Liahona
Mosebetsi oa Morena o Moholo le Monyetla oa Rona o Moholo
Phupu 2024


“Mosebetsi oa Morena o Moholo le Monyetla oa Rona o Moholo” Liahona, Phupu 2024.

Molaetsa oa Khoeli Liahona Phupu 2024.

Mosebetsi oa Morena o Moholo le Monyetla oa Rona o Moholo

Ha re rata, re arolelana, ´me re mema, re mosebetsing le Morena ho thusa moea o mong le o mong o khabane ho tla ho Eena.

Setśoantśo
basali ba babeli ba tsamaea ba ntse ba bua

Moporofeta e mong le e mong oa nako ena ea ho qetela, o rutile litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno, ho arolelana evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste. Bophelong baka, mehlala e ´maloa e tla mohopolong oaka:

Mookameli David O. McKay (1873–1970), moporofeta oa bocheng baka, o ile a re “Litho tsohle ke barumuoa ba boruti lichabeng.”

Mookameli Spencer W. Kimball (1895–1985) o rutile, “Letsatsi la ho isa evangeli libakeng tse ngata le bathong ba bangata ke lena le hona joale,” ´me “re tlameha ho sebetsa ka thata” ho arolelana evangeli le ba bang.

Mookameli Gordon B. Hinckley (1910–2008) o itse: “Mosebetsi oa rona ke o moholo, boikarabello ba rona ke bo matla ho thuseng ho batla bao re ka ba rutang. Morena o behile ho rona taelo ea ho ruta ka evangeli ho batho bohle. Sena se tla hloka boikitlaetso [ba rona] bo matla.”

Mookameli Russell M. Nelson o rutile: “ Mosebetsi oa borutuoa lichabeng ke karolo ea bohlokoa ea ho bokella Israele. Pokello eo ke mosebetsi oa bohlokoahali o ntseng o tsoelapele lefats´eng hona joale. Ha ho o bapisoang le oona ka boholo. Ha ho o bapisoang le oona ka bohlokoa. Barumuoa ba boruti lichabeng ba Morena—Barutuoa ba Hae—ba phathahane ke qholotso e kholohali, sesosa se seholohali, mosebetsi o moholo ka ho fetisisa lefats´eng kajeno.”

Ke tsebile sena ha ke le morumuoa oa boruti lichabeng ea monyenyane Borumuoeng ba Boruti ba Borithani. Ke na le bonnete ba seo haholo kajeno. Joaloka Moapostola oa Morena Jesu Kreste, ke tiisa hore menyetla e hohle ho thusa ba bang ho tla ho Kreste ka ho ba bonts´a lerato, ho arolelana tumelo ea rona le ho ba memela ho utloa monate oa evangeli ea Jesu Kreste.

Mosebetsi o Tsoela-Pele

Ke bile lehlohonolo ho ba mosebetsing oa Lekala ka Kereke la Borumuoa ba Boruti Lichabeng ha khatiso ea pele ea Ruta Evengli Eaka ha e ne e hlahisoa ka 2004, le hape ha khatiso ea bobeli e tsoa ka 2023. Ke lumela hore Ruta Evangeli Eaka e hlohonolofalitse mosebetsi oa borumuoa ba boruti lichabeng ka tsela e hlollang.

E ncha Ruta Evangeli Eaka e kenyeletsa lintho tsohle tseo re ithutileng tsona ho tloha 2004, tataiso e susumelitsoeng ho tsoa ho litho tsohle tsa Boetapele ba Pele le Lekhotla la Baapostola ba Leshome le Metso e Meli le liphetoho tse entsoeng bakeng sa ho arolelana evangeli mehleng ena ea digitale. Tse ling tsa liphetoho tsena li tlisitse katleho e kholo.

