ho ea tempeleng, empa u ka tsoelapele ho ithuta hau ntse u khutlela tempeleng bophelong bohle ba hau.

Tokomane ea Tumello ea Tempele

Ho kena tempeleng, u lokela ho itokisa le ho lokeloa. U ka fumana tumello ea ho kena tempeleng kamor´a lipotso le mobishopo oa hau kapa mookameli oa lekala le mookameli oa setereke kapa mookameli oa borumuoa ba boruti lichabeng. Baokameli bana ba tla botsa lipotso tse hlophisitsoeng ho etsa bonnete ba hore u phela evangeli ea Jesu Kreste. Baetapele ba hau ba ka bua le uena ka lipotso tsena pele ho moo.

Ho Khutlela Tempeleng Bakeng Sa Baholo-holo Ba Hau

Ntate ea Maholimong o batla hore bana bohle ba hae ba etse lilekane le Eena le ho amohela lits´ebeletso tse halalelang. Litsebeletso tsena tse kang kolobetso, le letlotlo, li tlameha ho etsoa ka tempeleng bakeng sa ba seng ba faletse ba sa fumana evangeli. U ka khutlela tempeleng ho etsa lits´ebeletso bakeng sa ba lelepa la hau ba seng ba hlokahetse.

Hatisa