2023
Bafu Ba Tla Ema Kapel´a Molimo
Ts´itoe 2023


“Bafu Ba Tla Ema Kapel´a Molimo,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Ts´itoe 2023.

Molaetsa oa Khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea Bacha Ts´itoe 2023

Bafu Batla Ema kapel′a Molimo

Ts´enolelong ea hae, Johanne o ile a bona Kahlolo ea Ho Qetela.

Setśoantśo
Jesu Kreste

O Tla Hape Ho Busa le Ho Rena, ka Mary Sauer

bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba ema kapel´a Molimo

Matla a ho Tsoha bafung ha Jesu Kreste ho tlisa batho bohle ponts´eng ea Molimo ho ahloloa (bona Alma 11:42-44; 33:22; 40:21; Helamene 14:15-17; Mormone 9:13-14).

libuka li ile tsa phetloa

Libuka tsena li emetse litlaleho tse neng li bolokiloe lefats´eng tsa lintho tseo batho ba li entseng lefats´eng ho latela tsela ea selekane (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 128:7).

buka ea bophelo

“Ka mantsoe a bonolo, Buka ea Bophelo ke kakaretso ea menahano le liketso tsa motho—tlaleho ea bophelo ba hae. Leha ho le joalo, mangolo a halalelang a hlalosa litlaleho tsa ba ts´epahetseng, ho kenyeletsa mabitso a bona le liketsahalo tse lokileng tsa bona” (Tataiso ea Mangolo a Halalelang, “Buka ea Bophelo,”

ba ahloloa

Kahlolo ea Ho Qetela e tla kamor´a tsoho ea bafu. Jesu Kreste e tla ba eena Moahloli oa motho ka mong. Kahlolo ena e tla etsa qeto ea hore na motho ka mong o tla fumana khanya ea bosafeleng e feng. (Bona Tataiso ea Mangolo a Halalelang, “Kahlolo ea Ho Qetela,” scriptures.ChurchofJesusChrist.org; Alma 41:3-5; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 88:26-32.)

ho latela mesebetsi ea bona

Motho ka mong o tla ahloloa ho latela seo a se entseng le seo a se lakalitseng (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 137:9). Ba tla ahloloa ka hore na ba ile ba mamela litaelo tsa Molimo le hore na ba entse ho latela khanya le ´nete tseo ba li fumaneng bophelong ba bona.

Hatisa