Re fumane hore ho arolelana evangeli ka mokhoa o bonolo, o tloaelehileng oa tlholeho ka melao-theo ea “lerato, ho arolelana, ho mema” ho hlohonolofatsa ´muso haholo. Jesu Kreste o ile a arolelana evangeli ka mokhoa ona ha a ne a phela lefats´eng. O ile a arolelana bophelo ba Hae le lerato la Hae ´me a mema batho ho tla ho Eena (bona Mattheu 11:28). Ho rata, ho arolelana le ho mema joaloka ha a entse ke lehlohonolo le ikhethileng ´me ke boikarabello ba litho tsohle tsa Kereke.

Qala ka Lerato

Ts´imong ea Gethsemane le sefapanong, Jesu Kreste o ile a inkela ho Eena libe tsa lefats´e ´me a mamella mahlomola, “mahloko le masoabi le liteko tsa mefuta eohle” (Alma 7:11). Sena se “[Mo] baketse, … ea fetang tsohle, ho thothomela ka lebaka la bohloko, le ho tsoa mali masojoaneng ohle a ′mele oa Hae” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:18). Ka Topollo ea Hae le Tsoho bafung, Jesu Kreste o entse hore poloko le phahamiso e be lintho tse ka etsahalang bakeng sa bohle.

Ho sheba ho Mopholosi le ho nahanisa ka tsohle tseo A re etselitseng tsona ho bopa kahare ho rona pelo e tletseng ka lerato ho Eena. Hape o khutlisetsa lipelo tsa rona ho ba bang ′me o laela hore re ba rate (bona Johanne 13:34-35) le ho arolelana ka Evangeli ea Hae le bona (bona Mattheu 28:19; Mareka 16:15). Haeba ba re potileng ba ka utloa hore re ba rata e le kannete le ho ba tsotella, ba ka ´na ba bula lipelo tsa bona bakeng sa molaetsa oa rona joaloka ha Morena Lamoni a ile a bula pelo ea hae ho amohela evangeli ka lebaka la lerato la Ammone le bosebeletsi ba hae (bona Alma 17–19).

Ha re arolelana evangeli, ha re qaleng ka lerato. Ha re hloela ba bang ka lerato—re ntse re hopola hore ke bana ba bo rona le hore ke bana ba ratehang ba Ntat´a rona ea Maholimong–menyetla e tla buleha bakeng sa hore re arolelane ka seo re tsebang e le ´nete.

Ithukhubetse Ka Matla ´Me U Arolelane

Ha ho ea kileng a ba le sepheeo sa ho arolelana evangeli ho feta Mookameli M. Russell Ballard (1928–2023). Puong ea hae ea o qetela ea seboka se akaretsang, o ile a tiisa, “E ´ngoe ea lintho tse tlotlehang tse ntle haholo tseo motho lefats´eng lena a ka li tsebang ke hore Ntat´a rona ea Maholimong le Morena Jesu Kreste ba ile ba itlhahisa matsatsing a mehla ea kajeno le hore Joseph [Smith] o ile a holisetsoa ho tsosolosa evangeli e phethahetseng e sa feleng ea Jesu Kreste.”

Bophelong ba hae, le libakeng tse ngata lefatseng, Mookameli Ballard o ile a ithukhubetsa ho arolelana molaetsa oa hae o motle le batho bohle. O re khothalelitse ho etsa se ts´oanang. O rutile hore re arolelane evangeli “ka ho ba baahisane ba lokileng le ho tsotella le ho bonts´a lerato.” Ka ho etsa joalo, re “khants´etsa evangeli bophelong ba rona, le … ho khants´etsa ho ba bang lihlohonolofatso tseo evangeli e fanang ka tsona.” Re boetse re “fana ka bopaki ba seo [re] se tsebang le ho se lumela le seo re [se] utloang”. Mookameli Ballard o rutile, “bokapi bo hloekeileng … bo ka tlisoa ke matla a Moea o Halalelang lipelong tsa ba bang ba emetseng ho bo amohela.”

Ho arolelana evangeli e tsosolositsoeng ea Jesu Kreste e ne e le takatso e kholohali ea pelo ea Mookameli Ballard. Re ka ithukhubetsa le rona—joaloka eena—ho arolelana evangeli ka mantsoe le ka liketso. Re ka se tsebe na har´a rona ke mang ea ntseng a batlana le khanya ea evangeli empa a sa tsebe na o e fumana kae (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 123:12).

Setśoantśo
banna ba babeli ba hloa litepesi

Etsa Limemo tse Tsoang Pelong

Ka ho thusa ba bang ho tla ho Kreste, re ba memela ho utloa monate o tlisoang ke Mopholosi le evangeli ea Hae. Re ka ba memela ho ketsahalo, ho bala Buka ea Mormone, kapa ho kopana le barumuoa ba boruti lichabeng. Hape re ka etsa memo e tsoang pelong hore ba tle kopanong ea selallo le rona.

Re kena kopanong ea selallo beke le beke ho “rorisa Molimo le ho ja selallo ho hopola Jesu Kreste le Topollo ea Hae.” Ena ke nako ea batho ea ho utloa Moea, ho atamela ho Mopholosi, le ho ntlafatsa tumelo ea bona ho Eena.

Ha re ntse re batla litsela tsa ho rata, ho arolelana le ho mema, morero le boiteko ba rona bo lokela ho kenyeletsa ho thusa batho ho ea kopanong ea selallo. Haeba ba amohela memo ea rona ′me ba tla kopanong ea selallo, menyetla ea hore ba tsoelepele tseleng ea kolobetso le ts′okoloho e phahame. Ke lumela ka pelo eohle eaka hore katleho e kholo e tla tla ha re mema ba bang ho ea kopanong ea selallo me re ba thusa ho lemoha litlhohonolofatso tseo ba ka li fumanang ka ho etsa seo.

Morena O Tla Re Tataisa

Re ke ke ra tseba likatleho le liqholotso tseo re tla ba le tsona ha re rata, re arolelana, le ho mema. Bara ba Mosaia “ba ile ba tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, le ho tloha ntlong ea thapelo ho ea ho e ’ngoe, … har´a Ba-Lamane ho ruta le ho rera ka lentsoe la Molimo har´a bona; ’me ke joana ba ileng ba qala ho fumana katleho e kholo.” Ka boiteko ba bona, liketekete li ile tsa tlisoa tsebong ea Morena, ’me bongata ba sokolohetse …[′me] ha ba ea ka ba hlola ba oela.(Alma 23:4–6).

Leha sena e ke ke ea eba boiphihlelo ba rona kamehla, Morena o ts´episitse hore O tla ba le rona mosebetsing oona hobane moea o mong le o mong o bohlokoa ho Eena. Ha re beha ts´epo ea rona ho Morena ´me re ithukhubetsa mosebetsing oa Hae, O tla re tataisa hore na re arolelane evangeli ea Hae joang le ba bang ka ho ba rata, ho arolelana bophelo le bopaki ba rona le bona, le ho ba memela ho ba le rona ho Mo latela.

“Thabo ea rona e tla ba e kholo ” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 18:15) ha re nka menyetla e re potileng ho thusa Morena Jesu Kreste mosebetsing oa Hae o moholo oa ho tlisa meea ho Eena.

Ntlha

  1. Teachings of Presidents of the Church: David O. McKay (2003), xxii.

  2. Teachings of Presidents of the Church: Spencer W. Kimball (2006), 261, 262.

  3. Gordon B. Hinckley, “Find the Lambs, Feed the Sheep,” Liahona, July 1999, 121. Molaetsa ona o fanoe ka Hlakola. 21, 1999,nakong ea phatlalatso ea sathalaete ho tsoa Salt Lake Tabernacle.

  4. Russell M. Nelson, “The Everlasting Covenant,” Liahona, Oct. 2022, 9.

  5. M. Russell Ballard, “Praise to the Man,” Liahona, Nov. 2023, 74.

  6. M. Russell Ballard, “The Essential Role of Member Missionary Work,” Liahona, May 2003, 40.

  7. M. Russell Ballard, “Remember What Matters Most,” Liahona, May 2023, 107.

  8. Preach My Gospel: A Guide to Sharing the Gospel of Jesus Christ (2023), 88.

  9. Bona Ruta Evangeli Eaka, 172.

Hatisa